Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Atamela ho Molimo

Ha Molimo a Tšoarela, na oa Lebala?

Ha Molimo a Tšoarela, na oa Lebala?

KA BOKHUTŠOAANE feela, ho joalo. Jehova o tšepisa batho bao a ba amohelang sena: “Ke tla tšoarela liphoso tsa bona, ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.” (Jeremia 31:34) Kahoo Jehova o re tiisetsa hore ha a tšoarela baetsalibe ba bakileng a ke ke a hlola a hopola libe tsa bona. Empa na seo se bolela hore ’Mōpi oa bokahohle bo boholo hakaale, ha a tšoarela libe ha a khone ho li hopola? Mantsoe a Ezekiele a re hlokomelisa hore na ke joang Molimo a tšoarelang liphoso le ho li lebala.—Bala Ezekiele 18:19-22.

A sebelisa moprofeta Ezekiele joaloka ’muelli, Jehova o ile a phatlalatsa kahlolo khahlanong le baahi ba Juda le ba Jerusalema ba sa kang ba tšepahala. Sechaba ka kakaretso se ne se lahlile borapeli ba Jehova ’me naha eohle e ne e tletse pefo. Jehova o ile a bolela esale pele hore Bababylona ba tla timetsa Jerusalema. Empa le ha a ntse a bolela molaetsa oo oa kahlolo, Jehova o ile a fana tšepo. Motho e mong le e mong o ne a e-na le khetho; e mong le e mong o ne a tla ikarabella ka seo a se etsang.—Temana ea 19, 20.

Ho thoe’ng haeba ba bang ba ne ba ka fetoha, ba tlohela ho etsa bobe? Jehova o ile a re: “Mabapi le ea khopo, haeba a ka furalla libe tsohle tsa hae tseo a li entseng ’me a boloka litaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsoeng ’me a phethisa toka le ho loka, ka sebele o tla tsoela pele a phela. A ke ke a shoa.” (Temana ea 21) Ka sebele Jehova o ne a “itokiselitse ho tšoarela” moetsalibe ea furallang liketso tsa hae tse mpe ebile a bontša hore o bakile e le kannete.—Pesaleme ea 86:5.

Joale Jehova o re’ng ka libe tseo moetsalibe a li entseng? O re: “Litlōlo tsohle tsa hae tseo a li entseng—li ke ke tsa hopoloa khahlanong le eena.” (Temana ea 22) Hlokomela hore libe tsa motho ea bakileng “li ke ke tsa hopoloa khahlanong le eena.” Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

Ka Bibeleng lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “hopola” ha le bolele feela ho hopola lintho tse fetileng. Mabapi le lentsoe lena buka e ’ngoe e re: “Ha e le hantle, hangata [le] bolela ho etsa se itseng kapa moo le sebelisitsoeng le tsamaea le maetsi.” Ka hona “ho hopola” ho ka bolela ho “nka khato.” Kahoo ha Jehova a bolella moetsalibe ea bakileng hore libe tsa hae “li ke ke tsa hopoloa khahlanong le eena,” O bolela hore A ke ke a nka khato khahlanong le motho eo ka lebaka la libe tseo a li entseng, mohlomong ka ho mo qosa kapa ho mo fa kotlo. *

Lipelo tsa rōna lia ameha ha re bala Ezekiele 18:21, 22 ’me re bona kamoo Molimo a tšoarelang batho ka ho feletseng kateng. Ha Jehova a re tšoarela ha ho mohla a tla re hopotsa libe tseo re ileng ra li etsa. Ho e-na le hoo, o lahlela libe tsa ba bakileng ka mor’a hae. (Esaia 38:17) Ho joalokaha eka o hlakola tlaleho ea libe tseo.—Liketso 3:19.

Kaha ha rea phethahala, re hloka mohau oa Molimo. Etsoe re etsa libe hangata. (Baroma 3:23) Empa Jehova o batla hore re tsebe hore haeba re baka e le kannete, o ikemiselitse ho re tšoarela. Ha a tšoarela, oa re leballa—e leng se bolelang hore ha ho mohla a tla nka khato khahlanong le rōna ka ho re qosa kapa ho re otla. Seo se tšelisa hakaakang! Na mohau oa Molimo o u susumelletsa hore u atamele haufi le eena?

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka July:

Ezekiele 6-20

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Ka ho tšoanang, ho “hopola libe” ho ka bolela “ho nka khato khahlanong le baetsalibe.”—Jeremia 14:10.