Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Na re ka tšoareloa libe?

Hase ntho e thata hore Molimo a re amohele

Bibele e re batho bohle ke baetsalibe. Re ile ra futsa ho tloaela ho etsa sebe ho motho oa pele Adama. Ke kahoo ka linako tse ling re etsang lintho tse mpe ebe hamorao rea ikoahlaea. Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a lefella libe tsa rōna ka hore a re shoele. Ka lebaka la sehlabelo sa hae sa thekollo, re tšoareloa libe. Ena ke mpho e tsoang ho Molimo.—Bala Baroma 3:23, 24.

Batho ba bang ba entse libe tse tebileng ’me baa ipotsa hore na ebe Molimo a ka ba tšoarela. Ho thabisang ke hore Lentsoe la Molimo le re: “Mali a Mora oa hae Jesu a re hloekisa sebeng sohle.” (1 Johanne 1:7) Jehova o ikemiselitse ho tšoarela esita le libe tse tebileng, hafeela re bontša hore re bakile ka ho feletseng.—Bala Esaia 1:18.

Re lokela ho etsa’ng e le hore re tšoareloe libe?

Haeba re batla hore Jehova Molimo a re tšoarele, re lokela ho ithuta ka eena—re tsebe litsela tsa hae, re tsebe seo a se batlang ho rōna ’me re amohele keletso ea hae. (Johanne 17:3) Jehova o rata ho tšoarela ba bakelang litsela tsa bona tse mpe ’me ba leka ho fetoha.—Bala Liketso 3:19.

Hase ntho e thata hore Molimo a re amohele. Jehova o utloisisa mefokolo ea rōna. O mosa ebile o lokile. Na mosa oa hae o lerato ha o u susumelletse hore u batle ho ithuta haholoanyane ka hore na u ka mo khahlisa joang?—Bala Pesaleme ea 103:13, 14.