Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA BOFELO BO HAUFI?

“Bofelo” ba Lefatše Ke’ng?

“Bofelo” ba Lefatše Ke’ng?

U nahana ka’ng ha u utloa poleloana e reng: ‘Bofelo ba lefatše bo haufi?’ Na u nahana ka moruti ea tonneng mahlo a hoelelitse sefalaneng a akhotsa matsoho ka matla a tšoere Bibele ka letsoho? Kapa u nahana ka monna-moholo ea hlahlabalitseng litelu ea emeng k’honeng ea seterata, a apere jase ea khale a bile a tšoere boto e ngotsoeng molaetsa oa tlokotsi? Batho ba bang ba ka tšoenyeha ha ba nahana ka maemo ana, athe ba bang a ka ba qabola kapa a etsa hore ba belaele.

Bibele e re: “Bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Ketsahalo eo e boetse e bitsoa, “letsatsi le leholo la Molimo” kapa “Har–Magedone.” (Tšenolo 16:14, 16) Ke ’nete hore malumeli a bua lintho tse ngata ka bofelo. Leha ho le joalo, Bibele eona ha e hlathe koana le koana. E boetse e re thusa ho bona hore na ehlile bofelo bo haufi kapa che. Habohlokoa le ho feta, e re ruta hore na re ka etsa’ng hore re pholohe! Empa, a re ke re qaleng ka ho hlalosa ka ho nepahala hore na bofelo ke’ng. Ha e le hantle Bibele e re “bofelo” ke’ng?

BOFELO HASE

  1. HO FELISA LEFATŠE KA MOLLO.

    Bibele e re: “[Molimo] o thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5) Lengolo leo le a mang a re tiisetsa hore le ka mohla Molimo a ke ke a felisa lefatše kapa a lumella hore le senngoe!—Moeklesia 1:4; Esaia 45:18.

  2. KETSAHALO EA TŠOHANYETSO.

    Bibele e bontša hore Molimo o behile nako ea bofelo. E re: “Malebana le letsatsi leo kapa hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi leholimong kapa Mora, haese Ntate. Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng.” (Mareka 13:32, 33) Ho hlakile hore, Molimo (“Ntate”) o na le “nako e behiloeng” eo a tla tlisa bofelo ka eona.

  3. KETSAHALO E TLISOANG KE BATHO KAPA HO TSOA TAOLONG HA SEPAKAPAKA.

    Bofelo bo tla tlisoa ke’ng? Tšenolo 19:11 e re: “Ka bona leholimo le buleha, ’me, bonang! pere e tšoeu. Ea e palameng o bitsoa ea Tšepahalang le oa ’Nete.” Ha temana ea 19 e tsoela pele e re: “Ka bona sebata le marena a lefatše le mabotho a ’ona a bokane ho loantša ea palameng pere le lebotho la hae.” (Tšenolo 19:11-21) Le hoja ho sebelisitsoe puo ea tšoantšetso litemaneng tsena, re ithuta hore Molimo o tla romela lebotho la mangeloi ho felisa lira tsa hae.

Ha Bibele e bua ka bofelo ha rea lokela ho tšoha empa re lokela ho thaba

BOFELO KE

  1. HO FELISOA HA MEBUSO EA BATHO E HLŌLEHILENG.

    Bibele e re: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) Joalokaha ho boletsoe pejana ntlheng ea boraro, “marena a lefatše le mabotho a ’ona,” a tla beng “a bokane ho loantša ea palameng pere le lebotho la hae” a tla felisoa.—Tšenolo 19:19.

  2. HO FELISOA HA NTOA, PEFO LE HO HLOKA TOKA.

    “[Molimo] o felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:9) “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.” (Liproverbia 2:21, 22) “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.”—Tšenolo 21:4, 5.

  3. HO FELISOA HA MALUMELI A SA HLOMPHENG MOLIMO LE A KHELOSANG BATHO.

    “Baprofeta ba profeta leshano; ha e le baprista, ba qala ho busa ho ea ka matla a bona. . . . [Empa] le tla etsa joang qetellong?” (Jeremia 5:31) “Letsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao, le ho leleka bademona ka lebitso la hao, le ho etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ Leha ho le joalo ka nako eo ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna ba etsang tlōlo ea molao.’”—Matheu 7:21-23.

  4. HO FELISOA HA TSAMAISO ENA EA LINTHO LE BATHO BA E TŠEHETSANG.

    Jesu Kreste o ile a re: “Joale ona ke motheo bakeng sa kahlolo, hore leseli le tlile lefatšeng empa batho ba ratile lefifi ho e-na le leseli, kaha mesebetsi ea bona e ne e le khopo.” (Johanne 3:19) Ho na le moo Bibele e buang ka bofelo ba lefatše la mehleng ea Noe ea tšepahalang. “Lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi. Empa ka lentsoe le tšoanang maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.”—2 Petrose 3:5-7.

Ela hloko hore letsatsi le tlang “la kahlolo le la timetso” le tšoantšoa le la bofelo ba “lefatše” ba mehleng ea Noe. Ho boleloa’ng ha ho thoe lefatše le ile la timetsoa? Ha ho buuoe ka lefatše leo re ahileng ho lona (polanete); empa ho buuoa ka ho timetsoa ha “batho ba se nang bomolimo” e leng lira tsa hae. Ka letsatsi la Molimo “la kahlolo,” batho ba ikhethelang ho ba lira tsa Hae le bona ba tla timetsoa. Empa joaloka Noe le ba lelapa la hae, metsoalle ea Molimo e tla pholoha.—Matheu 24:37-42.

Nahana hore na ho tla ba monate joang lefatšeng mona ha Molimo a se a felisitse Satane le bohle ba mo tšehetsang! Ho hlakile hore ha Bibele e bua ka bofelo ha rea lokela ho tšoha empa re lokela ho thaba. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ua ipotsa: ‘Na Bibele ea re bolella hore na bofelo bo tla tla neng? Na bo haufi? Nka etsa’ng e le hore ke pholohe?’