Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Laela Barapeli ba Hae Hore ba Nyalane le Balumeli-’moho le Bona Feela?

Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Laela Barapeli ba Hae Hore ba Nyalane le Balumeli-’moho le Bona Feela?

▪ Molaong oo Molimo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele ho ne ho e-na le taelo ena mabapi le lichaba tse ba potolohileng: “U se ke ua etsa selekane sa lenyalo le tsona. U se ke ua fana ka morali oa hao ho mora oa hae, ’me u se ke ua nkela mora oa hao morali oa hae.” (Deuteronoma 7:3, 4) Lebaka la thibelo eo e ne e le lefe?

Taelo ena e ne e ama sechaba ka kakaretso kaha Jehova o ne a tseba hore Satane o ne a batla ho khelosa batho ba Hae, ka ho etsa hore ba rapele melimo ea bohata. Kahoo Molimo o ile a tsoela pele ho ba fa temoso ena ka ho nyalana le batho ba sa lumelang: “[Ba] tla khelosa mora oa hao hore a se ke a ntatela, ’me ka sebele ba tla sebeletsa melimo e meng.” Taba ena e ne e tebile. Haeba Baiseraele ba ne ba ka sebeletsa melimo e meng, Molimo o ne a ke ke a hlola a ba amohela le ho ba sireletsa, joale lira tsa bona li ne li tla ba felisa. Haeba ho ne ho ka ba joalo, sechaba se ne se tla hlahisa Mesia ea tšepisitsoeng joang? Ho totobetse hore Satane o ne a e-na le lebaka la hore a khelose Baiseraele hore ba nyalane le batho ba sa lumelang.

Hape taelo ena e ne e ama batho ka bomong. Re lokela ho hopola hore Molimo o tsotella motho e mong le e mong ea mo sebeletsang. O ne a tseba hore e le hore e mong le e mong oa bona a thabe le hore a atlehe bophelong o ne a lokela ho ba le kamano e haufi le eena joalokaha e le Molimo oa hae. Na hoa utloahala hore ebe Jehova o ne a tšoenyehile ka hore molekane ea sa lumelang a ka ba le tšusumetso e mpe? Nahana ka mohlala oa Morena Solomone. O ne a tseba temoso ea Jehova ka basali ba sa lumelang e reng: “[Ba] tla etsa hore lipelo tsa lōna li batle ho latela melimo ea tsona.” Ka lebaka la hore e ne e le monna ea bohlale ka tsela e ikhethileng, mohlomong o ne a nahana hore o ne a sa hloke keletso ea Molimo le hore keletso eo e ne e sa sebetse ho eena. O ile a iphapanyetsa eona. Phello e ile ea e-ba efe? “Butle-butle basali ba hae ba khelosa pelo ea hae . . . hore e latele melimo e meng.” E ile ea e-ba ntho e bohloko hakaakang! Solomone ka boeena ha aa ka a hlola a amoheloa ke Jehova ’me ka lebaka la ho se tšepahale ha hae sechaba se ile sa arohana haholo.—1 Marena 11:2-4, 9-13.

Ba bang ba ka ’na ba re ho ile ha e-ba le mekhelo molaong oo. Ka mohlala, monna oa Moiseraele Mahalone o ile a nyala mosali oa Momoabe Ruthe ’me mosali eo ea e-ba molumeli ea matla tumelong. Empa ho nyala basali ba Bamoabe ho ne ho le kotsi. Mahalone ha aa ka a babatsoa ka ho nyala ngoanana oa Momoabe; o ile a shoa a sa le monyenyane, mohlomong le pele Ruthe e e-ba morapeli oa Jehova. Kilione ngoan’abo Mahalone, o ile a nyala mosali oa Momoabe Orpa, ea ileng a lula a rata “melimo ea habo.” Ka lehlakoreng le leng, Boaze o ile a nyala Ruthe, lilemo tse ngata ka mor’a hore Ruthe e be molumeli. Ha e le hantle, hamorao Bajuda ba ile ba re ke “mosokolohi oa sebele.” Jehova o ile a hlohonolofatsa Ruthe le Boaze lenyalong la bona.—Ruthe 1:4, 5, 15-17; 4:13-17.

Na re lokela ho nahana hore mohlala o kang oa Mahalone le Ruthe ka tsela e itseng o hanyetsa keletso ea Jehova ea hore barapeli ba hae ba lokela ho nyalana le balumeli-’moho le bona feela? Ha e le hantle, na ho nahana ka tsela eo ha ho tšoane le ho etsa mohlala ka motho ea hapileng chelete e ngata papaling ea chelete ebe ho se ho nkoa hore ho iphelisa ka papali ea chelete ho nepahetse?

Kajeno, Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba nyale “feela Moreneng.” E re lemosa hore re se ke ra “kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.” Keletso ena e lebisitsoe ho Mokreste oa ’nete eo hona joale a batlang molekane. Bakeng sa ba seng ba nyalane le batho ba sa lumelang, Bibele e fana ka keletso e ka ba thusang ho sebetsana hamolemo le mathata ao ba kopanang le ’ona. (1 Bakorinthe 7:12-16, 39; 2 Bakorinthe 6:14) Likeletso tsena tsohle li bontša hore Jehova Molimo, Moqapi oa lenyalo, o batla hore rōna joaloka barapeli ba hae re thabe—ebang re lenyalong kapa che.