Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA | REBEKA

“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”

“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”

REBEKA o ne a shebile maralla ha meriti e hlahlamela lithaba. Ho ne ho se ho fetile libeke a le leetong ka kamele, ’me a se a tloaetse tsela eo e tsamaeang ka eona. O ne a se a le hōle le motse oa habo oa Harane. Mohlomong o ne a ke ke a hlola a bona ba lelapa labo. Kaha o ne a se a le haufi le ho fihla moo a eang, e ka ’na eaba o ne a ipotsa lipotso tse ngata ka bokamoso ba hae.

Eena le batho bao a neng a tsamaea le bona ba ne ba se ba fetile libaka tse ngata tsa Kanana ’me joale ba kena naheng e omeletseng ea Negebe. (Genese 24:62) E ka ’na eaba Rebeka o ile a bona linku ha ba fihla moo. Le hoja naha eo e ne e omeletse le mobu oa eona o le mobe, ho ne ho ntse ho e-na le limela tseo liphoofolo li ka li jang. Monna-moholo eo ba neng ba tsamaea le eena o ne a tseba naha eo. O ne a tatetse ho bolella mong’a hae litaba tse monate tsa hore Rebeka e tla ba mosali oa Isaka! Leha ho le joalo, e ka ’na eaba Rebeka o ne a ntse a ipotsa hore na u tl’o phela joang naheng eo. Hore na ebe monna oa hae Isaka o joang. Ba ne ba e-s’o kopane! O ne a ipotsa hore na Isaka o tla thaba ha a mo bona. Le hore na eena o ne a tla ikutloa joang ka Isaka.

Mehleng ena batho ba bangata ba ka bona taba ea ho khetheloa molekane e le ntho e makatsang. Empa ke ntho e tloaelehileng libakeng tse ling. Ho sa tsotellehe hore na u hōletse moo batho ba khetheloang balekane kapa che, oa utloisisa hore Rebeka o ne a ea moo a sa tsebeng. Ho hlakile hore Rebeka o ne a le sebete a bile a e-na le tumelo. Re hloka makhabane ao ha maemo a bophelo ba rōna a fetoha. Rebeka o ne a se na tumelo feela, empa o ne a boetse a e-na le makhabane a mang.

“LE LIKAMELE TSA HAO KE TLA LI KHELLA METSI”

Rebeka o ne a sa tsebe hore bophelo ba hae bo ka fetoha ka lebaka la lintho tse molemo tseo a neng a tloaetse ho li etsa. E ka ’na eaba o hōletse motseng oa Harane, e Mesopotamia. Batsoali ba hae ba ne ba sa tšoane le baahi ba bang ba Harane. Ba ne ba sa rapele molimo oa khoeli ea bitsoang Sine empa ba ne ba rapela Jehova Molimo.—Genese 24:50.

Rebeka e ne e le moroetsana e motle, empa e ne e se botle bo mahlong feela. O ne a khothetse ’me a itšoere hantle. Lelapa labo le ne le ruile ’me le e-na le basebetsi ba bangata, empa Rebeka o ne a sa tefisoe kapa a tšoeroe joaloka khosatsana. Batsoali ba hae ba ne ba mo rutile ho sebetsa ka thata. O ne a etsa mosebetsi o boima joaloka basali ba mehleng eo, e akarelletsang ho khella lelapa labo metsi. Mantsiboea o ne a nka nkho a ea selibeng.—Genese 24:11, 15, 16.

Mantsiboeeng a mang ha a qeta ho tlatsa nkho, o ile a bona monna-moholo e mong a tla ho eena. Monna-moholo eo o ile a re ho eena: “Ka kōpo, mphe metsinyana ka nkhong ea hao.” O ne a bua le Rebeka a ikokobelitse. Rebeka o ile a elelloa hore monna-moholo eo o tsoa hōle. Kahoo a theola nkho lehetleng ’me a mo fa metsi, eseng metsinyana feela, empa a lekaneng ho mo nyorolla. O ile a bona hore monna-moholo eo o tsamaea ka likamele tse leshome eaba oa hlokomela hore senoelo se ne se se na metsi e le hore li ka noa. Hape o ile a hlokomela tsela e mosa eo monna-moholo eo a mo shebileng ka eona, ’me a batla ho mo thusa kahohle kamoo a ka khonang. Kahoo o ile a re: “Le likamele tsa hao ke tla li khella metsi ho fihlela li qetile ho noa.”—Genese 24:17-19.

Rebeka ha aa ka a tšella likamele tseo metsinyana feela, empa o ile a li tšella metsi a lekaneng hore li khotsofale. Kamele e le ’ngoe e nyoriloeng e ka noa lilithara tse fetang 95 tsa metsi! Haeba likamele tseo tse leshome li ne li nyoriloe kaofela, Rebeka o ne a tla lokela ho qeta lihora tse ngata a ntse a li khella metsi. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka li ne li nyoriloe haholo. * Empa na Rebeka o ne a tseba seo? Che. O ne a ikemiselitse ho etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa monna-moholo eo. Le eena o ile a amohela thuso ea Rebeka. O ne a shebile Rebeka ka hloko ha a ntse a ea holimo le tlaase a tšela metsi ka senoelong.—Genese 24:20, 21.

Rebeka o re behetse mohlala o motle. Batho ba mehleng ena ke baithati. Bibele e ile ea bolela khale hore “batho e tla ba baithati,” le ba sa ikemisetsang ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho thusa ba bang. (2 Timothea 3:1-5) Bakreste ba sa batleng ho tšoana le batho bao, ba lokela ho etsisa mosali eo oa mehleng ea Bibele ea neng a iteletse ho thusa monna-moholo ea sa mo tsebeng.

Rebeka o ile a hlokomela tsela eo monna-moholo a neng a mo shebile ka eona. O ne a sa mo sheba ka tsela e litšila, empa o ne a mo shebile ka ho makala, a hloletsoe a bile a thabile. Monna-moholo eo o ile a fa Rebeka lifaha tse ntle le masale hobane a mo thusitse. Eaba o re: “U morali oa mang? Na ho na le sebaka ka tlung ea ntat’ao e le hore re hlole bosiu teng?” O ile a thaba le ho feta ha Rebeka a mo bolella ka lelapa labo. Rebeka o ile a re: “Re na le joang le furu e ngata, le sebaka sa ho hlola bosiu.” O ne a bontša hore o nahanela batho ba tsamaeang le monna-moholo eo le likamele tsa bona. Ka mor’a moo, a potlakela lapeng ho ea bolella ’m’ae ka se etsahetseng.—Genese 24:22-28, 32.

Ho hlakile hore Rebeka o ne a rutiloe ho amohela baeti. Batho ba mehleng ena ha ba sa na moea oo. Re lokela ho etsisa tsela e mosa eo Rebeka a neng a tšoara batho ka eona ’me re be le tumelo e tšoanang le ea hae. Ha re lumela ho Molimo re lokela ho fana hobane le eena oa fana ’me o batla hore batho ba mo rapelang ba etse se tšoanang. Ha re etsetsa batho lintho esita le haeba ba ke ke ba re fa letho, rea mo thabisa.—Matheu 5:44-46; 1 Petrose 4:9.

‘U NKELE MORA OA KA MOSALI’

Monna-moholo ea neng a bua le Rebeka selibeng e ne e le mang? E ne e le mohlanka oa Abrahama, e leng abuti oa ntate-moholo oa Rebeka. Kahoo, o ile a amoheloa lelapeng la Bethuele, e leng ntate oa Rebeka. Mohlomong lebitso la mohlanka eo e ne e le Eliezere. * Lelapa labo Rebeka le ile la mo fa lijo, empa o ile a li hana a re a ke ke a ja pele a ba bolella lebaka leo a ba etetseng ka lona. (Genese 24:31-33) Mohlomong o ne a bua a thabile, kaha o ne a bone bopaki ba hore Jehova Molimo oa hae o hlohonolofalitse leeto la hae. Ka tsela efe?

Nahana ntate oa Rebeka, e leng Bethuele le moen’ae Labane ba mametse Eliezere ka hloko ha a ntse a ba phetela pale ea hae. O ile a ba bolella hore Jehova o hlohonolofalitse Abrahama le Sara haholo naheng ea Kanana le hore ba na le mora ea bitsoang Isaka, eo e neng e tla ba mojalefa oa lintho tsohle tsa Abrahama. Abrahama o ne a romme mohlanka oa hae hore a etse ntho ea bohlokoa haholo, ea hore a batlele Isaka mosali ho beng ka eena motseng oa Harane.—Genese 24:34-38.

Abrahama o ile a re Eliezere a etse kano ea hore a ke ke a khethela Isaka mosali har’a Bakanana. Hobane’ng? Hobane Bakanana ba ne ba sa rapele Jehova ebile ba sa mo hlomphe. Abrahama o ne a tseba hore qetellong Jehova o tl’o otla sechaba seo ka lebaka la liketso tsa sona tse khopo. O ne a sa batle hore mora oa hae eo a mo ratang e be karolo ea batho bao ba mekhoa e mebe. Hape o ne a tseba hore mor’a hae o tla phetha karolo ea bohlokoa ho phethahetseng litšepiso tsa Molimo.—Genese 15:16; 17:19; 24:2-4.

Eliezere o ile a phetela ba habo Rebeka hore o ile a rapela Jehova Molimo ha a fihla selibeng se haufi le Harane. A mo kōpa hore a khethele Isaka mosali. Joang? O ile a mo kōpa hore a etse hore ngoanana eo a mo khethetseng Isaka a tl’o kha metsi selibeng. Le hore a mo fe metsi ha a mo kōpa, ’me a se ke a fa eena feela empa a fe le likamele tsa hae. (Genese 24:12-14) Ke mang ea ileng a tla selibeng ’me a etsa lintho tseo kaofela? Ke Rebeka! Nahana feela hore na Rebeka o ne a tla ikutloa joang ha a utloa pale eo Eliezere a ntseng a e bolella batsoali ba hae!

Bethuele le Labane ba ile ba hlolloa ha ba utloa pale ea Eliezere. Ba ile ba re: “Ntho ena e tsoa ho Jehova.” Kahoo ba etsa selekane sa lenyalo joalokaha ho ne ho tloaelehile mehleng eo ’me ba lebeletsa Rebeka bakeng sa Isaka. (Genese 24:50-54) Empa na seo se bolela hore Rebeka o ne a sa lokela ho ntša maikutlo tabeng ee?

Libeke pele ho moo, Eliezere o ile a re ho Abrahama: “Ho thoe’ng haeba mosali eo a ke ke a tla le ’na?” Abrahama a re ho eena: “U tla lokolloa boitlamong boo u bo entseng ho ’na ka kano.” (Genese 24:39, 41) Bethuele le eena o ne a batla hore morali oa hae a ntše maikutlo tabeng ena. Eliezere o ne a thabetse hore ebe o atlehile ho phetha seo mong’a hae a neng a mo rometse sona, hoo letsatsing le hlahlamang a ileng a kōpa ho khutlela Kanana le Rebeka. Empa lelapa labo Rebeka le ne le batla hore a lule bonyane matsatsi a leshome pele a tsamaea. Qetellong ba ile ba rarolla taba ena ka ho re: “A re bitseng moroetsana ’me re utloe se tsoang molomong oa hae.”—Genese 24:57.

Joale Rebeka o ne a lokela ho khetha. O ne a tla khetha’ng? Na o ne a tla etsa hore ntate oa hae le moen’ae ba mo hauhele e le hore a se ke a ea moo a sa tsebeng? Kapa na o ne a utloisisa hore ha a tsamaea o kenya letsoho ho phethahaleng ha liketsahalo tseo ho totobetseng hore li laoloa ke Jehova? Tsela eo a ileng a araba ka eona e ile ea bontša hore na o ikutloa joang. O ile a re: “Ke ikemiselitse ho tsamaea.”—Genese 24:58.

Mantsoe ao a bontša hore o ne a le sebete. Le hoja meetlo ea rōna ea lenyalo e sa tšoane le ea mehleng eo, re ka ithuta ho hongata ho Rebeka. O ne a sa ameha haholo ka lintho tseo a li batlang, empa o ne a amehile ka seo Jehova Molimo a se batlang. Lentsoe la Molimo le na le likeletso tse molemo litabeng tsa ho khetha molekane oa lenyalo le hore na motho e ka ba monna kapa mosali ea molemo joang. (2 Bakorinthe 6:14, 15; Baefese 5:28-33) Re lokela ho etsisa mohlala oa Rebeka ka hore re etse lintho ka tsela eo Molimo a batlang hore re li etse ka eona.

‘MONNA ELOA KE MANG?’

Lelapa labo Rebeka le ile la mo hlohonolofatsa. Ka mor’a moo eena le Debora ea neng a mo hlokomela ha e sa le ngoana hammoho le makhabunyane a mang, ba tsamaea le Eliezere le banna ba hae. (Genese 24:59-61; 35:8) Ba ne ba se ba le hōle le Harane. Ba ile ba tsamaea leeto le le lelele la lik’hilomithara tse 800 leo mohlomong le nkileng libeke tse tharo. E ne e se leeto le bonolo. Le hoja Rebeka a ne a tloaetse ho bona likamele motseng oa habo, o ne a sa tsebe ho li palama. Bibele e re habo Rebeka ba ne ba ruile linku, e ne e se barekisi ba tsamaeang ka likamele. (Genese 29:10) Hangata batho ba ithutang ho palama kamele ba lla ka ho kukuneloa esita leha ba e palame ka nako e khutšoanyane.

Leha ho le joalo, Rebeka o ne a labalabela ho fihla moo a eang, a mamela ka hloko ha Eliezere a ntse a mo qoqela ka Isaka le lelapa labo. Nahana monna-moholo eo a bua le Rebeka ba lutse mollong, ’me a mo bolella ka lintho tseo Jehova a li tšepisitseng motsoalle oa hae Abrahama. Le ka tšepiso ea Molimo ea hore o tla hlahisa peō lelokong la Abrahama e tla tlisetsa batho mahlohonolo. Ak’u nahane le kamoo Rebeka a ileng a hlolloa kateng ha a utloa hore tšepiso eo e ne e tla phethahala ka eena le ka monna oa hae oa ka moso, e leng Isaka.—Genese 22:15-18.

Qetellong, ho ile ha fihla letsatsi leo re buileng ka lona qalong ea sehlooho sena. Ha ba kena naheng ea Negebe letsatsi le ne le se le likela ’me Rebeka a bona monna a ntse a tsamaea tšimong. Ho ne ho bonahala eka o ntse a nahana. Bibele e re: ‘A theoha kameleng’ mohlomong le pele e khumama, eaba o re ho monna-moholo: “Monna eloa ea tsamaeang tšimong ho tla re khahlanyetsa ke mang?” Ha a utloa hore ke Isaka, a ikoahela ka lesela hloohong. (Genese 24:62-65) Hobane’ng? O ne a bontša hore o hlompha monna ea tl’o mo nyala. Batho ba ka ’na ba re ho bontša tlhompho ka tsela eo ho tsoile fesheneng. Empa banna le basali ba ka ithuta ho ikokobetsa ho Rebeka, hobane kaofela ha rōna re lokela ho ba le boikokobetso.

Isaka o ne a le lilemo li 40 ’me a ntse a utloile bohloko hobane a ile a hlokahalloa ke ’mè oa hae Sara lilemo tse tharo pele ho moo. Kahoo hoa bonahala hore e ne e le monna ea bonolo. Ruri o ne a hlohonolofetse ka hore a fumane mosali ea khothetseng, ea ratang baeti le ea ikokobelitseng! Isaka o ile a ikutloa joang ka Rebeka? Bibele e re: “A mo rata.”—Genese 24:67; 26:8.

Le hoja Rebeka a phetse mehleng ea khale, oa rateha. Re hlolloa ke tsela eo a neng a le sebete ka eona, a khothetse a bile a ikokobelitse. Kaofela ha rōna re lokela ho bontša tumelo e kang ea hae!

^ ser. 10 Letsatsi le ne le se le liketse. Tlaleho ena ha e bue ka hore Rebeka o ile a qeta lihora tse ngata a le selibeng. Hape ha e bolele hore Rebeka o ile a fihla habo ba se ba robetse kapa hore ho ile ha tla motho ea tl’o sheba hore na o liehisitsoe ke’ng.

^ ser. 15 Tlaleho ena ha e bolele lebitso la Eliezere, empa e ka ’na eaba ke eena ea neng a ronngoe. Ka le leng Abrahama o ile a kōpa Eliezere hore e be mojalefa oa hae haeba a sa be le bana, kahoo Eliezere e ne e le mohlanka e moholo oa Abrahama le eo a mo tšepang haholo. Ka lebaka leo, e tlameha ebe mohlanka eo ho buuoang ka eena mona ke Eliezere.—Genese 15:2; 24:2-4.