Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 ATAMELA HO MOLIMO

“Molimo o Rata ea Fanang a Nyakaletse”

“Molimo o Rata ea Fanang a Nyakaletse”

Ke mpho ea mofuta ofe eo u ka e ananelang e le kannete? Ha ho pelaelo hore bongata ba rōna re ka thabela mpho eo mong’a eona a susumelitsoeng ke lerato ho re fa eona, ho e-na le ea re fang hobane a tlamehile kapa a iqobella. Ha re tla tabeng ea ho fana, sepheo seo motho a fanang ka sona ke sa bohlokoa. Ke sa bohlokoa ho rōna. Habohlokoa le ho feta, ke sa bohlokoa le ho Molimo. Nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse a tlalehiloeng ho 2 Bakorinthe 9:7.

Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngola mantsoe ao? O ne a batla ho khothalletsa Bakreste ba Korinthe hore ba thuse balumeli-’moho le bona ba hlokang ba lulang Judea. Na o ile a leka ho qobella Bakorinthe hore ba fane? Che. Ho fapana le hoo, o ile a ngola a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” A re ke re hlahlobe keletso ena ka hloko.

“Feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae.” Pauluse o bontša hore Mokreste oa ’nete o fana hobane a entse qeto “pelong ea hae” hore o tla etsa joalo. Ka nako e tšoanang, o nahana ka hloko ka litlhoko tsa barapeli-’moho le eena. Setsebi se seng se bolela hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “qeto e tiileng” “le na le mohopolo oa ho ikemisetsa esale pele.” Kahoo Mokreste o nahanisisa ka litlhoko tsa balumeli-’moho le eena ebe oa ipotsa hore na a ka etsa’ng ho ba thusa.—1 Johanne 3:17.

“Eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa.” Pauluse o bua ka mefuta e ’meli ea ho fana eo Bakreste ba lokelang ho e qoba—ho fana ka lekhonono le ho fana ka ho qobelloa. Polelo ea Segerike e fetoletsoeng e le “ka lekhonono” e bolela “ka ho hlonama (kapa ka ho sareloa).” Buka e ʼngoe e hlalosa hore motho ea fanang ka lekhonono o fana ho tsoa “pelong e saretsoeng kapa e hlonameng ha a nahana ho arohana le chelete ea hae.” Motho ea fanang ka ho qobelloa o fana hobane a ikutloa a tlamehile ho etsa joalo. Ke mang eo kannete a batlang ho fumana mpho e tsoang ho motho ea fanang ka lekhonono kapa ka ho qobelloa?

“Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” Pauluse o re ha Mokreste a etsa qeto ea ho fana, o lokela ho fana a thabile. Ke ’nete hore ho fana ka sepheo se nepahetseng hoa thabisa. (Liketso 20:35) Motho ea fanang a thabile o oa bonahala. Ha e le hantle, poleloana e reng, “a thabile,” e ka hlalosa boikutlo bo ka hare le bo ka ntle ba motho ea fanang. Motho ea fanang a thabile o re thabisa e le kannete. O boetse o thabisa le Molimo. Phetolelo e ’ngoe e re: “Molimo o rata batho ba ratang ho fana.”—Contemporary English Version.

“Molimo o rata batho ba ratang ho fana”

Mantsoe a bululetsoeng a moapostola Pauluse ke molao-motheo o tataisang Bakreste tabeng ea ho fana. Ha re fana ka nako, matla kapa matlotlo a rōna, haholo-holo ho batho ba hlokang, a re faneng ka ho rata, kaha ha re etsa joalo re tla thaba haholo. Ho fana ka tsela ena ho tla re thabisa ho be ho etse hore re ratoe ke Molimo kaha O “rata ea fanang a nyakaletse.”

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka September

1 Bakorinthe le 2 Bakorinthe