Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Ka Etsa’ng Hore U Thabe?

Khotsofala U be U Fane

Khotsofala U be U Fane

BATHO BA BANGATA BA LUMELA HORE BA TLA THABA HAFEELA BA RUILE. Ke eona ntho e etsang hore ba qete nako e ngata ba sebetsa ka thata hore ba be le chelete e ngata. Empa na maruo a ka etsa hore motho a lule a thabile? Re tl’o fumana karabo ea potso eo sehloohong sena.

Makasine ea Journal of Happiness Studies e re ho ba le chelete e ngata ho ke ke ha etsa hore re thabe, empa re tla khotsofala ha re e-na le lintho tseo re li hlokang. Ha se hore chelete ke eona e etsang hore batho ba se ke ba thaba. Makasine ea Monitor on Psychology e re: “Ntho e etsang hore batho ba se ke ba thaba ke ho sebeletsa ho ba le chelete e ngata.” Mantsoe ana a lumellana hantle le ao Bibele e a buang ha e re: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba . . . itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:9, 10) Ke mathata afe ao batho ba ipaketseng ’ona ka lebaka la ho sebeletsa ho ba le chelete e ngata?

BA TŠOENYEHA HAHOLO KA HO SIRELETSA MARUO A BONA HOO BA SA KHONENG LE HO PHOMOLA. “Boroko ba ea sebeletsang bo monate, ho sa tsotellehe hore na ke ho honyenyane kapa ho hongata hoo a ho jang; empa lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.”—Moeklesia 5:12.

BAA NYAHAMA HA BA BONA BA SA THABE JOALOKAHA BA NE BA LEBELETSE. Lebaka le etsang hore ba nyahame ke hore le hoja ba ne ba lakalitse ho rua haholo, ha ba khotsofale ha ba se ba ruile. Bibele e re: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.” (Moeklesia 5:10) Ebile batho ba lakatsa ho rua hoo ba khaotsang ho etsa lintho tsa bohlokoa tse ka etsang hore ba thabe, tse kang ho ba ’moho le malapa a bona kapa ho sebeletsa Molimo.

BAA FEREKANA HA HO E-BA LE MATHATA A MORUO A AMANG LICHELETE TSA BONA LE MATSETE AO BA A ENTSENG. “U se ke ua sehlela ho fumana maruo. Tlohela kutloisiso ea hao. Na u entse hore mahlo a hao a a qekotse, le hoja e se letho? Etsoe ruri a iketsetsa mapheo a kang a ntsu ’me a fofela maholimong.”—Liproverbia 23:4, 5.

LINTHO TSE KA RE THUSANG HORE RE THABE

HO KHOTSOFALA. “Ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le letho. Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” (1 Timothea 6:7, 8) Ho khotsofalla lintho tseo re nang le tsona ho tla re thusa hore re se ke ra tletleba kapa ra ba mona ha re bona batho ba bang ba ruile. Hape ha re na ho tšoenyeha haholo hobane re ke ke ra lakatsa ho ba le lintho tseo re tsebang hantle hore ha re na chelete ea ho li reka.

HO FANA. “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Ho fana ho etsa hore re thabe hobane le haeba re sa etsa letho le mohlolo ho thusa batho, rea thaba ha re bona hore le bona ba thabile ha re ba thusitse. Hape batho ba tla re rata, ba re hlomphe re be re fumane metsoalle ea sebele e tla re thusa.—Luka 6:38.

HO RATA BATHO. “Ho ja meroho ho molemo moo ho nang le lerato ho feta ho ja poho e fepetsoeng sejelong e tsamaeang le lehloeo.” (Liproverbia 15:17) Temana ee e re ruta’ng? Hore ho rata batho ho molemo ho feta ho rata maruo. Re tl’o boela re ithuta hamorao hore lerato le ka re thusa ho thaba.

’Mè e mong ea bitsoang Sabina ea lulang naheng ea Amerika Boroa o ile a hlokomela hore likeletso tsa Bibele li bohlokoa haholo. O ne a sokola haholo hobane mohatsa oa hae a ile a lahla lelapa. Kahoo, letsatsi le letsatsi o ne a tsoha ka 4 hoseng, a sebetsa mesebetsi e ’meli e le hore a batlele bana ba hae ba babeli papa. Le hoja a ne a phathahane hakaalo, ’mè Sabina o ile a ithuta Bibele. E ile ea mo thusa joang?

Le hoja a ile a tsoela pele a se na chelete, bophelo ba hae bo ile ba ntlafala haholo. Ka mohlala, o ile a thaba haholo hobane joale a se a e-na le kamano e ntle le Jehova. (Matheu 5:3) Ba bang ba Bakreste-’moho le eena e ile ea e-ba metsoalle ea hae e mo ratang. O ile a boela a latsoa monate oa ho bolella batho ba bang lintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng.

Bibele e re: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Matheu 11:19) Sehloohong sena re bone bopaki bo hlakileng ba hore ho khotsofala, ho fana le ho rata batho li ka fela tsa re thusa ho thaba.