Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA U KA LAOLA SE ETSAHALANG BOPHELONG BA HAO?

Bothata: Maikutlo a Nyahamisang

Bothata: Maikutlo a Nyahamisang

NA U tšoenngoa ke ho hlonama ho tlola, ho halefa kapa lehloeo? Haeba ho joalo, u ka ’na ua sitoa ho ba le nako ea ho etsa lintho tseo u li nkang e le tsa bohlokoa haholo. U ka etsa’ng e le hore u khaotse ho tšoenyeha? *

MOHLALA O KA BIBELENG: DAVIDA

Morena Davida o ile a ikutloa ka litsela tse sa tšoaneng—tse akarelletsang ho tšoenyeha le ho hlonama. Ke’ng e ileng ea mo thusa ho sebetsana le maikutlo ao? O ile a tlohella lintho matsohong a Molimo. (1 Samuele 24:12, 15) Hape o ile a ngola fatše tsela eo a ikutloang ka eona. Kaha e ne e le monna ea nang le tumelo, o ne a rapela khafetsa. *

SEO GREGORY A SE ETSANG

Joalokaha ho boletsoe sehloohong se qalang, Gregory o na le boloetse ba ho tšoenyeha. O re: “Ke ne ke tšoenyeha ka tsela e feteletseng.” Gregory o ile a khona ho laola boemo ba hae joang? O re: “E le hore ke khone ho tsitsa, ke ile ka amohela thuso e tsoang ho mosali oa ka le metsoalle ea ka. Ke ile ka boela ka ea ngakeng ’me ka ithuta ho eketsehileng ka boloetse ba ka. Ho fetola mokhoa oa ka oa bophelo ho nthusitse hore ke khone ho laola bokuli ba ka, ho e-na le hore bo ntaole. Le hoja ke ntse ke khathatsoa ke boloetse ba ho tšoenyeha, ke se ke hlokometse hore na bo bakoa ke eng le hore na nka etsa’ng hore ke ikutloe ke le betere.”

“Pelo e thabileng ke moriana o motle.”—Liproverbia 17:22

SEO U KA SE ETSANG

Haeba maikutlo a nyahamisang a laola bophelo ba hao, leka ho etsa sena:

  • Ngola fatše tsela eo u ikutloang ka eona.

  • Bolella mong ka uena ea haufi kapa motsoalle tsela eo u ikutloang ka eona.

  • Leka ho loantša maikutlo a nyahamisang. Ka mohlala, ipotse, ‘Na ehlile ho na le lebaka le utloahalang la hore ke ikahlole ka tsela ee?’

  • Se ke ua lula u tšoenyehile, u halefile kapa u e-na le lehloeo. Ho e-na le hoo, sebelisa matla a hao ho etsa ntho e ’ngoe e molemo. *

Seo e Leng ’Nete: Hangata, maikutlo a nyahamisang ha a bakoe ke maemo ao re leng ho ’ona, empa a bakoa ke tsela eo re a talimang ka eona.

^ ser. 3 Maikutlo a mang a nyahamisang e ka ’na eaba a bakoa ke ho kula ’me mohlomong ho hlokahala hore u ee ngakeng. Tsoha! ha e buelle mofuta o itseng oa phekolo. Motho ka mong o lokela ho hlahloba ka hloko phekolo eo a e khethang pele a etsa qeto.

^ ser. 5 Lipesaleme tse ngata tse ka Bibeleng ke lithapelo tse ileng tsa ngoloa ke Davida.

^ ser. 13 Ho fumana lintlha tse eketsehileng, sheba lihlooho tse tlas’a sehlooho se reng “Kamoo U ka Sebetsanang le ho Tšoenyeha,” Molula-Qhooeng oa July 1, 2015.