Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | BOHLOKO BA HO SHOELOA

Kamoo U ka Sebetsanang le Bohloko ba ho Shoeloa

Kamoo U ka Sebetsanang le Bohloko ba ho Shoeloa

Batho ba ka u fa likeletso tse ngata tabeng ena. Leha ho le joalo, ha se tsohle tse ka u thusang. Ho etsa mohlala, ba bang ba ka u eletsa hore u se ke oa lla kapa oa bontša hore u utloile bohloko. Ba bang bona ba ka u eletsa hore u lle u ntše bohloko. Empa Bibele e fana ka keletso e molemo ka ho fetisisa eo lingaka li lumellanang le eona.

Litsong tse ling ho thoe monna ke nku ha a lle. Na u hlajoa ke lihlong ha u lokela ho lla moo u leng mong esita le ka pel’a batho? Litsebi tsa mafu a kelello li re ho tloaelehile hore motho a lle ha a utloile bohloko. Ho lla ho ka u thusa hore u tsoele pele ka bophelo ka mor’a nako e itseng ho sa tsotellehe hore na u lahlehetsoe hakae. Empa ho ipipetsa ho ka u kulisa. Bibele e hanana le hore banna ha baa lokela ho lla kapa hore ho phoso ho lla. Nahana ka mohlala oa Jesu. Le hoja a ne a e-na le matla a ho tsosa bafu, o ile a lla ha motsoalle oa hae Lazaro a hlokahetse.—Johanne 11:33-35.

Ho tloaelehile hore motho a ikutloe a halefile ha a shoetsoe, haholo-holo haeba motho eo a mo ratang a hlokahetse ka tšohanyetso. Ho na le mabaka a mangata a etsang hore motho a ikutloe a halefile, a kang ha batho bao a ba tšepang ba bua feela ba sa nahana kapa ba sa bue ’nete. Monna e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang Mike o re: “Ntate o hlokahetse ke le lilemo li 14. Lepatong la hae, moruti oa Chache o ile a re Molimo o hloka batho ba lokileng, kahoo o potlakela ho ba nka. * Mantsoe ao a ile a nkhalefisa hobane re ne re hloka ntate oa rōna haholo. E se e le lilemo tse 63 a hlokahetse empa ke ntse ke utloile bohloko.”

Ho boetse ho tloaelehile hore motho a ikutloe a le molato, haholo-holo haeba motho eo a mo ratang a hlokahetse ka tšohanyetso. Motho ea hlokahalletsoeng a ka ’na a re: ‘A ka be a sa hlokahala haeba ke sa ka ka etsa sena kapa sane.’ Kapa mohlomong u ile oa qoaketsana le mofu pele a hlokahala. Taba eo e ka etsa hore u ikutloe u le molato le ho feta.

Haeba u ikutloa u le molato kapa u halefile, ha oa lokela ho thōla feela. Ho e-na le hoo, buisana le motho ea tla u mamela a be a u tiisetse hore batho ba bangata ba ikutloa ka tsela eo ha ba hlokahalletsoe. Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Motsoalle ea molemo ka ho fetisisa ke ’Mōpi oa rōna e leng Jehova Molimo. Mo bolelle maikutlo a hao ha u rapela hobane ‘oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Ho feta moo, o tšepisa hore bohle ba etsang joalo ba tla ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bafilipi 4:6, 7) Hape, bala Bibele e le hore u fumane matšeliso a tsoang ho Molimo. Ngola litemana tsa Bibele tse khothatsang. (Sheba  lebokose le sehloohong sena.) U ka ba oa tšoara tse ling ka hlooho. Ho nahana ka litemana tseo ho ka u thusa, haholo-holo ha u le mong bosiu ebile u sitoa ho robala.—Esaia 57:15.

Haufinyane tjena mosali oa monna ea lilemo li 40 eo re tla mo bitsa Jack, o ile a bolaoa ke kankere. Jack o re ka linako tse ling o jeoa ke bolutu. Empa o re o thusoa ke ho rapela. O re: “Ha ke rapela Jehova, ke utloa ho ba betere. Hangata ke phaphama har’a bosiu ebe ha ke sa khona ho robala. Ka mor’a hore ke bale ’me ke nahanisise ka litemana tsa Bibele tse khothatsang le ho rapela, ke ba le khotso ebe ke khona ho robala.”

’Mè oa mosali ea bitsoang Vanessa o ile a hlokahala ka lebaka la bokuli. Vanessa le eena o ile a thusoa ke ho rapela. O re: “Ha ke ikutloa ke imetsoe, ke ne ke bitsa lebitso la Molimo ebe kea lla. Kamehla Jehova o ne a mamela lithapelo tsa ka ’me a mpha matla.”

Litsebi tse eletsang batho ba hlokahalletsoeng, li ba khothalletsa hore ba thuse batho ba bang kapa ba ithaopele ho etsa litšebeletso tsa sechaba. Ho etsa joalo ho ka etsa hore ba thabe ’me ha kokobetsa bohloko. (Liketso 20:35) Bakreste ba bangata ba hlokahalletsoeng ba hlokometse hore ho thusa batho ba bang hoa ba khothatsa.—2 Bakorinthe 1:3, 4.

^ ser. 5 Bibele ha e rute thuto ena. Ho e-na le hoo, e bua ka lintho tse tharo tse bakang lefu.—Moeklesia 9:11; Johanne 8:44; Baroma 5:12.