Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ha ke Lumelle Boloetse ba ka ho ’Nyahamisa”

“Ha ke Lumelle Boloetse ba ka ho ’Nyahamisa”

“Ke ne ke hloka motho ea nthusang ho kena likobong le ho tsoa. Ke ne ke opeloa ha ke tsamaea. Qoqotho ea ka e ile ea koaleha ’me ke ne ke sa khone ho koenya lipilisi. Ke ile ka tsoa liso tse neng li sa fole ’me hamorao tse ling li ile tsa petla. Ke ne ke e-na le liso ka mpeng le lesokolla le bohloko. Ke ne ke sa utloisise hore na ho etsahala’ng ka ’na. Ke ne ke le lilemo li leshome feela.”—Elisa.

Elisa o thabela ho ruta batho ba bang Bibele le hoja a kula

SCLERODERMA—e leng lentsoe le bolelang “letlalo le thata”—le sebelisoa ho hlalosa maloetse a tšoarang batho ba ka bang limilione tse peli le halofo lefatšeng ka bophara. Mofuta oo hangata o tšoarang bana o bitsoa localized scleroderma, ’me o akarelletsa ho thatafala ha lisele tsa letlalo.

Empa, ha Elisa a le lilemo li leshome, lingaka li ile tsa fumana hore o na le systemic scleroderma—e leng boloetse bo sa ameng letlalo feela empa bo ama le tsela eo likahare tsa motho li sebetsang ka eona, tse akarelletsang liphio, pelo, matšoafo le tselana ea mala. Lingaka li ne li nahana hore phekolo eo li mo fang eona e ne e tla lelefatsa bophelo ba hae ka lilemo tse hlano feela. Hona joale ho se ho fetile lilemo tse 14 ’me Elisa o ntse a phela. Le hoja a sa fola, o leka ho lula a thabile. Tsoha! e ile ea buisana le Elisa ka boloetse ba hae le hore na ke’ng e etsang hore a ’ne a mamelle.

U hlokometse neng hore ua kula?

Ha ke ne ke le lilemo li robong, ke ile ka ba le leqeba setsoeng ’me le ne le le bohloko haholo. Leqeba leo le ile la hōla ’me le ne le sa fole. Ha ho etsoa liteko tsa mali, ho ile ha fumanoa hore ke na le systemic scleroderma. Re ile ra tlameha ho batla ngaka e nang le phihlelo ea ho sebetsana le lefu lena kaha ke ne ke se ke fokola haholo.

Na le ile la e fumana?

Re ile ra fumana ngaka ea masapo le manonyeletso. E ile ea bolella batsoali ba ka hore chemotherapy e ne e tla fokotsa bohloko ba scleroderma ’me e lelefatse bophelo ba ka ka lilemo tse hlano, ka tšepo ea hore boloetse ba ka bo ka ’na ba kokobela. Leha ho le joalo, bothata ba chemotherapy ke hore e ne e tla fokolisa masole a ka a ’mele hoo le ho tšoaroa ke sefuba feela ho neng ho ka mpolaea.

Re thabela ho bona hore seo ha sea ka sa etsahala.

E—kannete ke ’na enoa ke ntse ke phela! Empa, ha ke le lilemo li ka bang 12, ke ile ka qala ho ba le mahlaba ka sefubeng a neng a nka metsotso e ka bang 30 ’me ka linako tse ling a ne a ntšoara habeli ka letsatsi. A ne a le bohloko hoo ke neng ke lla.

A ne a bakoa ke’ng?

Lingaka li ile tsa fumana hore lisele tsa ka tsa mali li tlaase haholo ’me pelo ea ka e ne e sebetsa ka thata ho pompela mali bokong. Bothata bona bo ile ba bonahala ka mor’a libeke tse seng kae ke ntse ke phekoloa. Empa ka nako eo ke hopola ke itjoetsa hore ho ka ’na ha etsahala eng kapa eng ka nako leha e le efe. Ke ile ka felloa ke tšepo ho feta leha e le neng pele, joalokaha eka ha ke khone ho laola eng kapa eng e etsahalang ’meleng oa ka.

Ho se ho fetile lilemo tse 14 haesale ho fumanoa hore na u tšoeroe ke’ng. Hona joale u ikutloa joang?

Ke ntse ke opeloa ’me ke na le maloetse a mang a amanang le scleroderma. ’Ona a akarelletsa liso tsa ka maleng, ho ruruha ha matšoafo le lesokolla le bohloko. Ho ntse ho le joalo, ha ke lumelle boloetse ba ka ho ’nyahamisa kapa hona hore ke senye nako ke hloname. Ke phathahane ka lintho tse ling.

Tse kang life?

Ke rata ho taka, ho rōka liphahlo le ho etsa masale le lifaha. Empa kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo ke ratang ho o etsa ke oa ho ruta batho Bibele. Esita leha ke sa khone ho ea matlong a batho, ke thusa Lipaki tse ling ho ruta batho ba lulang haufi le moo ke lulang teng Bibele. Ke ile ka ba ka fumana batho bao ke ithutang Bibele le bona. Mosebetsi ona o etsa hore bophelo ba ka bo be le morero.

Ke hobane’ng ha u etsa mosebetsi ona le hoja u e-na le mathata?

Kea tseba hore molaetsa oo ke u fang batho ke oa bohlokoa ebile o tla ba tsoela molemo. Ntle ho moo, kea thaba ha ke phathahana ka ho thusa batho ka tsela ena. Ke bile ke ikutloa ke phetse hantle le ho feta! Ka nakoana eo, kea lebala le hore kea kula.

Bibele e u thusa joang hore u se ke ua lula u nyahame?

Ea nkhopotsa hore bohloko ba ka—le bohloko ba batho ba bang—ke ba nakoana feela. Tšenolo 21:4 e re ka nako ea hae e loketseng, Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ho nahana ka litemana tse kang ena ho matlafatsa tumelo ea ka tšepisong ea Molimo ea bokamoso bo chabileng—eseng bakeng sa batho ba nang le maloetse a sa phekoleheng feela empa le bakeng sa batho bohle.