Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle?

Na Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle?

Na Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle?

Batho ba tloaetse ho araba tjena:

“Ehlile, Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle.”

“Molimo o itlhahisitse ho rōna ka nama e le Jesu.”

Jesu o itse’ng?

“Haeba le ne le nthata, le ne le tla thabela hore ke ea ho Ntate, hobane Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) Jesu o ile a bolela hore eena le Ntate oa hae ha ba lekane.

“Ke nyolohela ho Ntate le Ntat’a lōna le ho Molimo oa ka le Molimo oa lōna.” (Johanne 20:17) Jesu ha aa ka a ipitsa Molimo empa o ile a bua ka Molimo e le Motho e mong.

“Ha kea bua ka tšusumetso e tsoang ho ’na, empa Ntate ea nthomileng o mphile taelo mabapi le seo ke tla se bolela le seo ke tla se bua.” (Johanne 12:49) Jesu o ne a sa rute maikutlo a hae; o ne a ruta se tsoang ho Ntate.

JESU o ile a bolela hore ke Mora oa Molimo, eseng Molimo ea Matla ’Ohle. Haeba Jesu e ne e le Molimo, e ne e tla ba o ne a rapela mang ha a le moo lefatšeng? (Matheu 14:23; 26:26-29) Ka sebele e ne e tla ba ntho e se nang kelello ho nahana hore Jesu o ne a etsa eka o bua le motho ea itseng!

Ha barutuoa ba Jesu ba babeli ba ne ba mo kōpa hore a ba fe maemo a itseng a khethehileng ’Musong oa hae, o ile a ba araba tjena: “Ha e le ho lula ka letsohong la ka le letona le ka ho le letšehali hase ’na ea ka fanang ka hona, empa ke ha ba ho lokiselitsoeng ke Ntate.” (Matheu 20:23) Na Jesu o ne a ba bolella leshano ha a re o ne a se na matla a ho ba fa seo ba se kōpang? Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, o ne a mpa a bolela ka boikokobetso hore ke Molimo feela ea nang le matla a ho etsa liqeto tsa mofuta oo. Jesu o ile a ba a hlalosa hore ho na le lintho tse itseng tseo eena le mangeloi ba sa li tsebeng empa li tsejoa ke Ntate oa hae feela.—Mareka 13:32.

Na Jesu o ne a le tlaasana ho Molimo feela ha a ne a le moo lefatšeng e le motho? Che. Esita le ka mor’a hore Jesu a shoe a be a tsosoe bafung, Bibele e ile ea ’na ea bolela hore o ka tlaase ho Molimo. Moapostola Pauluse o re hopotsa ho re “Molimo o phahametse Kreste.” (1 Bakorinthe 11:3, Today’s English Version) Bibele e re nakong e tlang “ha lintho tsohle li tla be li behiloe tlas’a puso ea Kreste, joale Mora le eena o tla ipeha tlas’a Molimo, ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo a ka busa lintho tsohle ka ho feletseng.”—1 Bakorinthe 15:28, TEV.

Ka hlakileng Jesu hase Molimo ea Matla ’Ohle. Ke ka lebaka leo a ileng a bua ka Ntate oa hae e le “Molimo oa ka.”—Tšenolo 3:2, 12; 2 Bakorinthe 1:3, 4. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena, sheba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, leqepheng la 201-204.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Jesu o ile a ba a hlalosa hore ho na le lintho tse itseng tseo eena le mangeloi ba sa li tsebeng empa li tsejoa ke Ntate oa hae feela