Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsoho—Tšepo ea Sebele ka Bafu

Tsoho—Tšepo ea Sebele ka Bafu

Na ua lumela ha Bibele e re bafu ba tla tsoha? * Ho ka ba monate ho boela re kopana le baratuoa ba rōna ba shoeleng. Empa na ke ntho e utloahalang ho ba le tšepo eo? E le hore re fumane karabo ea potso eo, e ka ba hantle hore re tšohle mohlala oa baapostola ba Jesu Kreste.

Baapostola ba ne ba lumela ka tieo hore bafu ba tla tsoha. Hobane’ng? Ka mabaka ana a mabeli. La pele, ntho e ka sehloohong e neng e etsa hore ba be le tšepo ke ena: Jesu ka boeena o ne a tsositsoe bafung. Baapostola—le “barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe”—ba ile ba bona Jesu ka mor’a hore a tsosoe. (1 Bakorinthe 15:6) Ho ekelletsa moo, batho ba bangata ba ile ba paka le ho lumela hore kannete Jesu o ile a tsosoa, joalokaha Likosepele tse ’nè li bontša.—Matheu 27:62–28:20; Mareka 16:1-8; Luka 24:1-53; Johanne 20:1–21:25.

La bobeli, baapostola ba ile ba bona ha Jesu a ne a tsosa batho ba bararo—oa pele e ne e le oa Naine, e mong e le oa Kapernauma ’me oa ho qetela e ne e le oa Bethani. (Luka 7:11-17; 8:49-56; Johanne 11:1-44) Motho oa ho qetela eo Jesu a ileng a mo tsosa eo ho builoeng ka eena qalong ea makasine ena, e ne e le motho eo Jesu a neng a rata lelapa labo haholo. A re ke re bone hore na ho ile ha etsahala’ng.

“KE ’NA TSOHO”

“Khaitseli ea hao e tla tsoha.” Jesu o ile a bua mantsoe ao ho Maretha, eo khaitseli ea hae Lazaro e neng e e-na le matsatsi a mane e shoele. Qalong Maretha o ne a sa utloisise hore na Jesu o bolela’ng. O ile a re: “Kea tseba hore o tla tsoha,” empa Maretha o ne a sa nahane hore ke ntho e neng e tla etsahala ka eona nako eo. Ak’u nahane hore na Maretha o ile a makala hakae ha a utloa Jesu a re “ke ’na tsoho le bophelo” ’me a bona ha Jesu a tsosa khaitseli ea hae bafung!—Johanne 11:23-25.

Lazaro o ne a le hokae matsatsing ao a mane ka mor’a hore a shoe? Ha ho na letho leo Lazaro a ileng a le bua le bontšang hore o ne a ntse a phela sebakeng se seng matsatsing ao a mane. Ha ho na moea o ileng oa tsoa ho Lazaro ’me oa ea phela leholimong. Ha Jesu a ne a tsosa Lazaro, ha aa ka a mo tlosa leholimong moo a neng a thabile a le haufi le Molimo ’me a mo theolela lefatšeng. Joale, Lazaro o ne a le hokae matsatsing ao a mane? Ha e le hantle, o ne a robetse lebitleng.—Moeklesia 9:5, 10.

Hopola hore Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko boo motho a ka tsosoang ho bona ka hore a tsosoe bafung.  Tlaleho eo e bolela hore Jesu o ile a re: “‘Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.’ Ka hona barutuoa ba re ho eena: ‘Morena, haeba a phomotse, o tla fola.’ Leha ho le joalo, Jesu o ne a bua ka lefu la hae. Empa ba ne ba nahana hore o bua ka ho phomola borokong. Ka hona, ka nako eo, Jesu a re ho bona ka ho toba: ‘Lazaro o shoele.’” (Johanne 11:11-14) Ka ho tsosa Lazaro, Jesu o ile a etsa hore a phele hape ’me a mo boelanya le ba lelapa labo. Ruri Jesu o ile a fa lelapa leo mpho e babatsehang!

Batho bao Jesu a ileng a ba tsosa ha a ne a le lefatšeng e ne e le pontšo ea seo a tla se etsa ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. * Nakong ea ha a busa e le morena, Jesu ea leng leholimong o tla tsosa batho ba robetseng mabitleng. Ke kahoo a ileng a re, “ke ’na tsoho.” Ak’u nahane hore na u tla thaba hakaakang ha u bona batho bao u ba ratang hape! Hape, nahana hore na ba tsositsoeng le bona ba tla thaba hakaakang!—Luka 8:56.

Nahana hore na u tla thaba hakaakang ha u boela u bona batho bao u ba ratang hape!

HO BA LE TUMELO EA HORE RE TLA PHELA KA HO SA FELENG

Jesu o ile a re ho Maretha: “Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela; e mong le e mong ea phelang ’me a bontša tumelo ho ’na ho hang a ke ke a shoa le ka mohla.” (Johanne 11:25, 26) Batho bao Jesu a tla ba tsosa nakong ea ha a busa ka lilemo tse sekete ba tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng—hafeela ba bontša tumelo ho eena e le kannete.

“Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.”—Johanne 11:25

Ka mor’a hore Jesu a bue mantsoe ao a thabisang mabapi le tsoho ea bafu, o ile a botsa Maretha potso e fatang maikutlo, a re: “‘Na u lumela see?’ A re ho eena: ‘E, Morena; ke lumetse hore ke uena Kreste Mora oa Molimo.’” (Johanne 11:26, 27) Na le uena u ne u ka rata ho ba le tumelo e tšoanang le eo Maretha a neng a e-na le eona ka tsoho ea bafu? Bohato ba pele ke hore re tsoele pele ho rua tsebo ka hore na morero oa Molimo ke ofe ka batho. (Johanne 17:3; 1 Timothea 2:4) Tsebo e joalo e ka etsa hore motho a be le tumelo. Re u mema hore u kōpe Lipaki Tsa Jehova li u bontše seo Bibele e se rutang ka taba ena. Li tla thabela ho buisana le uena ka tšepo e babatsehang ea tsoho ea bafu.

^ ser. 2 Sheba sehlooho se reng “Bafu ba Tla Phela Hape!” leqepheng la 6 makasineng ena.

^ ser. 9 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le tšepiso ea Bibele ea tsoho ea bafu, sheba khaolo ea 7 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha ho www.ps8318.com/st.