Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

U ka Hlōla Teko ea ho Kopanela Liphate Joang?

U ka Hlōla Teko ea ho Kopanela Liphate Joang?

BOTHATA

“Ka linako tse ling banana ba batla linomoro tsa ka tsa selefouno e le hore ba nkōpe hore ke robale le bona. Ebe kea hana ’me ke tloha pel’a bona. Empa ke lula ke ipotsa, ‘Ho ne ho tla etsahala’ng ha ke ne ke mo file? ’Nete ke hore ba bang ba banana bao ba batle ’me ha ho bonolo hore ke hane ha ba nkōpa linomoro tsa founo.”—Carlos, * ea lilemo li 16.

Na le uena joaloka Carlos u lula u kopana le liteko? Haeba ho joalo, u ka khona ho li hlōla.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

U tla ikutloisa bohloko haeba u inehela tekong ea ho kopanela liphate

E mong le e mong o kotsing ea ho oela tekong—esita le batho ba baholo. Liteko li ka tla ka litsela tse fapaneng. Moapostola Pauluse o ne a se a hōlile ha a ne a re: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo . . . empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” (Baroma 7:22, 23) Ho sa tsotellehe khatello, Pauluse ha aa ka a inehela—le uena u ka khona! Ha ho hlokahale hore u be lekhoba la litakatso tsa hao. (1 Bakorinthe 9:27) Ho ithuta ho hlōla liteko hona joale ha u sa ntse u le mocha, ho tla etsa hore u se ke ua ba le matšoenyeho a mangata ’me ho tla u thusa leha u se u hōlile.

Mecha ea phatlalatso e re thatafalletsa ho hlōla teko ea ho kopanela liphate. Bibele e bua ka ‘litakatso tsa bocha’ tse seng li ntse li le matla haholo. (2 Timothea 2:22) Empa lifilimi, thelevishene, ’mino le libuka tse ngolletsoeng bacha hangata li etsa hore litakatso tseo li be matla le ho feta, kaha li etsa hore bacha ba nahane hore ho tloaelehile ho inehela tekong ea ho kopanela liphate. Ka mohlala, haeba batho ba babeli filiming ba ‘ratana,’ hoa tsebahala hore ba tla qetella ba kopanetse liphate ha filimi e ntse e tsoela pele. Leha ho le joalo, Bibele e re banna le basali ba sebele ba na le matla a ho tsoela pele ba ‘ila litakatso tsa nama.’ (1 Petrose 2:11) Seo se bolela hore ha u batla, u ka hlōla teko ea ho kopanela liphate. Empa joang?

 SEO U KA SE ETSANG

Tseba mefokolo ea hao. Ketane e ka khaoha habobebe moo e sa tieang hantle. Ka ho tšoanang, haeba ho e-na le moo u fokolang teng, u ka ’na ua se ke ua khona ho etsa se nepahetseng. Ipotse: ‘Ke fokola hokae?’—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 1:14.

Nahana esale pele ka maemo a ka ’nang a u beha tekong. Nahana ka maemo a ka ’nang a etsa hore u tobane le teko ea ho kopanela liphate. Itlhakise hore na u tla etsa’ng ha teko eo e hlaha.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 22:3.

U se ke ua sutha ho seo u se lumelang. Bibele e re ha Josefa a ne a tobane le teko ea ho kopanela liphate, o ile a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” (Genese 39:9) Poleloana e reng ‘Nka etsa joang’ e bontša hore Josefa o ne a sa suthe ho seo a neng a lumela hore se nepahetse kapa se fosahetse. Na le uena u etsa se tšoanang?

Batla metsoalle e tla u tšehetsa. Ho ba le metsoalle e lumelang seo u se lumelang ho ka u thusa hore u hlōle teko ea ho kopanela liphate. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.

Qoba maemo a ka etsang hore ho be thata ho hlōla liteko. Ka mohlala:

  • U se ke ua ba mong le motho oa bong bo fapaneng.

  • Qoba ho sebelisa Inthanete ka nako kapa sebakeng se ka etsang hore u lekehe ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate.

  • U se ke ua etsa setsoalle le batho bao lipuo tsa bona le boitšoaro ba bona bo etsang hore lintho tse fosahetseng li bonahale li nepahetse.

Ke melao efe eo u ka ipehelang eona e ka u thusang hore u se ke ua oela tekong?—Molao-motheo oa Bibele 2 Timothea 2:22.

Kōpa thuso ho Jehova. Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le rapele le sa khaotse, e le hore le se ke la kena molekong.” (Matheu 26:41) ’Nete ke hore, Jehova Molimo o batla hore u hlōle teko ea ho kopanela liphate ebile o batla ho u thusa. Bibele e re: “A ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.”—1 Bakorinthe 10:13.

^ ser. 4 Lebitso le fetotsoe.