Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Ke Ithutile ho Itlhompha le ho Hlompha Basali

Ke Ithutile ho Itlhompha le ho Hlompha Basali
  • KE HLAHILE KA: 1960

  • NAHA EA HESO: FORA

  • PELE: KE NE KE RATA NTOA, KE LE LEKHOBA LA LITHETHEFATSI EBILE KE SA HLOMPHE BASALI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse Mulhouse, e leng motse o ka leboea-bochabela ho Fora. Ke motse o futsanehileng le o tummeng ka bokebekoa. Ke hopola kamoo malapa a neng a atisa ho loantšana kateng motseng oa rōna. Lelapeng leso basali ba ne ba sa hlomphuoe ho hang ’me banna ba etsa liqeto ntle le ho rerisana le bona. Ke ile ka rutoa hore mosali o etselitsoe ho sebetsa lapeng le ho hlokomela monna le bana.

Ke hōtse ka thata. Ha ke le lilemo li leshome Ntate o ile a bolaoa ke ho noa haholo. Lilemo tse hlano ka mor’a moo abuti oa ka o ile a ipolaea. Selemong sona seo, ke ile ka bona ha setho sa lelapa leso se bolaea se seng. Ketsahalo eo e ile ea ntšosa haholo. Litho tsa lelapa leso li ile tsa nthuta ho sebelisa thipa, sethunya le ho loana ha ho hlokahala. Kaha ke ne ke ferekane, ke ile ka tlatsa ’mele oa ka ka lithathu ’me ka qala ho noa.

Ha ke le lilemo li 16, ke ne ke noa libotlolo tsa biri tse leshome ho isa ho tse 15 ka letsatsi, ’me ho e-s’o ee kae ka qala ho sebelisa lithethefatsi. Ke ne ke rekisa litšepe tsa khale ebile ke utsoa e le hore ke fumane lintho tsena. Ke ile ka kena teronkong le pele ke e-ba lilemo li 17. Ka ahloloa ka makhetlo a 18, ke ahloleloa ho utsoa le ho baka merusu.

Boemo ba ka bo ile ba mpefala le ho feta ha ke le lilemo li ka tlaase ho 25. Ke ne ke tsuba matekoane ka makhetlo a 20 ka letsatsi, ke tsuba heroine le lithethefatsi tse ling. Ke khutlile lintšing tsa lefu ka makhetlo ka lebaka la ho li tsuba haholo. Ke ile ka qala ho rekisa lithethefatsi, kahoo ke lula ke tšoere thipa le sethunya. Ka letsatsi le leng ke ile ka leka ho thunya monna e mong, ka lehlohonolo kulo ea otla tšepe ea lebanta la hae feela! ’Mè o ile a hlokahala ha ke le lilemo li 24, ’me ke ile ka ba mabifi le ho feta. Tseleng batho ba ne ba mpaleha. Kaha ke ne ke rata ho loana, mapolesa a ne a ntšoara hangata. Hape ke lula ke ea sepetlele ke il’o rokoa maqeba.

Ke ile ka nyala ha ke le lilemo li 28. Ka lebaka la tsela eo ke hōlisitsoeng ka eona, ke ne ke sa hlomphe mosali oa ka. Ke ne ke mo rohaka ke bile ke mo otla. Ha ho mohla ke neng ke etsa lintho le eena. Ke ne ke nahana hore ho lekane ha ke ntse ke mo fa lifaha le masale ao ke a utsoitseng. Ka mor’a nako ho ile ha etsahala ntho eo ke neng ke sa e lebella. Mosali oa ka o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a hore a ithute ka lekhetlo la pele, o ile a khaotsa ho tsuba, a hana ho nka chelete eo ke e utsoitseng ’me a khutlisa lifaha le masale tseo ke neng ke mo file tsona. Ke ile ka halefela haholo. Ke ne ke mo thibela ho ithuta Bibele ’me ke mo butsoela ka mosi oa sakerete mahlong. Ke boetse ke mo tlotlolla le har’a motse.

Bosiung bo bong ke ne ke tahiloe haholo ’me ka chesa ntlo ea rōna. Mosali oa ka o ile a mpholosa le morali oa rōna ea lilemo li hlano. Ha ke hlaphoheloa, ke ile ka ikutloa ke le molato haholo. Ke ne ke nahana hore Molimo a ke ke a ntšoarela. Ke hopola ke utloa moruti e mong a re batho ba khopo ba ea liheleng. Esita le ngaka ea mafu a kelello e ile ea re ho ’na: “Ha u sa tla loka!”

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ka mor’a moo, re ile ra lula le batsoali ba mosali oa ka. Ke ile ka botsa Lipaki tse neng li mo etetse hore na Molimo o tla ke a ntšoarele libe tsohle tseo ke li entseng. Li ile tsa mpontša lengolo la 1 Bakorinthe 6:9-11. Le bontša boitšoaro boo Molimo a bo nyatsang, empa hape le re: “Ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona.” Mantsoe ao a ile a mpontša hore nka fetoha. Ka mor’a moo, Lipaki tseo li ile tsa ntiisetsa hore Molimo oa nthata ka hore li mpalle lengolo la 1 Johanne 4:8. Ke ile ka ikutloa ke khothetse hoo ke ileng ka kōpa ho ithuta Bibele le tsona habeli ka beke ’me ka qala ho etela phuthehong ea tsona. Ke ne ke lula ke rapela Jehova.

Ka mor’a khoeli feela ke ithuta le tsona, ke ile ka etsa qeto ea ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi le ho noa joala. Empa ho e-s’o ee kae, ka qala ho kula! Ke ne ke lora litoro tse tšosang, ke tšoaroa ke hlooho, ke ba le likerempe ke bile ke tšoaroa ke lintho tse ling tse bakoang ke ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi. Leha ho le joalo, ke ne ke utloa hore Jehova o na le ’na ’me oa ’matlafatsa. Ke ile ka ikutloa joaloka moapostola Pauluse. Ka mor’a hore Molimo a mo thuse, o ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:13) Ha nako e ntse e ea ke ile ka khaotsa ho tsuba.—2 Bakorinthe 7:1.

Bibele e ile ea nthusa hore ke ntlafatse bophelo ba ka le hore lelapa la ka le thabe. Ke ile ka khaotsa ho tšoara mosali oa ka hampe. Ka qala ho mo hlompha le ho ithuta ho re “kea kōpa” le ho re “kea leboha.” Hape ke ile ka ba ntate oa sebele ho morali oa rōna. Ka mor’a ho qeta selemo ke ithuta Bibele, ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova ’me ka kolobetsoa e le ha ke latela mohlala oa mosali oa ka.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Ke kholisehile hore melao-motheo ea Bibele e pholositse bophelo ba ka. Esita le litho tse ling tsa lelapa leso tseo eseng Lipaki li re hoja e se ka Bibele nka be ke bolailoe ke lithethefatsi kapa batho.

Ke se ke tšoara ba lelapa la ka hantle kaha ke ithutile ka Bibeleng hore na boikarabelo ba ka ke bofe joaloka monna le motsoali. (Baefese 5:25; 6:4) ’Na le ba lelapa la ka re se re etsa lintho ’moho. Hona joale ha ke sa nka hore mosali oa ka o etselitsoe ho hlokomela lelapa feela, empa kea mo tšehetsa ha a etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele, oo a qetang lihora tse 70 ka khoeli a o etsa. Le eena oa ntšehetsa kaha ke se ke le moholo ka phuthehong.

Lerato leo Jehova Molimo a re ratang ka lona le mohau oa hae, li fetotse bophelo ba ka haholo. Ke rata ho bolella batho bao ho nkoang hore ke bo-ba-e-hlōtse ka makhabane a Molimo kaha le ’na nkile ka tšoana le bona. Kea tseba hore Bibele e na le matla a ho thusa motho e mong le e mong hore a phele bophelo bo hloekileng ’me a tsebe hore na o phelela’ng. Bibele e nthutile hore ke hlomphe motho e mong le e mong, ebang ke monna kapa mosali, hape e nthusitse hore ke itlhomphe.