Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha banyalani ba ikemiselitse ho lula ’moho, lelapa la bona le tla tsitsa joalokaha ankora e thusa sekepe ho tsitsa nakong ea lifefo

BAKENG SA BANYALANI

1 Boikemisetso

1 Boikemisetso

BO BOLELA’NG?

Ha batho ba nyalaneng ba ikemiselitse ho etsa hore lenyalo la bona le atlehe, ba tla lula ’moho bophelo bohle. E mong le e mong oa bona oa tseba hore molekane oa hae a ke ke a batla ho hlalana le eena leha ba ka ba le mathata.

Banyalani ba bang ha ba batle ho arohana hobane feela ba tšohile hore na batho ba tla re’ng. Empa taba ea bohlokoa ke hore banyalani ba ikemisetse ho lula ’moho hobane ba ratana ba bile ba hlomphana.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Monna ha aa lokela ho tlohela mosali oa hae.”—1 Bakorinthe 7:11.

“Motho ea batlang hore lenyalo la hae le atlehe oa utloisisa hore ka linako tse ling molekane oa hae a ka etsa liphoso. O potlakela ho tšoarela molekane oa hae ha a mo foselitse ebile le eena o potlakela ho kopa tšoarelo ha a entse phoso. Ha mathata a le teng o potlakela ho a lokisa, eseng ho arohana le molekane oa hae.”—Micah.

KE HOBANE’NG HA BO LE BOHLOKOA?

Ha banyalani ba sa ikemisetsa ho lula ’moho, ba potlakela ho arohana ha mathata a hlaha.

“Batho ba bangata ba nyalana ba se ba ntse ba rerile hore ha ba ka ba le mathata feela, ba tla hlalana. Empa ha ba etsa joalo, ba qala ka leoto lesele.”—Jean.

U KA ETSA’NG?

ITLHAHLOBE

Ha ho e-na le taba eo u sa lumellaneng le molekane oa hao ka eona . . . 

  • Na u ee u ikoahlaele hore ebe u nyalane le molekane oa hao?

  • Na u ee u nahane u se u nyalane le motho e mong?

  • Na u ee u re “kea u siea” kapa “ebile ke tl’o ipatlela motho e mong ea nthatang”?

Haeba ho joalo, qala hona joale ho sebeletsa ho ba le boikemisetso.

BUISANA LE MOLEKANE OA HAO

  • Na re se re utloa re batla ho arohana? Haeba ho joalo, lebaka ke lefe?

  • Re ka etsa’ng e ka re thusang hore re lule re ratana?

LIKELETSO

  • Ka linako tse ling u ke u ngolle molekane oa hao molaetsa u mo bolelle hore oa mo rata

  • Ha u le mosebetsing u ka beha lifoto tsa molekane oa hao moo motho e mong le e mong a li bonang e le ho bontša hore oa mo rata

  • U ka lula u bua le molekane oa hao ka fono ha le se ’moho

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:6.