Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ntoa ea Armagedone e Tla Tla Neng?

Ntoa ea Armagedone e Tla Tla Neng?

Ntoa ea Armagedone e Tla Tla Neng?

‘Ka talima, ’me, bonang! bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle . . . bo tsoa matšoenyehong a maholo.’—TŠENOLO 7:9, 14.

NTOA ea Armagedone e se e hleketsoe sebae. Joang?

Ho se ho ntse ho e-na le sehlopha sa batho lefatšeng ka bophara, ba sebeletsang Jehova le ba phelang ka melao e phahameng ea boitšoaro e ka Bibeleng. Ba tšehelitsoe ke Molimo, batho ba limilione ba tsoang lichabeng tsohle, melokong eohle le malemeng ’ohle, ba bokana hammoho ho theha bonngoe le lerato la bara ba motho. Bonngoe bo joalo bo fumaneha ho Lipaki Tsa Jehova.—Johanne 13:35.

Haufinyane Satane o tla bokella lebotho la hae ebe o qala ho hlasela batho bana ba khotso le ba bonahalang eka ha ba na mokhoa oa ho itšireletsa. (Ezekiele 38:8-12; Tšenolo 16:13, 14, 16) Ke eng e ka u kholisang ka taba eo? Bibele e hlalosa liketsahalo tse tobileng tse re thusang ho tseba hore na ntoa ea Armagedone e tla qala neng. Liketsahalo tse ngata tseo e li bolelang li se li ntse li phethahala.

Liketsahalo Tseo U Bonang ha li Phethahala

Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo botsa hore na batho ba tla tseba joang ha “qetello ea tsamaiso ea lintho” e se e fihlile. (Matheu 24:3) Jesu o ile a ba araba ka ho ba bolella esale pele ka nako eo, ha a re “sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” Eaba o re: “Lintho tsena tsohle ke tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.” (Matheu 24:7, 8) Moapostola Pauluse o ile a re eona nako eo ke ea “matsatsing a ho qetela,” a re matsatsi ao e tla ba “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Na ha u sheba u bona eka boprofeta boo bo bua ka lintho tse etsahalang mehleng ee?

Ke hobane’ng ha nakong ee ho tla ba thata hakaalo? Moapostola Johanne o fana ka lebaka. O ile a bolela esale pele hore Satane le bademona ba hae ba tla ba le “nako e khutšoanyane” lefatšeng mona ea ho etsa seo ba batlang ho se etsa. Nakong ena, ho hlalosoa hore Satane o tla be a “halefile haholo.” (Tšenolo 12:7-12) Na ua hlokomela hore har’a batho mehleng ee ho rena moea oa khalefo le mabifi, eseng feela sebakeng se le seng empa lefatšeng ka bophara?

Jesu o ile a boela a re nakong eona ena eo ho leng thata haholo, ho tla etsoa mosebetsi o mong o khethehileng. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso [oa Molimo] li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Kajeno, linaheng tse fetang 235, Lipaki Tsa Jehova li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka lipuo tse fetang 500. Hona joale limakasine tse peli tse thehiloeng Bibeleng tseo li li hatisang, e leng Molula-Qhooa le Tsoha!, li ajoa ka ho fetisisa lefatšeng ka bophara. Lipaki li boetse li fetoletse Bibele ka lipuo tse ka bang 100. Mosebetsi oa tsona o etsoa ke baithaopi o bile o tšehetsoa ka hohle-hohle ka menehelo ea boithatelo. Na ebe mosebetsi oo o moholo oo li o etsang o bontša hore ho phethahala boprofeta ba Jesu?

Bibele e boetse e bontša lintho tse tla etsahala tse tla lebisa ka ho toba ntoeng pakeng tsa Jehova Molimo le ba mo loantšang. Hlokomela likarolo tsena tse tharo tsa boprofeta boo u tla bona ha bo phethahala.

Liketsahalo Tseo Haufinyane U Tla Bona ha li Phethahala

Boprofeta ba Pele. Bibele e re lichaba li tla etsa phatlalatso e khōlō ea “khotso le tšireletseho.” Li tla bona eka li se li le sehlohlolong sa ho rarolla mathata a maholo. Leha ho le joalo, liketsahalo tse tla latela phatlalatso eo e ke ke ea e-ba tsa khotso.—1 Bathesalonika 5:1-3.

Boprofeta ba Bobeli. Ka mor’a moo, mebuso e tla loantša malumeli a lefatše. Ka Bibeleng, mebuso ena e tšoantšetsoa ke sebata; ’me malumeli a bohata a lefatše a tšoantšetsoa ke mosali ea palameng sebata. (Tšenolo 17:3, 15-18) Sebata sa tšoantšetso se tla etsa seo Molimo a batlang hore se se etse, se felise malumeli a ipolelang hore a emela Molimo empa ho se joalo.

Ka tsela ea tšoantšetso, moapostola Johanne o hlalosa ketsahalo ena tjena: “Linaka tse leshome tseo u li boneng, le sebata, li tla hloea seotsoa ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, li tla ja linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo. Etsoe Molimo o ho kentse ka lipelong tsa tsona ho phetha monahano oa hae.”—Tšenolo 17:16, 17.

Boprofeta ba Boraro. Ka mor’a litlhaselo tsena tsa malumeli a bohata, Satane o tla bokella lichaba hore li hlasele ba rapelang Jehova Molimo.—Tšenolo 7:14; Matheu 24:21.

Seo se Tla U Ama Joang?

Haeba ha u e-s’o fumane monyetla oa ho ithuta Bibele ka botebo, ho ka ’na ha e-ba thata hore u lumele hore liketsahalo tse hlalositsoeng ka holimo li tla hle li etsahale. Empa ho na le lebaka le utloahalang la ho tšepa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e boletsoeng e tla phethahala le hore liketsahalo tsena li tla phethahala haufinyane. Boprofeta bo bongata bo tlalehiloeng ka Bibeleng bo ileng ba phethahala bo re tiisetsa seo. *

E ka ba hantle hore u iphe nako ea ho batlisisa hore na ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li kholisehile hore ntoa “ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle” e haufi le hore na ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšoha ntoa eo. Li ka tšohla le uena taba ea hore na Bibele e re u lokela ho etsa’ng e le hore u be e mong oa bao Jehova Molimo a ba sireletsang. (Tšenolo 16:14) Seo u tla ithuta sona se ka ’na sa fetola maikutlo ao u neng u e-na le ’ona ka bokamoso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 E le hore u fumane bopaki ba hore boprofeta bo bongata ba Bibele bo ile ba phethahala, sheba khaolo ea 2 le ea 9 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Na ebe mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang o bontša ho phethahala ha boprofeta ba Bibele?