Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Na ke Amehile Haholo ka Chebahalo ea ka?

Na ke Amehile Haholo ka Chebahalo ea ka?

 Tlhahlobo: Na ke amehile haholo?

  1.   Ke polelo efe e hlalosang tsela eo u ikutloang ka eona?

    •  Ha ho mohla ke khotsofallang tsela eo ke shebahalang ka eona.

    •  Ka linako tse ling ke khotsofalla tsela eo ke shebahalang ka eona.

    •  Ke khotsofalla tsela eo ke shebahalang ka eona ka linako tsohle.

  2.   Ke ntho efe eo u neng u ka rata ho e fetola ’meleng oa hao?

    •  Bolelele

    •  Boima

    •  Sebōpeho

    •  Moriri

    •  Lebala

    •  Kaheho ea mesifa

    •  Tse ling

  3.   Qetela polelo e latelang.

     Ha ke rate ’mele oa ka . . .

    •  ha ke hloella sekaleng.

    •  ha ke icheba ka seiponeng.

    •  ha ke ipapisa le batho ba bang (metsoalle, bo-’mabotle, batho ba hlaheletseng lifiliming).

  4.   Qetela polelo e latelang.

     Ke ikala . . .

    •  letsatsi le leng le le leng.

    •  beke e ’ngoe le e ’ngoe.

    •  makhetlo a ’maloa ka beke.

  5.   Ke polelo efe e hlalosang tsela eo u ikutloang ka eona?

    •  Ho se rate tsela eo u shebahalang ka eona. (Mohlala: “Kamehla ha ke icheba seiponeng, ke ipona ke le motenya haholo ke bile ke bōpehile hampe. Ke ile ka ba ka itima le lijo ka morero oa ho theola ’mele.”​—Serena.)

    •  Ho italima ka tsela e leka-lekaneng. (Mohlala: “Ho tla lula ho e-na le lintho tseo re sa li rateng ka chebahalo ea rōna, empa tse ling re lokela ho li amohela. Ha ho na thuso ho tšoenyeha ka lintho tseo re ke keng ra khona ho li fetola.”​—Natanya.)

 Bibele e re re se ke ra “inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang.” (Baroma 12:3) Kahoo, ke habohlokoa hore u itlhokomele ka tsela e leka-lekaneng. Ke ka lebaka leo u hlatsoang meno le ho boloka ’mele oa hao o hloekile.

 Empa u ka etsa’ng haeba u lula u nyahamisitsoe ke tsela eo u shebahalang ka eona​—mohlomong u se u bile u amehile haholo ka chebahalo ea hao? Haeba ho joalo, u ka ’na ua ipotsa . . .

 ‘Ke hobane’ng ha ke sa rate tsela eo ke shebahalang ka eona?’

 E ka ’na eaba ho na le mabaka a ’maloa a bakang seo. A akarelletsa:

  •  Ho susumetsoa ke mecha ea phatlalatso. “Bacha ba foqoa maikutlo a hore re lokela ho ba basesaane e le hore re shebahale re le batle ka linako tsohle. Ka lebaka leo, ha re sa ipone ka tsela eo, re qetella re sa ithate!”​—Kellie.

  •  Tšusumetso ea batsoali. “Ke hlokometse hore hangata ha bo-’mè ba amehile haholo ka tsela eo ba shebahalang ka eona, barali ba bona ba ba le maikutlo a tšoanang. Ho ka etsahala se tšoanang le ka bo-ntate le bara ba bona.”​—Rita.

  •  Ho se itšepe. “Batho ba amehileng ka chebahalo ea bona ho tlōla tekano, ba lula ba batla ho bolelloa hore ba batle. Hoa tena ho ba le batho ba joalo!”​—Jeanne.

 Ho sa tsotellehe hore na seo se bakoa ke’ng, e ka ’na eaba u ua ipotsa . . .

 ‘Na ke lokela ho fetola tsela eo ke shebahalang ka eona?’

 Nahana ka seo bacha ba bang ba se buang.

 “Hase kamehla u ka khonang ho fetola lintho tseo u sa li rateng ka uena, ho molemo ho ikamohela. Ha u etsa joalo, batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba li hlokomela.”​—Rori.

 “Etsa seo u ka se khonang hore u lule u phetse hantle ’meleng. Ha u phetse hantle, u tla shebahala hantle. Haeba motho a rata tsela eo u shebahalang ka eona, ho e-na le seo u leng sona, hase motsoalle oa hao.”​—Olivia.

 Ntlha ea bohlokoa: Etsa seo u ka se khonang hore u shebahale hantle. Qoba ho tšoenyeha ka lintho tse ling. Ho ka ba kotsi ho tšoenyeha ho tlōla ka tsela eo u shebahalang ka eona. (Bala “ Pale ea Julia.”)

 Erin o ile a ithuta hore ho ba le boikutlo bo leka-lekaneng ka tsela eo u shebahalang ka eona, ho tla u thusa hore u ithate. O re: “Ke ’nete hore ka linako tse ling ke ikutloa ke sa itšepe, empa ke hlokometse hore ke ikutloa joalo ha ke tsepamisitse kelello linthong tse nyahamisang. Hona joale, ke ikoetlisa kamehla ’me ke ja hantle. Seo se etsa hore ’mele oa ka o be ka tsela eo ke e thabelang.”

 Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho ntlafatsa chebahalo ea hao!

 Haeba u ithata, u tla ikutloa hantle (le ho shebahala) hantle. Bibele e ka u thusa. E u khothalletsa ho etsa lintho tse latelang:

  •  Ho khotsofala. “Ho molemo ho khotsofalla seo u nang le sona, kaha ho batla ho hong ha ho na kelello joaloka ho lelekisa moea.”​—Moeklesia 6:9, Contemporary English Version.

  •  Ikoetlise ka tsela e leka-lekaneng. “Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.”​—1 Timothea 4:8.

  •  Botho bo botle. “Motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”​—1 Samuele 16:7.

 “Sefahleho sa rōna sea bontša hore na re italima joang. Ha motho a khotsofetse, batho ba bang ba hlokomela seo ’me ba thabela ho ba le eena.”​—Sarah.

 “Ho bonolo hore batho ba bang ba hlokomele ha motho a le motle. Empa seo ba tla se hopola haholo ke botho ba hae bo botle ho feta tsela eo a shebahalang ka eona.”​—Phylicia.

 Sheba le Liproverbia 11:22; Bakolose 3:10, 12; 1 Petrose 3:3, 4.