Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 2: Ho Itokisetsa ho Kolobetsoa

Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 2: Ho Itokisetsa ho Kolobetsoa

 Haeba u phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele ebile u sebeletsa ho ba motsoalle oa Molimo, hoa utloahala hore ebe u nahana ka ho kolobetsoa. U ka tseba joang hore u se u loketse ho kolobetsoa? a

Sehloohong sena

 Ke lokela ho tseba lintho life?

 Ho itokisetsa ho kolobetsoa ha ho bolele hore u lokela ho tšoara lintho tseo u ithutang tsona ka hlooho joalokaha eka u e’o ngola tlhahlobo sekolong. Leha ho le joalo, u tla lokela ho sebelisa “kelello [ea hao] eohle” ho ikholisa hore seo Bibele e se rutang ke ’nete. (Baroma 12:1) Ka mohlala:

 Ke lokela ho etsa’ng?

 E le hore u kolobetsoe, ha oa lokela hore u be motho ea phethahetseng. Leha ho le joalo, u lokela ho bontša hore kannete u batla ho “tlohela lintho tse mpe, u etse tse ntle.” (Pesaleme ea 34:14) Ka mohlala:

 KELETSO: E le hore u itokisetse ho kolobetsoa, bala buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, Khaolo ea 37. Sheba lipotso tse hlahang lebokoseng le leqepheng la 308 le 309.

a Bala sehlooho se reng “Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 1,” se hlalosang hore na kolobetso le ho inehela ho Molimo ke eng le hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho inehela ho Molimo le ho kolobetsoa.