Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA U KA LAOLA SE ETSAHALANG BOPHELONG BA HAO?

Bothata: Mesebetsi e Mengata

Bothata: Mesebetsi e Mengata

BANA ba hao ba hloka hore u ba hlokomele. Mohiri oa hao o oa u hloka. Molekane oa hao le eena o hloka hore u mo etsetse ntho e itseng. Ka nako e tšoanang, u leka ho hlokomela batsoali ba hao ba kulang. U ne u sa rera ho phela ka tsela ena, empa u lula u phathahane letsatsi le leng le le leng. U oa ipotsa: “Ke lokela ho etsa’ng? Batho ba batla ke ba fe nako!” Ha u etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang, seo se ka ’na sa se ke sa le tsoela molemo. U ka etsa’ng hore u sebetsane le boemo boo?

MOHLALA O KA BIBELENG: MOSHE

Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, Moshe e ne e le eena feela moahloli oa Iseraele ’me e ka ’na eaba o ne a nahana hore seo sea hlokahala. Empa mohoe oa hae o ile a re ho eena: “Ntho ena eo u e etsang ha e ntle. Ruri u tla khathala.” O ile a etsa tlhahiso ea hore Moshe a abele banna ba nang le bokhoni mosebetsi oa ho ahlola ’me ba tlise linyeoe tse boima feela ho eena. Seo se ile sa fella ka’ng? Mohoe oa Moshe o ile a mo kholisa a re: “U tla tseba ho tiisetsa mosebetsing, le sechaba sena sohle se tla khutlela malapeng a sona ka khotso.”—Exoda 18:17-23, Bibele—Phetolelo e Ncha.

SEO DELINA A SE ETSANG

Joalokaha ho boletsoe sehloohong se qalang, Delina o tšoeroe ke lefu la ho finahana ha mesifa le bitsoang dystonia. O boetse o hlokomela banab’abo ba bararo ba holofetseng. O re: “Ke hlokometse hore ho etsa lintho hanyane ka hanyane le ho qoba ho lieha ho etsa lintho, ho nthusa ho fokotsa ho imeloa kelellong. Ho bua ka boemo ba ka ho entse hore batho ba bang ba nthuse, ho akarelletsa le monna oa ka. Hape, ke qeta nako e seng kae hoseng ho hong le ho hong ke hlokomela serapa, e leng ntho e nthabisang haholo.”

“Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—Moeklesia 3:1

SEO U KA SE ETSANG

Haeba u etsa mesebetsi e mengata haholo hoo e laolang bophelo ba hao, leka ho etsa sena:

  • Leka ho batla motho ea tla u thusa. Ka mohlala, na u na le bana ba ntseng ba lula le uena ba ka u thusang? Na ho na le beng ka uena kapa metsoalle e lulang haufi le uena e ka u thusang?

  • Bolella batho ba bang hore u hloka eng. Ka mohlala, buisana le mohiri oa hao haeba a u imetsa ka mosebetsi. Sena hase bolele hore u lokela ho mo tšosa ka hore u tla nyahlatsa mosebetsi. Mo bolelle feela ka mathata ao u tobanang le ’ona. Mohlomong a ka u fokoletsa mosebetsi.

  • Ngola mesebetsi eo u lokelang ho e phetha ka beke. Na e meng ea eona u ka e abela batho ba bang?

  • Qoba ho amohela memo ea motho e mong le e mong. Ka mosa bolella motho ea u memang haeba u ke ke ua khona ho ea ka lebaka la ho hloka nako kapa hobane u khathetse.

Seo e Leng ’Nete: Haeba u leka ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, u tla qetella u sa khone ho etsa letho.