Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Ile ka Fumana Tšepo ha ke ne ke e Hloka Haholo

Ke Ile ka Fumana Tšepo ha ke ne ke e Hloka Haholo

Ke ile ka iphumana ke paqame ka mpa ka metsing. Eaba ke leka ho phahamisa hlooho e le hore ke khone ho hema empa mesifa ea ka e ne e sataletse. Ke ne ke tšohile eaba ke leka ho phethoha, empa matsoho le maoto a ka a ne a sa sisinyehe. Metsi a ile a qala ho kena ka matšoafong. Lehlabuleng leo la selemo sa 1991, bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka ho feletseng.

KE HLAHETSE motseng oa Szerencs ’me ka hōlela motsaneng oa Tiszaladány, o neng o le ka leboea-bochabela ho Hungary. Ka June 1991, ’na le metsoalle ea ka re ile ra ea sesetsa sebakeng seo re neng re sa se tloaela, Nōkeng ea Tisza. Kaha ke ne ke nahana hore metsi a tebile, ke ile ka itahlela ka hare. Eo e ne e le phoso e khōlō! Ke ile ka robeha masapo a mararo molaleng ’me mothapo oa mokokotlo oa ka o ile oa lemala. Ha motsoalle oa ka a hlokomela hore ha ke sisinyehe, o ile a mphahamisa ka hloko e le hore ke se ke ka khangoa ke metsi.

Ke ile ka lula ke hlaphohetsoe ’me ke ile ka hlokomela hore ho na le ntho e phoso. Ho na le motho ea ileng a founela sepetlele ’me helikopthara e ile ea fihla eaba ke ea sepetlele moo lingaka li ileng tsa leka ho tiisa masapo a mokokotlo. Hamorao ke ile ka isoa motse-moholo Budapest, e le hore ke fumane phekolo. Ke ile ka qeta likhoeli tse tharo ke robetse ka mokokotlo. Le hoja ke ne ke khona ho sisinya hlooho, ke ne ke sa ikutloe ho tloha mahetleng ho ea tlaase. Ke ne ke le lilemo li 20 feela ’me ke ne ke se ke sa khone ho iketsetsa letho. Ke ne ke nyahame hoo ke neng ke batla le ho shoa.

Qetellong ke ile ka ea lapeng ’me batsoali ba ka ba ile ba fumana koetliso e le hore ba khone ho ntlhokomela. Empa ba ne ba imetsoe hoo ba ileng ba tepella ’meleng le maikutlong ’me ka mor’a nako e ka etsang selemo, ke ile ka ba le khatello ea maikutlo. Ka nako eo, ke ile ka fumana thuso ea lingaka tsa kelello ’me seo se ile sa nthusa hore ke fetole tsela eo ke talimang bokooa ba ka ka eona.

Ke ile ka qala ho nahana ka botebo ka bophelo. Na bo na le morero? Ke hobane’ng ha ke ile ka hlaheloa ke ntho e bohloko hakaale? Ke ile ka batla likarabo limakasineng le libukeng. Ke ile ka boela ka bala le Bibele, empa ke ne ke sa e utloisise eaba ke khaotsa ho e bala. Ke ile ka ba ka bua le moruti, empa lintho tseo a neng a li bua ha lia ka tsa nkhotsofatsa.

Ka 1994, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa etela Ntate eaba o li kōpa hore li buisane le ’na. Ke ile ka mamela ha li ntse li ntlhalosetsa hore Molimo o rerile ho etsa lefatše paradeise le ho felisa ho kula le mahlomola. Tseo e ne e le litaba tse monate, empa ke ne ke ntse ke belaela. Ho ntse ho le joalo, ke ile ka amohela libuka tse peli tse neng li sebelisoa ho ithuta Bibele. Ka mor’a hore ke bale libuka tseo, Lipaki tseo li ile tsa kōpa ho ithuta Bibele le ’na ’me ke ile ka lumela. Li ile tsa boela tsa nkhothalletsa ho rapela.

Ke ile ka kholiseha hore ka sebele Molimo oa ntsotella

Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta, lipotso tsa ka li ile tsa arajoa ka ho toba ho tsoa ka Bibeleng. Ke ile ka kholiseha hore ka sebele Molimo oa ntsotella. Qetellong, ka la 13 September, 1997, ka mor’a hore ke qete lilemo tse peli ke ithuta Bibele, ke ile ka kolobelletsoa lapeng ka bateng. Leo e ne e le le leng la matsatsi a thabisang haholo bophelong ba ka.

Ka 2007, ke ile ka isoa Budapest ’me ka lula lehaeng la batho ba holofetseng. Sena se mphile menyetla e mengata ea ho buisana le batho ba bang ka lintho tse hlollang tseo ke ithutileng tsona. Ha boemo ba leholimo bo le botle, ke khona ho ea kantle e le hore ke buisane le batho ’me ke thusoa ke setulo sa likooa seo ke se khannang ka selelu.

Lelapa le leng phuthehong ea heso le ile la nthekela k’homphieutha ea laptop, eo ke e sebelisang ka ho sisinya hlooho. K’homphieutha ena e nthusa hore ke founele batho ke sebelisa Inthanete le ho ngolla batho ba neng ba le sieo lapeng mangolo, ha litho tsa phutheho li ne li ba etetse. Ho thusa batho ka tsela ena, ho entse hore ke ntlafatse mokhoa oa ka oa ho buisana le batho ’me seo se nthusa hore ke se ke ka lula ke nahana ka mathata a ka.

Ke bolella batho ba bang molaetsa oa Bibele ka Inthanete ka k’homphieutha eo ke e sebelisang ka ho sisinya hlooho

Ke khona le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ha ke fihla Holong ea ’Muso, balumeli-’moho le ’na ba kakasa setulo sa ka e le hore ke khone ho kena ka holong. Nakong ea liboka, ha ho arabeloa, mor’abo rōna ea lutseng pel’a ka o phahamisa letsoho bakeng sa ka. Ebe o ntšoarela Bibele kapa sengoliloeng se ithutoang ha ke ntse ke arabela.

Ke lula ke opeloa ’me ke itšetlehile ka batho hore ba nketsetse hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Kahoo ka linako tse ling kea nyahama. Leha ho le joalo, ke tšelisoa ke hore ke na le kamano le Jehova Molimo kaha kea tseba hore oa ’mamela ha ke mo bolella matšoenyeho a ka. Ke boetse ke matlafatsoa ke ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ke balumeli-’moho le ’na. Botsoalle ba bona, tšehetso ea bona le lithapelo tsa bona li etsa hore ke lule ke tsitsitse kelellong le maikutlong.

Jehova o ile a mpha matšeliso ha ke ne ke a hloka haholo. O ile a boela a mpha tšepo ea ho ba le bophelo bo phethahetseng lefatšeng le lecha. Ke kahoo ke labalabelang nako eo ke tla ‘tsamaea ke tlōle ke be ke mo rorise’ ka lebaka la lerato le mosa oa hae o hlollang.—Liketso 3:6-9.