Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Na ke ’nete hore batho ba ne ba letsa makolilo mafung mehleng ea Jesu?

Bibele e bolela hore makolilo a ne a letsoa meketeng. (1 Marena 1:40; Esaia 5:12; 30:29) E boetse e bolela hore makolilo a ne a letsoa le mafung. Makolilo ke tsona feela liletsa tseo ho boleloang hore li ne li letsoa mafung. Kosepele ea Matheu e bolela hore ’musi oa Mojuda o ile a kōpa Jesu hore a folise morali oa hae ea neng a le makhatheng a lefu. Leha ho le joalo, ha Jesu a fihla ntlong ea ’musi eo, o ile “a bona ba letsang lekolilo le bongata bo le moferefereng o lerata,” kaha ngoana o ne a se a shoele.—Matheu 9:18, 23.

Na Matheu o nepile ha a tlaleha tloaelo ee? Mofetoleli oa Bibele William Barclay, o re: “Ka linako tsohle ha ho hlahile lefu kapa tlokotsi ho ne ho letsoa koli ea malla ka lekolilo hohle linaheng tsa boholo-holo tse kang Roma, Greece, Foenisia, Assyria le Palestina.” Ho latela Talmud, lekholong la pele la lilemo C.E., haesita le Mojuda ea futsanehileng ka ho fetisisa ea shoeletsoeng ke mosali o ne a hira baletsi ba babeli ba lekolilo le mosali ea tla llela mofu. Rahistori ea phetseng lekholong la pele la lilemo, Flavius Josephus, o tlaleha hore ha litaba tsa hore Baroma ba hlōtse Jotapata e Galilea le tsa ho bolaoa ha baahi ba eona ka sehlōhō ka 67 C.E. li fihla Jerusalema, “bongata ba batho ba shoeletsoeng ba ile ba hira baletsi ba lekolilo hore ba letse ha ho ntse ho binoa koli ea malla.”

Lisenyi tse ileng tsa bolaoa le Jesu li ne li entse tlōlo ea molao ea mofuta ofe?

Bibele e bitsa lisenyi tsena “masholu.” (Matheu 27:38; Mareka 15:27) Libuka tse ling tse hlalosang mantsoe a Bibele li bontša hore Mangolo a sebelisa mantsoe a fapaneng ho bontša phapang pakeng tsa mefuta ea batlōli ba molao. Lentsoe la Segerike e leng kleptes le ne le bolela lesholu le neng le etsa lintho ka sekhukhu e le hore le se ke la tšoaroa. Lentsoe lena le ile la sebelisoa ho Judase Iskariota eo ka sekhukhu a ileng a utsoa chelete ea barutuoa e neng e le ka lebokoseng. (Johanne 12:6) Ka lehlakoreng le leng, lentsoe lestes, hangata le ne le bolela motho ea utsoang ka likhoka, ea tsoang ’muso tlaase, kapa sekhukhuni. Ba ileng ba bolaoa le Jesu e ne e le lisenyi tsa mofuta ona oa bobeli. Ha e le hantle, ho tlalehoa hore e mong oa bona o ile a re: “Re amohela ka botlalo se re tšoanelang bakeng sa lintho tseo re ileng ra li etsa.” (Luka 23:41) Seo se bontša hore molato oa bona e ne e se oa bosholu feela.

Joaloka masholu ao a mabeli, Barabase o bitsoa lestes. (Johanne 18:40) Ho bontša hore Barabase e ne e se feela lesholu, ho hlakisoa ke Luka 23:19, e bolelang hore o ne a “lahletsoe chankaneng ka lebaka la bofetoheli bo itseng bo etsahalang motseng le ka lebaka la polao.”

Joale, le hoja lisenyi tse ileng tsa bolaoa le Jesu e ne e le masholu, ho ka etsahala hore ba ne ba boetse ba hlohlelletsa bofetoheli kapa e le babolai. Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba entse’ng, ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato o ile a bona ba tšoanela ho bolaoa ka ho khokhotheloa thupeng.