TSOHA! June 2014 | Motsoalle oa Sebele ke ea Joang?

Ka masoabi, metsoalle ea sebele e ntse e haella. Na ho lokela ho be joalo? Ho theha setsoalle se tšoarellang ho akarelletsa’ng? Hlahloba melao-motheo e sebetsang ea Bibele.

Tsa Mona le Mane

Lihlooho li akarelletsa: pharela ea molao le ea boitšoaro litleliniking tsa ba hlokang thari Canada, mokhoa o thahasellisang oa ho fumana nama le manyalo a macha a batho bao eseng balumeli Ireland.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Motsoalle oa Sebele ke ea Joang?

Batho ba bangata ba nka hore ke habohlokoa ho ba le metsoalle ea sebele. U ka ba motsoalle oa sebele joang ho ba bang? Sehlooho sena se tšohla melao-motheo e mene e fumanehang ka Bibeleng.

SEO BIBELE E SE BUANG

Lefu

Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa? Na ho na le tšepo ea hore re tla ke re bone baratuoa ba rōna ba shoeleng? Fumana likarabo tse khothatsang tsa Bibele mabapi le lefu.

TSA MEHLENG EA KHALE

Joseph Priestley

Ho sa tsotellehe hore na o ne a ngola ka saense kapa ka bolumeli, Joseph Priestley o ile a hana lithuto le litloaelo ’me a batla lintlha le linnete. Bala kamoo lintho tseo a li sibolotseng le tseo a li ngotseng li bileng le tšusumetso kateng ho fihlela kajeno.

Lefu la Marenene—Na U Kotsing ea ho Tšoaroa ke Lona?

Lefu la marenene ke le leng la mafu a lehano a tloaelehileng haholo lefatšeng. Le bakoa ke’ng? U ka tseba joang hore u na le lona? Hape u ka fokotsa kotsi ea lefu la marenene joang?

SE KA THUSANG MALAPA

Litsela Tsa ho Sebelisa Chelete ka Bohlale

U se ke ua emela hore chelete ea hao e fele pele u ka hlahlobisisa tsela eo u e sebelisang ka eona. Ithute kamoo u ka laolang tsela eo u sebelisang chelete ka eona pele e tsoa taolong.

NA E ENTSOE?

Bokhoni ba Khola-bolokoe ba ho Fumana Tsela

Khola-bolokoe e sebelisa mokhoa o fe oa pono? Batho ba ka ’na ba ithuta eng mokhoeng oo?

Lintho Tse Ling Tse Hlaheletseng Inthaneteng

Seo Bacha ba se Buang ka Liselefouno

Ho bacha ba bangata selefouno ke mocha oa ho etsa metsoalle. Ho na le melemo efe le mathata a ho ba le eona?

Moshe o Hōlela Egepeta

Re ka ithuta’ng ka bophelo ba Moshe ba bongoaneng ha a sa le Egepeta? Kopitsa karolo ena ’me le e tšohle hammoho le le lelapa.