Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa.”—PESALEME EA 139:16

Na Molimo oa U Utloisisa?

Na Molimo oa U Utloisisa?

POPO E RE RUTA’NG?

Ha ho na batho ba utloanang ho feta mafahla a tšoanang. ’Mè Nancy Segal eo e leng mookameli oa Twin Studies Center ebile e le lefahla o re: ‘Mafahla a utloisisana hoo le leng le khonang ho utloisisa hantle hore na le leng le ikutloa joang.’ ’Mè e mong o ile a hlalosa kamoo eena le lefahla la hae ba utloisisanang kateng a re: “Ke tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena, le eena o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ’na.”

Ke eng e etsang hore mafahla a utloisisane hantle hakaale? Litsebi li lumela hore hangata ba thusoa ke tsela eo ba holisitsoeng ka eona le sebaka seo ba holetseng ho sona le hore taba ea bohlokoa haholo ke tsela eo ba bopiloeng ka eona.

NAHANA: Haeba batho bao Molimo a ba bopileng ba khona ho utloisisana ka tsela ena, e tlameha ebe o re utloisisa ho feta batho bohle. Ha se feela mopesaleme Davida a ileng a re: “U ile ua mpoloka ke sirelelitsoe ka mpeng ea ’Mè. Masapo a ka a ne a sa pateha ho uena ha ke etsoa sephiring. . . . Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao.” (Pesaleme ea 139:13, 15, 16) Ke Molimo feela ea re utloisisang hantle hobane ke eena feela ea tsebang hantle tsela eo re entsoeng ka eona. U tseba le lintho tse re etsahaletseng bophelong tse re entseng batho bao re leng bona hona joale. Kahoo, re ka kholiseha hore o utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka rona kaha o re tseba ka ntle le ka hare.

BIBELE E RE MOLIMO O RE TSEBA HAKAE?

Davida o ile a rapela a re: “Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me ua ntseba. U tseba ho lula ha ka le ho ema ha ka. U etse hloko monahano oa ka u le hōle. Etsoe ha ho lentsoe lelemeng la ka, empa, bona! Jehova, u se u ntse u le tseba kaofela.” (Pesaleme ea 139:1, 2, 4) Jehova oa bona hore na re ikutloa joang ebile “o lemoha . . . menahano” eohle ea rona. (1 Likronike 28:9; 1 Samuele 16:6, 7) Litemana tsee li re ruta eng ka eena?

Jehova o bona lintho tseo re li etsang le hore na ke hobane’ng ha re li etsa le haeba re sa mo bolelle hore na re nahana’ng le hore na re ikutloa joang. Ka linako tse ling re ka sitoa ho etsa lintho tse ntle le ha re batla ho li etsa hobane maemo a rona a re sitisa. Le nakong eo, Jehova oa bona. Kaha o re bopile re khona ho rata, o ikemiselitse ho bona le ho utloisisa lintho tse ntle tseo re ka ratang ho li etsa.—1 Johanne 4:7-10.

Molimo o bona ntho e ngoe le e ngoe. O bile o bona le mathata a re hlahelang le hoja batho ba bang ba ke ke ba a bona kapa hona ho a utloisisa

Bibele e re:

  • “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe.”—1 PETROSE 3:12.

  • Molimo o re: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—PESALEME EA 32:8.

MOLIMO O RE RATA HAHOLO

Ho tseba hore Molimo o utloisisa maemo a rona le maikutlo a rona ho ka re thusa ho mamella mathata. Hlokomela hore na ’mè Anna oa Nigeria o ile a hlaheloa ke eng. O re: “Mathata a ka a ne a le boima hoo ke ileng ka felloa ke tšepo. Ke ne ke se ntse ke le mohlolohali ha morali oa ka ea lilemo li 10 a le sepetlele ka lebaka la lefu le etsang hore a tlale metsi ka bokong. Ka nako eo, lingaka li ile tsa fumana hore ke na le mofetše oa letsoele eaba ke lokela ho fumana mekhoa e meraro ea phekolo (opereishene, chemotherapy le radiotherapy). Ke ne ke utloa ke imetsoe haholo ha ke nahana hore ’na le ngoan’aka re sepetlele ka nako e le ’ngoe.”

Ke eng e ileng ea thusa ’mè Anna ho mamella? O re: “Ke ile ka nahanisisa ka mangolo a kang Bafilipi 4:6, 7 le reng ‘khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.’ Nako le nako ha ke nahana ka lengolo lena ke ne ke utloa ke rata Jehova le ho feta hobane ke tseba hore o utloisisa boemo ba ka ho feta kamoo ke bo utloisisang kateng. Hape Bakreste-’moho le ’na ba ne ba nkhothatsa haholo.

Le hona joale ke ntse ke kula empa lintho li re tsamaela hantle. Re ithutile hore ha mathata a hlaha ha rea lokela ho felloa ke tšepo hobane Jehova o ntse a re hlokometse. Jakobo 5:11 ea re tšelisa ha e re: ‘Re phatlalatsa hore ba mameletseng ba thabile. Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.’” Jehova o ile a utloisisa hantle mathata a ileng a hlahela Jobo, kahoo joang kapa joang o utloisisa hantle mathata a re hlahelang.