Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

United States

Mapolesa a mang a sebelisa theknoloji ho etsa hore ho lelekisa likoloi ho se ke ha e-ba kotsi haholo. Mokhoa o mong oo ba etsang sena ka oona, ke ho kenya likoloi tsa bona ntho e khonang ho betsa koloi e lelekisoang ka sesebelisoa sa GPS se khomarelang koloing eo ’me seo se thusa mapolesa hore a tsebe moo koloi eo e leng teng. E leng se etsang hore a se ke a lelekisa babelaelloa ka lebelo le phahameng.

India

Ho hakanngoa hore hora e ’ngoe le e ’ngoe ho bolaoa mosali a le mong ka lebaka la litsekisano tse mabapi le chelete ea bohali. Le hoja moetlo oo o sa lumelloe ke molao, ka 2012 ho ile ha bolaoa basali ba fetang 8 200, ka lebaka la hore monna kapa ba habo ba ne ba lumela hore chelete eo ba habo mosali ba e lefileng e ne e le nyane.

Switzerland

Mahaqasi a mehatla e melelele a mararo a ile a kenngoa lisensara tse nyenyane moo a ileng a tsoalla teng ’me lisensara tseo li ile tsa bontša hore linonyana tsena li ile tsa fofa ka matsatsi a fetang a 200 li sa khaotse, ha li ne li fallela Afrika. Nakong e fetileng ho ile ha tlalehoa hore sena se ne se etsoa ke liphoofolo tse phelang metsing feela.

Lenakeng la Afrika

Ho tloha ka April 2005 ho ea ho December 2012, masholu a maoatleng a ile a koetela likepe tse 179, lebōpong le Lenakeng la Afrika. Tlaleho ea World Bank e bolela hore ka lebaka la liketso tseo tsa tlōlo ea molao, masholu ao a ile a fumana chelete e etsang liranta tse libilione tse 4 ha a lokolla likepe tseo.