Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Nka Etsa’ng Haeba ke Kula? (Karolo ea 1)

Nka Etsa’ng Haeba ke Kula? (Karolo ea 1)

 Na ho na le mocha eo u mo tsebang ea tšoeroeng ke lefu le sa foleng? Na u na le boloetse kapa bokooa bo u sitisang ho etsa lintho tseo lithaka tsa hao li thabelang ho li etsa?

 Haeba ho joalo, ke ha tlhaho hore u ikutloe u nyahame ka linako tse ling. Leha ho le joalo, Bibele e na le lintlha tse peli tse khothatsang haholo.

  •   ’Mōpi oa hao, e leng Jehova Molimo o tseba boemo ba hao. Ho feta moo, ‘oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.

  •   Jehova Molimo o rerile ho phekola mafu ’ohle! U ka bala ka seo ka Bibeleng ho Esaia 33:24 le Tšenolo 21:1-4.

 Bacha ba bangata ba tšoeroeng ke lefu le sa foleng, ba fumane hore ho ba le tumelo ho Molimo le ho lumela hore o tla phethahatsa lintho tseo a li tšepisitseng, hoa ba matlafatsa. Nahana ka mehlala e mene.

 YEIMY

 Ha ke le lilemo li 11, ke ne ke se ke hloka setulo sa likooa. Ke sitoa ho etsa lintho tse bonolo, tse kang ho phahamisa lintho tse bobebe.

 Ha ke le lilemo li hlano, lingaka li ile tsa fumana hore ke na le lefu le senyang mesifa, e leng lefu le holofatsang le ntšitisang ho etsa lintho tse ngata. Ka linako tse ling, kea nyahama hobane ke sitoa ho etsa lintho tseo lithaka tsa ka li khonang ho li etsa. Empa batsoali ba ka le batho bao ke leng phuthehong e le ’ngoe le bona, ba nthusa ka lintho tseo ke li hlokang ’meleng, maikutlong le moeeng. Ke qeta nako e ngata ke bolela litaba tse molemo, ’me Bakreste-’moho le ’na ba tsamaea le ’na ha ke il’o ithuta Bibele le batho ba thabelang ho ithuta.

 Jesu o itse letsatsi ka leng le na le matšoenyeho a lona. (Matheu 6:34) Kahoo, ke leka hore ke se ke ka ikhahlapetsa le ho rera ho finyella lintho tseo nka li khonang. Ke lebeletse ka tjantjello hore lefatše le lecha la Molimo le fihle moo ke tla khona ho phela “bophelo ba sebele,” bo tla beng bo se na ho kula hona ho ntepeletsang.—1 Timothea 6:19.

Seo u ka nahanang ka sona: Yeimy o bona ho le molemo “ho rera ho finyella lintho tseo a ka li khonang.” U ka mo etsisa joang?—1 Bakorinthe 9:26.

 MATTEO

 Ke ile ka qala ho opeloa ke mokokotlo ha ke le lilemo li tšeletseng, ’me qalong lingaka li ne li re empa feela e le bohloko bo bakoang ke ho hōla. Leha ho le joalo, selemo hamorao li ile tsa fumana hore ke na le hlahala ho theosa le lesapo la mokokotlo.

 Ke ile ka etsoa opereishene, empa ngaka e neng e mpuoa e ile ea atleha ho tlosa liphesente tse 40 feela tsa hlahala eo. Kahoo, ka mor’a likhoeli tse peli hlahala eo e ne e se e le khōlō hape! Ho tloha ka nako eo, ke ’nile ka etsoa litlhahlobo tse ngata, ka phekoloa ka mekhoa e mengata le ho soetseha hangata.

 Ka linako tse ling, hlahala ena e etsa hore ke utloe bohloko boo ekang ke hlajoa ke linale hohle mona, haholo-holo ka mokokotlong le ka sefubeng. Ho ntse ho le joalo, ha ke itumelle hore ke nyahamisoe ke boemo bona ba ka. Ke lula ke ikhopotsa hore batho ba bang le bona ba ’nile ba mamella lintho tse bohloko, empa ba ’na ba lula ba e-na le tšepo. Ntho e ka sehloohong e nthusitseng hore ke lule ke e-na le tšepo, ke ho kholiseha hore ka letsatsi le leng Jehova Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho felisa bohloko bohle.—Tšenolo 21:4.

Seo u ka nahanang ka sona: Ho nahana ka tšepiso ea Molimo ea ho felisa bohloko, ho ka u thusa joang hore u mamelle joalokaha ho ile ha thusa Matteo?—Esaia 65:17.

 BRUNA

 Kaha ha ke bonahale hore kea kula, batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore ke mpa ke le botsoa. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ke thatafalloa ho etsa lintho tse kang mesebetsi ea ka tlung, ho bala kapa esita le ho tsoha betheng feela.

 Ha ke le lilemo li 16, lingaka li ile tsa fumana hore ke na le lefu la ho satalla mesifa, ke lefu le fokolisang le le sa foleng ’me le amme bokhoni ba ka ba ho sebetsa le ho etsa mesebetsi ea Bokreste ka tsela eo ke neng nka thabela ho e etsa ka eona. Ke ne ke bala lengolo la 1 Petrose 5:7 khafetsa, le reng: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho Molimo, hobane oa le tsotella.’ Ho hopola hore Jehova o tsotella e mong le e mong oa rōna, ho ntse ho ’matlafatsa le kajeno.

Seo u ka nahanang ka sona: U ka rua molemo joang ha u lahlela matšoenyeho a hao ho Jehova, joaloka Bruna?—Pesaleme ea 55:22.

 ANDRÉ

 Batho ba bang ba ntšoara joalokaha eka ke ngoana ea lilemo li leshome. Leha ho le joalo, ha ke ba tšoaee phoso hobane ke shebahala joaloka ngoana.

 Ha ke le lilemo li peli, lingaka li ile tsa fumana hore ke na le kankere e sa tloaelehang e qalileng lesapong la mokokotlo ’me ea fetela bokong. Li ile tsa atleha ho e laola, empa phekolo eo li neng li mpha eona, e ile ea ama tsela eo ke hōlang ka eona. Hona joale, ke bolelele ba limithara tse 1,37 feela. Batho ba bangata ba nahana hore kea ba thetsa ha ke ba bolella hore ke lilemo li 18!

 Ka phuthehong ea Bokreste, batho baa ntlhompha. Ha ba mpapalise joalokaha eka ke ngoana, joaloka bana bao ke neng ke kena sekolo le bona. Ke leka ho lula ke thabile. Ke etsahalletsoe ke ntho e molemo ka ho fetisa bophelong, ke tseba Jehova! Ho sa tsotellehe hore na ke lintho life tseo ke lokelang ho li mamella, ke kholisehile hore Jehova o tla ntlhokomela. Kea khothala ha ke nahana ka lefatše le lecha le babatsehang leo Jehova Molimo a re tšepisitseng lona.—Esaia 33:24.

Seo u ka nahanang ka sona: Ke hobane’ng ha ho tseba Jehova, joalokaha André a hlalosa, e le “ntho e molemo ka ho fetisisa e ka etsahallang motho”?—Johanne 17:3.