Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Nka Sebetsana le ho Tšoenyeha Joang?

Nka Sebetsana le ho Tšoenyeha Joang?

 Ke’ng e etsang hore u tšoenyehe?

 Na mantsoe a latelang a hlalosa kamoo u ikutloang kateng ka linako tse ling?

 “Ke lula ke nahana ka lintho tse mpe tse ka ’nang tsa nketsahalla. . . Mohlomong hore ke tla fumana kotsi ea koloi kapa sefofane seo ke se palameng se soahlamane. Ke tšoenyeha ka lintho tseo batho ba bang sa tšoenyeheng ka tsona.”​—Charles.

 “Ke lula ke tšoenyehile ’me sena se etsa hore ke utloe eka ke tapa-tapa nģa e le ’ngoe. Ke sebetsa ka thata ho tlōla empa ha ho seo ke se finyellang!”​—Anna.

 “Ha batho ba mpolella hore ke lehlohonolo hore ebe ke ntse ke kena sekolo, ke re ka pelong, ‘Ha ba tsebe hore na sekolo se tena hakae!’”​—Daniel.

 “Ke utloa eka ke tlas’a khatello kamehla. Ke lula ke tšoenyehile ka lintho tse tla etsahala kapa ka lintho tseo ke lokelang ho li etsa.”​—Laura.

 ’Nete ea bophelo: Re phela mehleng eo Bibele e reng ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Ka lebaka leo, ho tšoenyeha ho ka ama bacha hammoho le batho ba baholo.

 Na kamehla ho fosahetse ho tšoenyeha?

 Karabo ke che. Ha e le hantle, Bibele e re ho nepahetse hore motho a tšoenyehe ka ho thabisa batho bao a ba ratang.​—1 Bakorinthe 7:32-34; 2 Bakorinthe 11:28.

 Hape, ho bua ’nete, ho tšoenyeha ho ka re susumelletsa ho etsa lintho. Ka mohlala, a re re bekeng e tlang u tla ngola tlhahlobo ea sekolo. Ho tšoenyeha ho ka etsa hore u bale bekeng ena, ’me seo sa u thusa hore u pase!

 Ho tšoenyeha ho ka boela ha u thusa hore u hlokomele kotsi. Mocha ea bitsoang Serena o re: “U ka tšoenyeha hobane u tseba hore u etsa ntho e fosahetseng le hore u lokela ho etsa se nepahetseng e le hore u be le letsoalo le khutsitseng.”​—Bapisa le Jakobo 5:14.

 ’Nete ea bophelo: Ho tšoenyeha ho ka u thusa hafeela ho u susumeletsa hore u etse lintho tse nepahetseng.

 Empa ho thoe’ng haeba ho tšoenyeha ho etsa hore u lule u nahana ka lintho tse nyahamisang?

Ho tšoenyeha ho ka etsa hore u ikutloe eka u ka har’a maze empa motho ea nang le pono e fapaneng, a ka u thusa

 Ka mohlala: Richard ea lilemo li 19 o re: “Kea tšoenyeha ha ke nahana kamoo ketsahalo e itseng e ka fellang ka masoabi kateng. Ke lula ke nahana ka eona hoo e etsang hore ke tšoenyehe.”

 Bibele e re “pelo e nang le khotso e phelisa motho hantle.” (Liproverbia 14:30 BPN) Ka lehlakoreng le leng, ho tšoenyeha ho ka baka lintho tse bohloko tse kang, ho opeloa ke hlooho, ho tsekela, ho tšoaroa ke mala le pelo e otlang ka matla.

 U ka etsa’ng haeba ho tšoenyeha ho u kulisa ho e-na le hore ho u thuse?

 Seo U ka se Etsang

  •   Na mabaka a hao a ho tšoenyeha aa utloahala? “Ke hantle ho ameha ka boikarabelo ba hao; empa ho tšoenyeha ho tlōla ha ho u tsoele molemo. Ho tšoenyeha ka tsela ena ho etsa hore motho a tapa-tape nģa e le ’ngoe. Ho ba le seo u nahanang ka sona, empa hase u tsoele molemo.”​—Katherine.

     Bibele e re: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng?”​—Matheu 6:27.

     See se bolela’ng? Haeba ho tšoenyeha ha ho u thuse ho rarolla bothata, ho tla u bakela mathata le ho feta.

  •   Sebetsana le bothata ba letsatsi ka leng. “Nahanisisa ka bothata boo. Na seo u tšoenyehileng ka sona se tla u ama hosane, khoeling e tlang, selemong se tlang kapa lilemong tse hlano tse tlang?”​—Anthony.

     Bibele e re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.”​—Matheu 6:34.

     See se bolela’ng? Ke ho sa utloahaleng hore motho a tšoenyehe ka mathata a letsatsi le hlahlamang, ao mohlomong a ke keng a hlaha le ho hlaha.

  •   Ithute ho amohela lintho tseo u ke keng oa li fetola. “Ntho feela eo u ka e etsang ke hore u itokisetse mathata a ka hlahang ho fihlela moo u ka khonang, empa u lokela ho amohela hore maemo a mang a ka se fetohe.”​—Robert.

     Bibele e re: “Ba lebelo ha ba hlōle peisong, leha e le hore . . . ba nang le tsebo ba fumana kamohelo; hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”​—Moeklesia 9:11.

     See se bolela’ng? Ka linako tse ling ho ke ke ha khoneha ho fetola maemo empa u ka fetola tsela eo u a talimang ka eona.

  •   U se ke oa nyahamisoa ke maemo a hao. “Ke ithutile hore ke lokela ho utloisisa boemo ba ka ka kakaretso ’me ke se ke ka ngongoreha ka bona. Ke lokela ho khetha hore na ke hofe habohlokoa hoo nka qetang matla a ka ke ntse ke nahana ka hona.”​—Alexis.

     Bibele e re: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

     See se bolela’ng? Batho ba nang le pono e loketseng ka matšoenyeho a bona hase hangata ba sithabetsoang ke ’ona.

  •   Bua le motho e mong. “Ha ke ne ke le lilemo li 11, ha sekolo se tsoa ke ne ke khutlela hae ke tšohile ka lebaka la ho tšoenyeha ka tsa letsatsi le hlahlamang. ’Mè le Ntate ba ne ba ’mamela ha ke ba bolella taba ena. Ke ne ke khothatsoa ke hore baa ’mamela. Ke ne ke ba tšepa ’me ke khona ho bua le bona ka bolokolohi. Ho ne ho nthusa hore ke tobane ka katleho le letsatsi le hlahlamang.”​—Marilyn.

     Bibele e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.”​—Liproverbia 12:25.

     See se bolela’ng? Motsoali kapa motsoalle a ka ’na a u fa likeletso tse sebetsang tsa hore na u ka fokotsa ho tšoenyeha ha hao joang.

  •   Rapela. “Ho rapela ka lentsoe le phahameng hoa nthusa. Ho nthusa hore ke bue ka seo ke hlileng ke tšoenyehileng ka sona ho e-na le hore ke lule ke nahana ka sona. Ho boetse ho nthusa hore ke hlokomele hore Jehova o moholo ho feta matšoenyeho a ka.”​—Laura.

     Bibele e re: ‘Le lahlele matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Molimo], hobane oa le tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

     See se bolela’ng? Thapelo hase tsela ea ho itharollela mathata. Ke puisano ea sebele pakeng tsa hao le Jehova Molimo ea re fang tšepiso ena: “U se tsielehe hobane ke Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa, ke be ke u thuse.”​—Esaia 41:10 (BPN).