Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE TLISANG THABO KA LAPENG

Ho Sebelisana le Beng ka Lōna ha le le Lenyalong la Bobeli

Ho Sebelisana le Beng ka Lōna ha le le Lenyalong la Bobeli

MARGARET, * E LENG ʼMÈ E MONG OA AUSTRALIA, EA LENYALONG LA BOBELI: “Mosali ea neng a nyetsoe ke monna oa ka pele o ile a bolella bana ba hae hore ba se ke ba mamela eng kapa eng eo ke e buang, esita le ntho e bonolo joaloka ho re feela, ‘Le hopole ho hlatsoa meno.’” Margaret o nahana hore lenyalo la hae le ile la e-ba le mathata ka lebaka la leano leo le ileng la arola lelapa.

Hangata malapa a lenyalo la bobeli a thulana le mathata a ikhethang ka lebaka la beng ka banyalani. * Batsoali ba bangata ba lenyalong la bobeli ba tlameha ho buisana le batsoali ba tlhaho ba bana ka lintho tse kang ho etelana, khalemelo le tšehetso ea lichelete. Metsoalle le beng ka bona ba ka ʼna ba thatafalloa ho amohela litho tsa lelapa le lecha. A re hlahlobe hore na keletso ea Bibele e ka thusa lelapa la hao la lenyalo la bobeli joang hore le sebetsane le mathata ana.

MOKHAHLELO OA PELE: MOTSOALI OA NGOANA

’Mè e mong oa Namibia ea lenyalong la bobeli ea bitsoang Judith, o re: “’Mè oa bana ba monna oa ka o kile a bolella bana ba hae hore ke mpa feela ke le mosali e mocha oa ntate oa bona le hore ha re ka ba le bana, e ke ke ea e-ba banab’abo bona. Mantsoe a hae a ile a ntlhaba hobane ke rata bana bana joalokaha eka ke ba ka.”

Litsebi lia lumela hore kamano ea motsoali le motsoali oa tlhaho oa bana e ka ba taba e boima le e arohanyang lelapeng la lenyalo la bobeli. ’Mè oa bana le mosali oa lenyalo la bobeli, hangata ke bona ba bang  le mathata a maholo ka ho fetisisa. Ke eng e ka thusang?

Se ka u thusang: Beha meeli e bontšang ho nahanela. Haeba u ka leka ho qhelela motsoali oa ngoana ka thōko ka ho feletseng, seo se ka ʼna sa utloisa ngoana bohloko. * Batsoali ba ngoana, ‘ba mo tsoetseng,’ ke ba bohlokoa bophelong ba hae. (Liproverbia 23:22, 25) Ka lehlakoreng le leng, haeba u lumella molekane eo u arohaneng le eena hore a itšunya-tšunye lelapeng la hao, u ka nyahamisa molekane oa hao e mocha ua ba ua mo halefisa. Loanela ho etsa lintho ka teka-tekano, u behe meeli e bontšang ho nahanela e le hore u sireletse lenyalo la hao, empa le teng u ntse u sebelisana hammoho le motsoali oa ngoana kahohle kamoo ho ka khonehang.

LIKELETSO TSE EANG HO BATSOALI

  • Ha u buisana le molekane oa hao oa pele, buang haholo ka bana ba lōna ho e-na le ho qeta nako le bua ka litaba tse ling. Ka mohlala, ka bohlale u ka mo kōpa hore ha ho khoneha, le behe nako e itseng ea motšehare eo a tla lula a letsa ka eona. Sena se sebetsa hamolemo ho feta ha a letsa ka nako e ʼngoe le e ʼngoe feela kapa bosiu haholo.

  • Haeba u sa lumelloa ho bona bana ka molao, mohlomong u ka ba letsetsa, ua ba ngolla mangolo, ua ba romela melaetsa ka selefouno kapa ka e-mail e le hore u ka buisana le bona kamehla. (Deuteronoma 6:6, 7) Ba bang ba bile ba sebelisa mecha ea puisano eo ho eona u ka bonang motho eo u buang le eena. Sena se ka u thusa hore u tsebe litlhoko le mathata a bana ba hao ’me u ka khona ho ba thusa le ho feta kamoo u ka nahanang kateng.

LIKELETSO TSE EANG HO BO-ʼMÈ BA LENYALONG LA BOBELI

  • Bontša ’mè oa bana oa tlhaho ‘kutloelo-bohloko’ ka ho mo hlakisetsa hore ha u leke ho nka sebaka sa hae. (1 Petrose 3:8) Khafetsa u mo bolelle hore na bana ba hae ba ea joang nakong eo ba nang le uena, u bue haholo ka lintho tse ntle tseo ba li etsang. (Liproverbia 16:24) Kōpa keletso ea hae ʼme u mo lebohe ha a fana ka eona.

  • U se ke ua bontša bana lerato le lengata ha ’mè oa bona a le teng. ’Mè e mong ea lenyalong la bobeli ea bitsoang Beverly oa United States, o re: “Bana ba monna oa ka ba banyenyane ba ne ba rata ho mpitsa ʼMè. Re ile ra lumellana hore ho lokile ho etsa joalo ha re le lapeng empa ha ’mè oa bona, e leng Jane, a le teng, kapa ba habo ba le teng, ba se ke ba mpitsa ’Mè. ʼNa le Jane re ile ra sebelisana hamolemonyana ka mor’a moo. Ha e le hantle, hamorao re ile ra tšoarisana ka ho thusa bana ha ba e-na le lipapali sekolong le ha ba nka maeto a sekolo.”

U ka ba le tšusumetso e matla ho bana ba hao ho feta kamoo u nahanang kateng

LIKELETSO TSA HO THUSA BATSOALI LE BATSOALI BA LENYALO LA BOBELI HO SEBELISANA

    Ho ba le mekhoa e metle le tlhompho ho thusa haholo

  • Le ka mohla u se ke ua bua hampe ka motsoali oa ngoana kapa ka motsoali oa bobeli moo bana ba ntseng ba utloa. Ho bonolo hore re iphumane re se re bua hampe, empa sena se ka nyahamisa ngoana haholo. Ho feta moo, ha u tsebe hore na ngoana enoa a ka pheta mantsoe ao joang le hona neng. (Moeklesia 10:20) Haeba ngoana a u bolella hore ’mè oa hae kapa ’mè oa hae oa bobeli o u buile hampe, ameha  kamoo ngoana a ikutloang kateng. U ka ʼna ua re: “Phephi hore ebe u ile ua utloa ha a bua joalo. ʼMè oa hao o nkoatetse ʼme ka linako tse ling, ha batho ba koatile, ba bua lintho tse hlabang.”

  • Leka ho behela bana melao e sa feto-fetoheng le ho fana ka khalemelo malapeng ka bobeli. Haeba sena se sa khonehe, hlalosa phapang e teng u sa khelle motsoali e mong tlaase. Nahana ka boemo bo latelang:

    ’Mè oa lenyalong la bobeli: Thulo, ke kōpa u anehe thaole ea hao.

    Thulo: ʼNa heso re li tlohella fatše, ’Mè ke eena ea li anehang.

    ʼMè oa lenyalong la bobeli (ka bohale): O le ruta hore le be botsoa.

    Na ebe karabo ee e latelang e ka ba molemo?

    ʼMè oa lenyalong la bobeli (ka bonolo): Kea utloa. Empa mona teng re ikanehela tsona.

  • Qoba ho hlophisa lintho tseo bana ba hao ba tla li etsa nakong eo ba tla beng ba e-na le motsoali e mong. (Matheu 7:12) Haeba u ke ke ua fetola boemo, kōpa tumello ho motsoali e mong pele u bolella bana hore na u rerile eng.

LEKA HO ETSA TJENA: Nka mehato ena ka lekhetlo le latelang ha u kopana le eo e neng e le molekane oa mohats’a hao kapa eo e leng molekane oa eo e neng e le mohats’a hao:

  1. Mo shebe ka mahlong ʼme u bososele. Qoba ho feheloa, ho liha mahetla kapa ho ʼna u phethola mahlo.

  2. Mo bitse ka lebitso ha u mo lumelisa. Ka mohlala, u ka re, “Lumela Moroesi.”

  3. Mo akarelletse moqoqong haeba le le sehlopha.

MOKHAHLELO OA BOBELI: BANA BA HŌLILENG

Buka e bitsoang Step Wars e qotsa mosali e mong ea tletlebang ka hore monna oa hae o emela bana ba hae ba baholo ʼme o hana ho lumela hore baa mo tella. O re: “Sena sea nkhalefisa.” U ka etsa’ng hore kamano ea hao le bana ba hōlileng e se ke ea senya lenyalo la hao?

Se ka u thusang: Bontša kutloelo-bohloko. Bibele e re: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:24) Leka ho utloisisa tsela eo motho e mong a ikutloang ka eona. Bana ba hōlileng ba ka ʼna ba tšoha hore ba tla lahleheloa ke lerato la motsoali oa bona. Kapa ba ka ʼna ba nahana hore ha ba amohela motsoali oa bobeli, ba tla be ba sa tšepahalle motsoali oa bona oa tlhaho. Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba ka ʼna ba tšoenyeha ka hore haeba ba khalemela bana ba bona ka thata sena se tla baka lekhalo pakeng tsa bona le bana ba bona.

Etsa hore kamano e pakeng tsa hao le bana ba hao ba lenyalong la bobeli e iketsahalle ka tlhaho ho e-na le hore u ba qobelle hore ba u amohele. Ka kakaretso, hase bohlale ho leka ho qeka kapa ho hatella motho e mong hore a u rate. (Sefela sa Lifela 8:4) Kahoo, u se ke ua lebella mohlolo tabeng ea kamano ea hao le bana ba lenyalong la hao la bobeli empa u talime lintho ka tsela ea sebele.

U se ke ua bua ntho e ʼngoe le e ʼngoe eo u e nahanang, esita le haeba u tšoeroe hampe. (Liproverbia 29:11) Haeba u sa khone ho laola tsela eo u buang ka eona, rapela joaloka Morena Davida oa Iseraele ea ileng a re: “Jehova, u behe molebeli bakeng sa molomo oa ka; u behe molebeli lemating la molomo oa ka.”—Pesaleme ea 141:3.

Haeba le etsa qeto ea ho lula ntlong eo bana ba hōliselitsoeng ho eona, u tla makala ho bona hore na ba  rata ntlo eo hakaakang! Leka hore u se ke ua etsa liphetoho tse ngata, haholo-holo ka likamoreng tsa bona. Mohlomong le ka boetse la nahana ka ho batla bolulo bo bong.

LEKA HO ETSA TJENA: Haeba bana ba molekane oa hao ba seng ba hōlile ba tsoela pele ho se u hlomphe, bolella molekane oa hao hore na u ikutloa joang ʼme u mamele ka hloko hore na maikutlo a hae ke afe. U se ke ua mo qobella hore a ba khalemele. Ho e-na le hoo, etsa hore le utloisisane. Ha le “nahana ka tumellano,” le ka khona ho sebelisana ’moho hore le ntlafatse boemo boo.—2 Bakorinthe 13:11.

Leka ho rata bana kaofela ka lapeng

MOKHAHLELO OA BORARO: BENG KA LŌNA BA BANG LE METSOALLE

ʼMè e mong ea lenyalong la bobeli ea bitsoang Marion, oa Canada, o re: “Hangata batsoali ba ka ba ne ba fa mora oa ka limpho empa ba sa fe bana ba monna oa ka. Re ne re leka hore le bona re ba rekele limpho, empa ka linako tse ling re ne re sa khone.”

Se ka u thusang: Etsa hore lelapa la hao le lecha le tle pele. Bolella beng ka uena le metsoalle hore u ikemiselitse ho atlehisa lelapa la hao le lecha. (1 Timothea 5:8) Le hoja u ke ke ua lebella hore beng ka uena le metsoalle ba rate lelapa la hao le lecha kapele, u ka ba kōpa hore ba le hlomphe le ho se le khetholle. Ba hlalosetse hore na bana ba tla utloa bohloko hakae haeba ba khetholloa.

Etsa hore batsoali ba molekane oa hao oa pele ba be le seabo bophelong ba litloholo tsa bona. ʼMè e mong oa Engelane, ea bitsoang Susan, o re: “Ke ile ka nyaloa likhoeli tse 18 ka mor’a lefu la monna oa ka ʼme batsoali ba hae ba ile ba thatafalloa ho amohela monna oa ka e mocha. Boemo bo ile ba ntlafala ha re etsa hore ba be le seabo haholoanyane bophelong ba bana, le hore bana ba ba founele ʼme ra ba leboha ka ho re tšehetsa.”

LEKA HO ETSA TJENA: Buisana le molekane oa hao ka motsoalle kapa mong ka lōna eo u thatafalloang ho sebelisana le eena ebe le leka ho fumana hore na u ka ntlafatsa boemo joang.

Likamano le beng ka lōna li ka baka mathata lenyalong la hao la bobeli. Leha ho le joalo, sebelisa keletso ea Mangolo e le hore lelapa la hao le ka fumana tlhohonolofatso ena eo Bibele e e tšepisang, ha e re: “Ntlo e tla hahuoa ka bohlale, ’me e tla tiisoa ka thata ka masene.”—Liproverbia 24:3.

^ ser. 3 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 4 E le hore u fumane boitsebiso bo mabapi le ho sebetsana le mathata a mang, sheba lihlooho tse reng “Litsela Tsa ho Atlehisa Malapa a Lenyalo la Bobeli,” Tsoheng! ea April 2012, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 8 Ho hlakile hore haeba molekane oa hao oa pele a etsa litšoso kapa a le mabifi, ho ka ʼna ha hlokahala hore u mo behele meeli e thatanyana e le hore u sireletse lelapa la hao.

IPOTSE . . .

  • Nka sebelisana hamolemo joang le eo e neng e le molekane oa mohats’a ka?

  • Re ka thusa beng ka rōna le metsoalle joang hore ba se ke ba senya lelapa la rōna esita leha ba sa hlokomele?