Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BIBELE E FETOLA BATHO

“Jehova ha aa ka a Ntebala”

“Jehova ha aa ka a Ntebala”
  • SELEMO SA TSOALO: 1922

  • NAHA EA HESO: SPAIN

  • PELE: KE NE KE RUTA LITHUTO TSA K’HATHOLIKE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse motseng o neng o itekanetse moruong oa Bilbao, o karolong e ka leboea ea Spain. Ke ne ke le ngoana oa bobeli ho ba bane. Lapeng re ne re le Mak’hatholike a popota ’me ke ne ke ea ’Miseng letsatsi le letsatsi. Ha ke le lilemo li 23, ke ile ka ba tichere—e leng mosebetsi oo ke neng ke o rata le oo ke ileng ka o etsa ka lilemo tse 40. Har’a lithuto tseo ke neng ke li ruta, ke ne ke le motlotlo haholo ho ruta thuto ea bolumeli ba K’hatholike ’me mantsiboea ke ne ke e ruta banana e le ho ba lokisetsa ho ja selallo ka lekhetlo la pele.

Monna oa ka o ile a hlokahala ka mor’a lilemo tse 12 re nyalane ’me ke ile ka tlameha ho hōlisa barali ba ka ba bane ke le mong. Ke ne ke le lilemo li 33 feela! Ke ile ka leka ho fumana matšeliso bolumeling ba ka ba K’hatholike, leha ho le joalo, ke ne ke lula ke ipotsa lipotso tse kang: ‘Haeba Kreste o re lopolotse sebeng, ke hobane’ng ha batho ba ntse ba tsoela pele ba e-shoa? Ke hobane’ng ha re rapella hore ’Muso oa Molimo o tle haeba batho ba lokileng ba ea leholimong? Haholo-holo ke ne ke ipotsa: ‘Haeba Molimo a re ahlola ha re shoa, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore hamorao re tlohe leholimong, pelekatoring kapa liheleng e le hore re tl’o ahloloa la ho qetela?’

Ke ile ka botsa baprista ba bang lipotso tseo. E mong oa bona o ile a re: “Ha ke tsebe. Botsa mobishopo. Ke hobane’ng ha u batla ho tseba; akere u lumela ho Molimo? Tlohela ho botsa lipotso tseo!” Empa ha kea ka ka tela ho batla likarabo. Ka mor’a moo, ke ile ka ba teng lipuong tse neng li fanoa ke Majesuite, Mapentekonta le Magnostic. Empa ho ne ho se na ea mphang likarabo tse nkhotsofatsang.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ha ke le lilemong tsa bo-60, e mong oa bana bao ke neng ke ba ruta ea lilemo li supileng o ile a ’memela libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka khahloa ke seo ke ileng ka se bona le ho se utloa, empa ka lebaka la hore ke ne ke lula ke phathahane, ha kea ka ka hlola ke kopana le Lipaki hape ka nako eo. Lilemo tse peli ka mor’a moo, banyalani ba bang ba Lipaki, e leng Juan le Maite ba ile ba fihla lapeng. Ho ile ha fela likhoeli tse tharo ke ntse ke ba hloma lipotso ’me bona ba nkaraba hoo qetellong ke ileng ka ithuta Bibele le bona.

 Ke ne ke lula ke lakatsa eka ba ka khutla hape. Ke ne ke hlahloba ka hloko lintho tsohle tseo ke neng ke ithuta tsona, ke sebelisa liphetolelo tse tharo tsa Bibele hore ke etse bonnete ba hore Lipaki Tsa Jehova li ne li ruta ’nete. Ha hoa nka nako e telele hore ke hlokomele hore ke qetile lilemo tse mashome ke ferekane. Ke ile ka khathatseha ha ke hlokomela hore lintho tseo ke neng ke li lumela li ne li fapane haholo le seo ke neng ke ithuta sona ka Bibeleng. Ke ile ka tsieleha, litumelo tsa ka li ne li tšoana le sefate se metseng ka metso se ntseng se fotholoa.

Ke ne ke tseba hore ke fumane letlotlo

Monna oa ka oa bobeli le eena o ile a kula haholo eaba oa hlokahala. Ka nako eo, ke ile ka lihela mosebetsing ’me ka falla Bilbao ka nakoana. Juan le Maite le bona ba ile ba falla. Ka masoabi, ke ile ka khaotsa ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, botebong ba pelo ea ka ke ne ke tseba hore ke fumane letlotlo. Ha kea ka ka le lebala.

Lilemo tse 20 hamorao, ha ke le lilemo li 82, Juan le Maite ba ile ba khutlela Bilbao ’me ba nketela. Ke ile ka thaba haholo ha ke ba bona hape! Ke ile ka hlokomela hore Jehova ha aa ka a ntebala ’me ke ile ka qala ho ithuta hape. Juan le Maite ba ne ba sa mphelle pelo, ha ke ntse ke botsa lipotso li le ling hangata. Ke ne ke hloka ho utloa likarabo tse tsoang ka Bibeleng hangata e le hore ke khone ho khaola maqhama ao ke neng ke e-na le ’ona le lintho tseo ke neng ke li lumela. Ke ne ke boetse ke batla ho itlhomella hantle e le hore ke tle ke khone ho hlalosetsa metsoalle le ba lelapa la ka linnete tsa Bibele.

Letsatsi leo ke neng ke kolobetsoa ka lona—ke le lilemo li 87—e ne e le le thabisang ka ho fetisisa bophelong ba ka. Ke ile ka kolobetsoa kopanong ea Lipaki Tsa Jehova. Moholo oa Mokreste o ile a fana ka puo e neng e thehiloe Bibeleng e neng e tobisitsoe haholo-holo ho rōna ba neng ba tlil’o kolobetsoa. Ha ke utloa puo eo ke ile ka lla. Ke ile ka e mamela joalokaha eka Jehova o ne a bua le ’na ka ho toba. Ha ke qeta ho kolobetsoa, Lipaki tse ngata li ile tsa tla ho ’na tsa thaba le ’na—le hoja bongata ba tsona ke ne ke sa li tsebe!

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Ke ne ke ntse ke tseba hore Jesu Kreste ke “tsela.” (Johanne 14:6) Empa ha ke ithuta Bibele ke ile ka khona ho tseba Jehova, e leng eo Jesu a re lebisang ho eena. Joale ke se ke rapela Molimo joaloka Ntate ea ratehang le Motsoalle. Ho bala buka ea Atamela ho Jehova * ho ile ha fetola bophelo ba ka. Ha ke qala ho e bala, ke ile ka e qeta ka bosiu bo le bong! Ke ile ka ameha maikutlo ha ke ithuta kamoo Jehova a leng mohau e le kannete kateng.

Ha ke nahana ka tsela e telele eo ke e tsamaileng ke batla ’nete, ke nahana ka mantsoe a Jesu a reng: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.” (Matheu 7:7) Kaha joale ke fumane likarabo tsa lipotso tseo ke neng ke ntse ke li batla, ke thaba haholo ha ke bolella ba bang ka tsona.

Le hoja ke le lilemo li 90, ho na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke lokela ho ithuta tsona ka Jehova. Seboka se seng le se seng seo ke bang teng ho sona Holong ea ’Muso e ba ketsahalo e khethehileng—ke fumana tsebo ea bohlokoa ebile ke thabela ho ba le bara le barali babo rōna bao ke ba ratang. Ke lakatsa ho ba tichere hape lefatšeng la Paradeise leo Molimo a le tšepisitseng. (Tšenolo 21:3, 4) Haholo-holo ke labalabela ho bona baratuoa ba ka ba shoeleng ba phela hape ’me ke ba ruta ’nete ea Bibele. (Liketso 24:15) Ke emetse ho ba bolella kamoo Jehova a ileng a mpha mpho ea bohlokoa kateng botsofaling ba ka!

^ ser. 15 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.