Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lefatše le Tl’o Felisoa?

Na Lefatše le Tl’o Felisoa?

Mohlomong u kile oa hlokomela hore Bibele e bua ka bofelo ba lefatše. (1 Johanne 2:​17) Na see se bolela hore ha ho sa tla ba le batho ba phelang lefatšeng? Na lefatše le tla felisoa?

BIBELE E RE KARABO EA LIPOTSO TSEO TSE PELI KE CHE!

Ha ho Tl’o Felisoa:

BATHO KAOFELA

Bibele e re: Molimo ‘ea sa kang a bopela [lefatše] lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi.’​—ESAIA 45:18.

LEFATŠE

Bibele e re: “Moloko oa ea, ’me moloko oa tla; empa lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—MOEKLESIA 1:4.

TABA EE E BOLELA’NG? Bibele e hlalosa hore lefatše le ke ke la felisoa empa ho tla lula ho e-na le batho ba phelang ho lona. Joale, polelo e reng bofelo ba lefatše e bolela’ng?

NAHANA KA SENA: Bibele e bapisa bofelo ba lefatše lena le se ileng sa etsahala mehleng ea Noe. Mehleng ea Noe, lefatše le ne le “tletse pefo” kapa lintoa. (Genese 6:13) Leha ho le joalo, Noe e ne e le monna ea lokileng. Molimo o ile a sireletsa Noe le lelapa la hae empa a felisa batho ba khopo ka moroallo. Ha Bibele e bua ka se ileng sa etsahala mehleng eo, e re: “Lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi.” (2 Petrose 3:6) Boo e ne e le bofelo ba lefatše. Empa ha e le hantle ke eng e ileng ea felisoa? E ne e se lefatše [polanete] empa e ne e le batho ba khopo ba lulang ho lona. Kahoo, ha Bibele e bua ka bofelo ba lefatše ha e bue ka ho felisoa ha polanete kapa sebaka empa e bua ka ho felisoa ha lintho tse mpe le batho ba khopo.

Ke Eng e Tla Felisoa?

MATHATA LE BOKHOPO

Bibele e re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng, ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”​—PESALEME EA 37:10, 11.

TABA EE E BOLELA’NG? Moroallo oa mehleng ea Noe ha oa ka oa felisa bokhopo ka ho feletseng. Ka mor’a Moroallo, batho ba khopo ba ile ba boela ba phelisa batho habohloko. Leha ho le joalo, haufinyane Molimo o tla felisa bokhopo. Mopesaleme o ile a re: “Ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” Molimo o tla felisa bokhopo a sebelisa ’Muso oa hae o leholimong o busang batho ba mo mamelang.

NAHANA KA SENA: Na baeta-pele ba lefatše ba busang hona joale ba tla tšehetsa ’Muso oa Molimo? Bibele e re ba tla o hanyetsa. (Pesaleme ea 2:2) Ho tla etsahala’ng ka mor’a moo? ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso ea batho ’me oa hae “o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang [ka ho sa feleng].” (Daniele 2:44) Ke hobane’ng ha mebuso ea batho e lokela ho felisoa?

Mebuso ea Batho e Lokela ho Felisoa

Bibele e re: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”​—JEREMIA 10:23.

TABA EE E BOLELA’NG? Batho ba ne ba sa bopeloa hore ba buse batho ba bang kaha ha ba na bokhoni ba ho rarolla mathata a bona.

NAHANA KA SENA: Buka ea Britannica Academic e re: “Mebuso lefatšeng lohle e hloleha ho felisa mathata a kang bofutsana, tlala, maloetse, likoluoa tsa tlhaho le lintoa.” E tsoela pele ka ho re: “Batho ba bang . . . ba lumela hore haeba mebuso e teng kaofela lefatšeng e ka ikopanya ’me ea e-ba ’muso o le mong, ’muso oo o tla khona ho felisa mathata ao re nang le ’ona.” Leha mebuso ea batho kaofela e ka ikopanya, lefatše le tla lula le busoa ke batho ba etsang liphoso le ba hlolehang ho felisa mathata ao re seng re buile ka ’ona ka holimo. Ke ’Muso oa Molimo feela o nang le matla a ho felisa mathata ao re nang le ’ona.

Bibele e re batho ba mamelang Molimo ha baa lokela ho tšosoa ke bofelo ba lefatše. Ho e-na le hoo, tsena ke litaba tse monate hobane Molimo o tla lokisa lefatše lena le senyehileng hore e be lefatše le lecha.

Lintho tsee kaofela li tla etsahala neng? Sehloohong se latelang re tla fumana karabo e tsoang ka Bibeleng.