Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Behela bana ba hao mohlala oo u batlang hore ba o latele

BAKENG SA BATSOALI

8 Mohlala o Motle

8 Mohlala o Motle

O BOLELA’NG?

Batsoali ba behela bana ba bona mohlala ka ho etsa lintho tseo ba ba rutang tsona. Mohlala, ho ka ba thata hore ngoana oa hao a tloaele ho bua ’nete empa a u utloa u bua leshano. Mohlomong ka linako tse ling ha motho a kokota u ee u re ngoana oa hao a mo bolelle hore ha u eo lapeng empa ha e le hantle u sa batle ho bua le eena.

“Ho ka ba thata hore bana ba etse lintho tseo batsoali ba ba bolellang hore ba li etse haeba ba bona batsoali ba sa li etse. Bana ba sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batsoali ba bona ba e etsang ebile ba tla cho ha ba bona ba etsa ntho e fapaneng le eo ba ba bolellang eona.”—David.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Uena ea bolelang hore ‘U se ke ua utsoa,’ na ua utsoa?”—Baroma 2:21.

KE HOBANE’NG HA O LE BOHLOKOA?

Bana ba sheba mohlala oa batsoali ba bona ho feta le oa metsoalle ea bona. Kahoo, batsoali ke bona ba ka thusang bana ba bona ho feta mang kapa mang hore ba etse lintho tse nepahetseng.

“Leha re ka lula re pheta ntho e le ’ngoe nako ena kaofela ha re bua le bana ba rona, mohlang re etsang e fapaneng ba tla bona. Ba sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang leha rona re ka nahana hore ha ba re bone.”—Nicole.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Bohlale bo tsoang holimo . . . ha bo na boikaketsi.”—Jakobo 3:17.

U KA ETSA’NG?

Itlhahlobe. Ke lintho tsa mofuta ofe tseo uena u tloaetseng ho li shebella? U tšoara molekane oa hao le bana ba hao joang? Metsoalle ea hao ke batho ba joang? Na u nahanela batho ba bang? Ka bokhutšoanyane feela, na tsela eo u batlang hore bana ba hao ba itšoare ka eona ke tsela eo uena u itšoarang ka eona?

“Ha ho mohla ’na le molekane oa ka re qobellang bana ba rona ho etsa lintho tseo rona re sa li etseng.”—Christine.

Kopa tšoarelo ha u entse liphoso. Bana ba hao baa tseba hore u etsa liphoso. Haeba u itloaetsa ho kopa tšoarelo ho molekane oa hao le ho bona, u tla be u ba ruta hore ba tšepahale le hore ba ikokobetse.

“Bana ba rona ba lokela ho bona hore ha re entse liphoso rea lumela hore re li entse ebile ba lokela ho re utloa re kopa tšoarelo. Ha re sa etse joalo, re tla be re ba ruta hore ba ikemele ha ba entse liphoso.”—Robin.

“Bana ba ithuta haholo ka ho sheba mohlala oa batsoali ba bona ho feta oa mang kapa mang, ebile ba sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batsoali ba e etsang. Nako eohle ha ba sheba hore na batsoali ba etsa lintho joang ho tšoana leha eka baa ithuta hore na le bona ba itšoare joang.”—Wendell.