Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | KE SA PHELELA’NG?

Hobane ho na le Tšepo

Hobane ho na le Tšepo

“Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—PESALEME EA 37:11.

Bibele ea lumela hore bophelo ‘bo tletse likhathatso.’ (Jobo 14:1) Kajeno, motho e mong le e mong o angoa ke tlokotsi e itseng. Empa batho ba bang ba ikutloa ba feletsoe ke tšepo bophelong joalokaha eka lintho li ke ke tsa loka. Na le uena u ikutloa ka tsela eo? Haeba ho joalo, kholiseha hore Bibele e fana ka tšepo ea sebele, eseng ho uena feela empa le ho batho bohle. Ka mohlala:

  • Bibele e ruta hore Jehova Molimo o ne a rerile hore re phele hamonate.—Genese 1:28.

  • Jehova Molimo o tšepisa hore o tla fetola lefatše paradeise.—Esaia 65:21-25.

  • Tšepiso eo e tla phethahala. Tšenolo 21:3, 4 e re:

    “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”

Tšepo eo hase ntho eo re inahanelang eona feela. Jehova Molimo o rerile ho e phethahatsa ebile o na le matla le takatso ea ho etsa joalo. Tšepo eo Bibele e fanang ka eona ea tšepahala ebile e fana ka karabo e matla potsong e reng, “Ke sa Phelela’ng?”

HOPOLA: Le hoja maikutlo a hao a ka ’na a lubeha joaloka sekepe ka leoatleng le befileng, molaetsa oa Bibele oa tšepo o ka ba joaloka ankora e etsang hore u lule u tsitsitse.

SEO U KA SE ETSANG HONA JOALE: Etsa lipatlisiso ka hore na Bibele e ruta’ng ka tšepo ea sebele ea bokamoso. Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa. U ka ikopanya le tsa sebakeng sa heno kapa ua ipalla boitsebiso ba bohlokoa Websaeteng ea tsona ho jw.org/st. *

^ ser. 11 Tlhahiso: Kena ho jw.org/st ’me u shebe tlas’a LINGOLILOENG > ONLINE LIBRARY. Ka mor’a moo, batla mantsoe a kang “ho tepella maikutlo” kapa “ho ipolaea” e le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng.