Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka Bophelo ba Lelapa?

Ka Bophelo ba Lelapa?

Re Ithuta’ng ho Jesu

Ka Bophelo ba Lelapa?

Malapa a lokela ho ba le pono efe ka lenyalo e le hore a thabe?

Lenyalo ke tlamo e halalelang. Ha Jesu a ne a botsoa hore na tlhalo e lumeletsoe, o ile a re: “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang. . . . Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.” (Matheu 19:4-6, 9) Ha balekane ba mamela keletso ea Jesu ’me ba tšepahala, bohle lelapeng ba ikutloa ba sireletsehile ba bile ba thabile.

Ke hobane’ng ha ho rata Molimo ho etsa hore malapa a thabe?

Jesu o itse: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele.” Taelo ea bobeli e khōlō ke efe? Jesu o itse: “U rate moahelani oa hao [ho akarelletsa le bao u phelang le bona—e leng ba lelapa la hao] joalokaha u ithata.” (Matheu 22:37-39) Ka hona se etsang hore malapa a thabe ke ha a e-na le kamano e ntle le Molimo, kaha ho mo rata ho etsa hore re ratane.

Kamoo balekane ba ka thabisanang kateng

Banna ba thabisa basali ba bona ha ba latela mohlala oa Jesu. Ka lerato o ne a itella phutheho, e leng mosali oa hae oa tšoantšetso. (Baefese 5:25) Jesu o itse: “Mor’a motho ha a ea tlela ho sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa.” (Matheu 20:28, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ha ho mohla Jesu a neng a hatella kapa hona ho halefela bao a neng a ba hlokometse empa o ne a ba khatholla. (Matheu 11:28) Kahoo, banna ba lokela ho sebelisa matla ao ba nang le ’ona ka mosa e le hore seo se tsoele lelapa kaofela molemo.

Basali le bona ba ka rua molemo mohlaleng oa Jesu. Bibele e bolela hore “hlooho ea Kreste ke Molimo.” E boetse e re “hlooho ea mosali ke monna.” (1 Bakorinthe 11:3) Jesu ha aa ka a utloa e le ntho e mo theolang seriti hore a ikokobeletse Molimo. O ne a hlompha Ntate oa hae haholo. Jesu o ile a re: “Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” (Johanne 8:29) Haeba mosali a ikokobelletsa bohlooho ba monna oa hae ka lerato a bile a hlompha Molimo, o phetha karolo e khōlō e le hore lelapa la hae le thabe.

Batsoali ba ka ithuta eng tseleng eo Jesu a neng a talima bana ka eona?

Jesu o ne a qeta nako e ngata a e-na le bana ’me o ne a thahasella seo ba se nahanang haesita le kamoo ba ikutloang kateng. Bibele e re: “Jesu a bitsetsa bana bao ba banyenyane ho eena, a re: ‘Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na.’” (Luka 18:15, 16) Ka lekhetlo le leng, batho ba ile ba halefela bashanyana ba neng ba bontša kamoo ba nang le tumelo ho Jesu kateng. Empa Jesu o ile a babatsa bashanyana bao, eaba o re ho batho ba ba halefelang: “Na ha le e-s’o ka le bala see, ‘Ho tsoa melomong ea bana le ba anyang u fane ka thoriso’?”—Matheu 21:15, 16.

Bana ba ka ithuta’ng ho Jesu?

Jesu o behetse bana mohlala o motle oa hore ba thahaselle lintho tsa moea. Ha a ne a le lilemo li 12 o ile a fumanoa “ka tempeleng, a lutse har’a mesuoe ’me a e mamela le ho e botsa.” Phello e bile efe? “Bohle ba neng ba mo mametse ba ne ba makatsoa ka nako eohle ke kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae.” (Luka 2:42, 46, 47) Leha ho le joalo, tsebo eo Jesu a neng a e-na le eona ha ea ka ea etsa hore a ikhohomose. Empa e ne e etsa hore a hlomphe batsoali ba hae. Bibele e re: “A tsoela pele ho ipeha tlas’a bona.”—Luka 2:51.

E le ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 14 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 E hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.