Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U KA THUSOA KE’NG HA U SIAME?

Matšeliso a Molemo ho Batho ba Siameng

Matšeliso a Molemo ho Batho ba Siameng

MEHLENG ENA HO ENTSOE LIPATLISISO TSE NGATA MABAPI LE HORE NA BATHO BA UTLOA BOHLOKO HAKAE HA BA HLOKAHALLOA KE BARATUOA BA BONA. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, keletso e nepahetseng ke e lumellanang le Bibele. Taba ena ke ’nete kaha likeletso tse ka Bibeleng ha li felloe ke nako ebile li ka tšeptjoa. Bibele e na le boitsebiso bo ke keng ba fumanoa kae kapa kae, bo fanang ka matšeliso a ke keng a lekanngoa.

  • Re ka kholiseha hore baratuoa ba rona ba hlokahetseng ha ba utloe bohloko

    Moeklesia 9:5 e re: “Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Hape, ‘menahano ea bona e ea timela.’ (Pesaleme ea 146:4) Bibele e boetse e tšoantša lefu le boroko bo tebileng, bo se nang litoro.​—Johanne 11:11.

  • Haeba re e-na le tumelo e matla ho Molimo, re tla fumana matšeliso

    Pesaleme ea 34:​15 e re: “Mahlo a Jehova * a talimile ba lokileng, o sekehela mohoo oa bona o kōpang thuso tsebe.” Ha re rapela Molimo, re tla tšeliseha haholo ho feta ha re bua le batho ba bang kapa re ea sebakeng se seng ho ea ikhatholla. Thapelo e ka etsa hore re be metsoalle e haufi ea Molimo hobane o na le matla a ho re fa matšeliso ao re a hlokang.

  • Re lebeletse bokamoso bo molemo

    Nahana hore na e tla ba thabo e kaakang ha batho bohle ba hlokahetseng ba tsosoa mabitleng! Bibele e re nakong e tlang, Molimo ‘o tla hlakola meokho eohle mahlong a rona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.’​—Tšenolo 21:3, 4.

Batho ba nang le tumelo ho Jehova ba fumana matšeliso ha ba siame kaha o ba tšepisa hore ba tla boela ba kopane le baratuoa ba bona ba hlokahetseng. ’Mè Ann o ile a hlokahalloa ke molekane ka mor’a lilemo tse 65 ba nyalane. O re: “Bibele e ile ea nkholisa hore batho ba hlokahetseng ha ba utloe bohloko ho hang le hore Molimo o tla tsosa bafu. Kamehla ha ke hopotse monna oa ka, ke lula ke nahana ka tšepiso ena ’me kea tšeliseha.”

’Mè Tiina eo re buile ka eena lihloohong tse fetileng o re: “Ho tloha tsatsing leo mohats’a ka Timo a hlokahetseng ka lona, esale Molimo a ntšehelitse. Ke ile ka bona ha Jehova a nthusa nakong eo ea mathata. Ke lumela ka ho feletseng tšepisong ea Jehova ea hore bafu ba tla boela ba tsohe. Ke tšelisoa ke ho tseba hore ka letsatsi le leng ke tla boela ke bone mohatsa’ka Timo.”

Batho ba bang ba limilione ba kholisehile hore tšepiso ena ea Bibele e tla phethahala. Haeba u ikutloa ka tsela e fapaneng, u lokela ho batlisisa hore na litšepiso tsa Bibele ke ’nete le hore na lia tšepahala. U ka ’na oa hlokomela hore litšepiso tsa Bibele li ka thusa batho ba siameng.

ITHUTE KA HO EKETSEHILENG HORE NA HO NA LE TŠEPO EFE KA BATHO BA HLOKAHETSENG

Shebella livideo tse buang ka taba ena ho jw.org/st

Bibele e re tšepisa hore re tla boela re bone baratuoa ba rona ba hlokahetseng

BOEMO BA BAFU KE BOFE?

Ho etsahala’ng ka rona ha re e-shoa? Bibele e fana ka karabo e hlakileng ebileng e khothatsang

Sheba tlas’a LINGOLILOENG > LIVIDEO (Video e fumaneha tlas’a: Bibele)

NA U KA THABELA HO UTLOA LITABA TSE MOLEMO?

Kamehla re utloa litaba tse bohloko, ebe tse monate tsona re ka li fumana hokae? Video ena e buella bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang Ho Molimo!

Sheba tlas’a LINGOLILOENG > LIVIDEO (Video e fumaneha tlas’a: Liboka tsa rona le Tšebeletso)

^ ser. 7 Jehova ke Lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.