Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka Lithapelo Tseo Molimo a li Utloang?

Ka Lithapelo Tseo Molimo a li Utloang?

Re Ithuta’ng ho Jesu

Ka Lithapelo Tseo Molimo a li Utloang?

Hangata Jesu o ne a batla ho rapella sebakeng seo a neng a ka ba mong ho sona, ebile o ile a khothalletsa balateli ba hae hore le bona ba etse se tšoanang. Bibele e re: “Ka lekhetlo leo ka lona a neng a le sebakeng se itseng a rapela, ha a khaotsa, e mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: ‘Morena, re rute ho rapela,’ . . . A re ho bona: ‘Neng kapa neng ha le rapela, le re, “Ntate, lebitso la hao le ke le halaletsoe.”’” (Luka 5:16; 11:1, 2) Kahoo, Jesu o ile a bontša hore ke Ntate oa hae, Jehova, feela eo re lokelang ho mo rapela. Ke eena feela ’Mōpi oa rōna le “Ea Utloang thapelo.”—Pesaleme ea 65:2.

Na ke lithapelo tsohle tse thabisang Molimo?

Batho ba phetang lithapelo ka hlooho ha ba khahlise Molimo. Jesu o ile a re: “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang.” (Matheu 6:7) Re tlameha ho bua le Ntate oa rōna oa leholimo ho tsoa botebong ba pelo. Ka nako e ’ngoe Jesu o ile a hlakisetsa balateli ba hae hore Molimo o amohela lithapelo tsa moetsalibe ea hlileng a batlang ho fetoha ho e-na le lithapelo tsa motho ea ikhohomosang ea latelang lineano tsa bolumeli ka hloko. (Luka 18:10-14) Kahoo, e le hore Molimo a mamele lithapelo tsa rōna, ka boikokobetso, re lokela ho leka ho etsa seo a reng se re etse. Esita le Jesu o ile a re: “Feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena. . . . Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” (Johanne 8:28, 29) Ha Jesu a rapela o ile a re: “Ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.”—Luka 22:42.

Re lokela ho rapella eng?

Kaha Molimo o sentsoe lebitso, Jesu o ile a re: “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’” (Matheu 6:9, 10) Re lokela ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle hobane ke puso eo Molimo a tla phetha thato ea hae leholimong le lefatšeng ka eona. Jesu o ile a re re ka rapella “bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi.” Hape re ka kōpa Jehova hore a re thuse mabapi le mosebetsi, bolulo, liaparo, ho kula le lintho tse ling tse re tšoenyang. Ho phaella moo, Jesu o ile a re re lokela ho rapella ho tšoareloa libe.—Luka 11:3, 4.

Na re lokela ho rapella batho ba bang?

Jesu o ile a rapella batho ba bang. Bibele e re bolella tjena: “Bana ba banyenyane ba tlisoa ho eena, e le hore a ba behe matsoho le ho etsa thapelo.” (Matheu 19:13) Jesu o ile a re ho moapostola Petrose: “Ke u etselitse thapeli hore tumelo ea hao e se ke ea fela.” (Luka 22:32) Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba rapelle batho ba bang, esita le batho ba ba hlorisang le ba ba rohakang.—Matheu 5:44; Luka 6:28.

Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella thapelong?

Jesu o ne a qeta nako e ngata a rapela a ba a khothalletsa balateli ba hae hore “ba rapele kamehla ’me ba se ke ba tela.” (Luka 18:1) Jehova o re khothalletsa hore re bontše hore rea mo tšepa ka hore khafetsa re mo bolelle lintho tseo re khathatsehileng ka tsona. Jesu o ile a re: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa.” Empa sena ha se bolele hore Jehova o lesisitheho ho araba ba mo ratang le ba mo hlomphang joaloka Ntate oa bona. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re: “Haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!”—Luka 11:5-13.

Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena, hlahloba khaolo ea 17 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.