Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefu la Marenene—Na U Kotsing ea ho Tšoaroa ke Lona?

Lefu la Marenene—Na U Kotsing ea ho Tšoaroa ke Lona?

KE LE leng la mafu a lehano a tloaelehileng haholo lefatšeng. Le hoja lefu lena le ke ke la senya hakaalo ha le sa le qalong. Lefu lena le ipatileng le tsebahala e le lefu la marenene. Makasine ea International Dental Journal e thathamisitse lefu lena har’a mathata a lehano a ka bakang “bothata bo tebileng ba bophelo.” E phaella ka hore, “lefu la lehano le ka utloisa motho bohloko le ho opeloa haholo hammoho le ho thefula bokhoni ba hae ba ho ja le ho thabela bophelo.Ho buisana ka bothata bona bo atileng ho ka u thusa hore le uena u khone ho itšireletsa ho bona.

Linnete Mabapi le Lefu la Marenene

Lefu la marenene le na le mekhahlelo e fapaneng. Mokhahlelo oa pele o bitsoang gingivitis o etsa hore marenene a ruruhe. Marenene a tsoang mali e ka ’na ea e-ba letšoao la mokhahlelo ’ona. A ka ’na a tsoa nakong ea ha motho a itsukunya meno leha aa hloekisa ka khoele ea floss kapa a ka ’na a itsoela feela. Hape, ho tsoa mali nakong ea ha ho hlahlojoa meno e ka ’na ea e-ba letšoao la lefu la gingivitis.

Ha lefu la marenene le fetela mokhahlelong o latelang le bitsoa periodontitis. Mokhahlelong oona, likarolo tse ling tse tšehetsang meno tse kang lisele tsa meno le marenene li qala ho senyeha. Mofuta oona oa lefu la marenene o ka ’na oa se bontše matšoao a ’ona ho fihlela o se o keneletse hare haholo. Matšoao a mang a mokhahlelo oa periodontitis e ka ’na ea e-ba ho ba le mekoti pakeng tsa leino le marenene, meno a qekang, likheo pakeng tsa meno, lehano le nkhang le marenene aa theohang, ho bolelang hore marenene a arohana le meno ’me seo se etsa hore meno a bonahale a le malelele le marenene a tsoe mali.

Sesosa le Phello ea Lefu la Marenene

Ho na le lintho tse ’maloa tse ka eketsang menyetla ea ho tšoaroa ke lefu la marenene. Litšila tsa meno, e leng baktheria e lulang menong ke sesosa se tloaelehileng. Haeba ho sa tlosoe litšila tse lulang menong, baktheria e ka etsa hore marenene a ruruhe. Ha sena se ntse se tsoela pele, marenene a ka qala ho arohana le meno, e leng se tla lumella litšila tse nang le baktheria  hore li phaellane lipakeng tsa meno le marenene. Hang ha baktheria e se e keneletse ho fihla mona, ho ruruha ho qala ho etsa hore lisele tsa meno le tsa marenene li shoe. Litšila tsa meno e bang ke tse ka holim’a marenene kapa ke tse lipakeng tsa ’ona, li ka tiea haholo tsa etsa lek’hok’ho le thata (kapa seo hangata se tsejoang e le tartar). Lek’hok’ho lena le boetse le koahetsoe ke baktheria ’me ka lebaka la bothata ba lona le ho khomarela menong, ha ho be bonolo ho le tlosa joaloka ho tlosa litšila. Ka lebaka leo, baktheria e ka tsoela pele e senya marenene haholo.

Ho na le lintho tse ling hape tse ka eketsang menyetla ea hore u tšoaroe ke lefu la marenene. Li ka ’na tsa akarelletsa ho se hlokomele lehano hantle, meriana e thefulang tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, tšoaetso ea kokoana-hloko, khatello ea maikutlo, tsoekere e phahameng haholo, ho itlopa joala, ho tsuba koae le ho feto-fetoha ha lihormone ka lebaka la ho ima.

Liphello tsa lefu la marenene li ka u bakela mathata a itseng. Ho opeloa ke molomo kapa ho khenoha meno ka lebaka la lefu la marenene, ho ka etsa hore u thatafalloe ho hlafuna lijo le ho li thabela. Tsela eo u buang ka eona le chebahalo ea hao li ka fetoha. Hape, liphuputso li bontšitse hore ho ba le bothata ba lehano ho ka ama ’mele oa motho kaofela.

Ho Fumana Lefu Lena le Pheko ea Lona

U ka tseba joang haeba u na le lefu la marenene? U ka ’na ua bona a mang a matšoao a boletsoeng sehloohong sena. Haeba u a bona, e ka ’na ea e-ba bohlale hore u ee ngakeng ea meno, e il’o hlahloba marenene a hao.

Na lefu la marenene le ka fola? Ha le sa le mokhahlelong o qalang, le ka fola. Haeba le se le le mokhahlelong oa periodontitis, joale tharollo ke hore feela u leke ho thibela tšoaetso hore e kekele, pele e tsoela pele ho senya masapo le lisele tse potolohileng meno. Lingaka tsa meno li sebelisa thepa e khethehileng bakeng sa ho tlosa litšila tse menong le tse seng li entse lek’hok’ho le thata, tse ka holim’a marenene le tse pakeng tsa ’ona.

Esita leha e ba ha u khone ho fumana thuso ea litsebi, tsela e ’ngoe ea ho fokotsa menyetla ea ho tšoaroa ke lefu lena ke ho ipaballa. Tsela e ka sehloohong ea ho itšireletsa ho lefu la marenene ke ho hlatsoa meno ka tsela e nepahetseng ebile e le kamehla.