Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Ka Etsa’ng Hore U Thabe?

Rata Batho

Rata Batho

HA HO NA MOTHO EA SA BATLENG HO RATOA. Etsoe lerato ke lona le etsang hore re lule re momahane le malapa a rona, metsoalle le beng ka rona. Kahoo, haeba re le lerato, re tla lula re thabile re bile re phetse hantle. Empa lerato leo ho buuoang ka lona ke la mofuta ofe?

Lerato lena ha se lerato leo baratani kapa banyalani ba ratanang ka lona. Empa ke lerato le etsang hore motho a tsotelle batho le ho ba etsetsa lintho tse molemo ho e-na le ho inahana boeena. Lerato lena le thehiloe melaong ea Molimo. Motho ea ratang batho ka tsela eo o boetse o mosa ebile o utloela batho bohloko.

Bibele e bua tjena ka lerato: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete. Le jara lintho tsohle, . . . le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:4-8.

Lerato le joalo “ha le fele le ka mohla” ebile le ba matla le ho feta ha nako e ntse e e-ea. Bibele e re lerato ke “tlamo e phethahetseng ea bonngoe” hobane ha motho a le lerato, o mamella batho, o ba mosa ho bona ebile oa ba tšoarela. (Bakolose 3:14) Kahoo, ebang batho ke metsoalle, ba nyalane kapa baa amana, ha ba lula ba ratana ba tla thaba le hoja ba utloisana bohloko. Re tl’o etsa mohlala ka batho ba nyalaneng.

BA KOPANTSOE KA “TLAMO E PHETHAHETSENG EA BONNGOE”

Ho na le lintho tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li ruta ka lenyalo. Ka mohlala, o ile a re: “‘Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’ . . . Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Matheu 19:5, 6) Re tl’o hlahloba lintho tse peli tsa bohlokoa tse hlahang lengolong lena.

“BAO BA BABELI E TLA BA NAMA E LE ’NGOE.” Kamano eo batho ba nyalaneng ba nang le eona e matla ho feta kamano eo motho leha e le ofe a ka bang le eona le motho e mong. Kahoo, lerato leo ba ratanang ka lona le ka ba thusa hore ba se ke ba etsa bohlola. (1 Bakorinthe 6:16; Baheberu 13:4) Empa haeba molekane e mong a etsa bohlola, ho tla ba thata hore ba tšepane ’me lenyalo le ka qetella le qhalane. Haeba ho e-na le bana lenyalong leo, ho ba hobe le ho feta hobane ba ka felloa ke tšepo, ba bona eka batsoali ba bona ha ba ba rate ebile ba ka qetella ba ba koatetse haholo.

“SEO MOLIMO A SE KOPANTSENG HAMMOHO JOKONG.” Lenyalo lea halalela. Kahoo, haeba banyalani le bona ba le nka le halalela, ba tla sebetsa ka thata hore ba lule ba ratana. Ba ke ke ba batla ho arohana ha mathata a hlaha. Empa ba tla lula ba ratana leha ho nyolosetsa. Lerato le joalo le tla ba thusa ho “mamella lintho tsohle” le ho sebetsa ka thata hore ba rarolle mathata ’moho, e le hore ba lule ba thabile ba bile ba ratana.

Ha batsoali ba ratana, bana le bona ba tla thaba. Ausi e mong ea bitsoang Jessica o re: “Ke ile ka hlokomela hore ’Mè le Ntate baa ratana ebile baa hlomphana. Tsela eo ’Mè a hlomphang Ntate ka eona e etsa hore ke utloe ke batla ho mo etsisa.”

Har’a makhabane ’ohle ao Molimo a nang le ’ona, lerato ke lona la bohlokoa haholo. Bibele e bile e re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ke ka lona lebaka lena Jehova e leng “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) Le rona re tla thaba haeba re mo etsisa ka hore re be batho ba lerato. Baefese 5:1, 2 e re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong.”