Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha Bajuda ba Ile ba Bolaoa ka Sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše? Ke Hobane’ng ha Molimo a sa ka a Thibela Seo?

Ke Hobane’ng ha Bajuda ba Ile ba Bolaoa ka Sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše? Ke Hobane’ng ha Molimo a sa ka a Thibela Seo?

Batho ba bangata ba botsa lipotso tsena hobane ba shoetsoe ke baratuoa ba bona ’me ba batla likarabo le ho tšelisoa. Ba bang ba nka hore ho bolaoa ha Bajuda ka sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše ebile ketso e sōtō ka ho fetisisa, kahoo ba thatafalloa ho lumela ho Molimo.

Maikutlo a fosahetseng ka Molimo le Polao e Sehlōhō ea Bajuda Ntoeng ea II ea Lefatše

Khopolo-taba: Ho fosahetse ho botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella hore Bajuda ba bolaoe ka sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše.

’Nete: Batho ba bang ba nang le tumelo e matla ba kile ba botsa Molimo hore na ke hobane’ng ha a lumella bokhopo. Ka mohlala, moprofeta Habakuke o ile a botsa Molimo a re: “U etsetsa’ng hore ke bone mahlomola, ke bone tšenyeho, le likhoka ke li bone? Kahohle ke lintoa le litsekisano feela?” (Habakuke 1:3, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ho e-na le hore Molimo a khalemele Habakuke, o ile a etsa hore lipotso tseo a li botsitseng li ngoloe ka Bibeleng e le hore bohle ba ka li bala.

Khopolo-taba: Molimo ha a tsotelle ha batho ba hlaheloa ke mahlomola.

’Nete: Molimo o hloile bokhopo le mahlomola ao bo a bakang. (Liproverbia 6:16-19) Mehleng ea Noe, Molimo o ile a “utloa bohloko” ka lebaka la pefo e neng e tletse lefatšeng. (Genese 6:5, 6) Ho ho pelaelo hore Molimo o ile a utloa bohloko haholo ha Bajuda ba ne ba bolaoa ka sehlōhō.—Malakia 3:6.

Khopolo-taba: Ho bolaoa ha Bajuda ka Sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše e ne e le kotlo ea Molimo.

’Nete: Molimo o ile a lumela ha Jerusalema e timetsoa ke Baroma lekholong la pele la lilemo. (Matheu 23:37–24:2) Ka mor’a moo, Molimo ha a ka a nka batho ba morabe o itseng e le ba khethehileng kapa hona ho ba otla. Mahlong a Molimo, “ha ho na phapang pakeng tsa Bajuda le Balichaba.”—Baroma 10:12, Good News Translation.

Khopolo-taba: Haeba Molimo ea matla ’ohle o teng, a ka be a ile a thibela hore Bajuda ba se ke ba bolaoa ka sehlōhō.

’Nete: Le hoja Molimo a sa bake mahlomola, ka linako tse ling o a lumella ka nakoana.—Jakobo 1:13; 5:11.

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella polao e sehlōhō ea Bajuda?

Molimo o lumeletse hore Bajuda ba bolaoe ka sehlōhō ka lebaka le tšoanang le leo a lumeletseng hore batho bohle ba be mahlomoleng: ho rarolla tseko e ileng ea hlahisoa khale. Bibele e bolela ka ho hlaka hore hona joale ke Diabolose ea laolang lefatše, eseng Molimo. (Luka 4:1, 2, 6; Johanne 12:31) Le hoja sehlooho se amanang le taba ena se hlalosa ka ho feletseng hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola, ho na le lintlha tse peli tsa motheo ka Bibeleng tse re thusang ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse polao e sehlōhō ea Bajuda.

  1. Ke’ng se entseng hore Bajuda ba bolaoe ka sehlōhō? Molimo o ile a bolella batho ba pele, e leng Adama le Eva hore na o lebeletse’ng ho bona, empa ha aa ka a ba qobella hore ba mo mamele. Ba ile ba khetha ho iketsetsa qeto ea hore na se setle le se sebe ke sefe, ’me eo e ne e le qeto e fosahetseng e tšoanang le eo batho ho theosa le histori ba ’nileng ba e etsa, e leng se tliselitseng batho masisa-pelo. (Genese 2:17; 3:6; Baroma 5:12) Buka ea Statement of Principles of Conservative Judaism e re: “Mahlomola a mangata lefatšeng a bakoa ke hore re sebelisa hampe bolokolohi ba rōna ba ho ikhethela.” Ho e-na le hore Molimo a re amohe bolokolohi ba ho ikhethela, o file batho nako ea hore ba ipuse.

  2. Molimo o tla etsolla tšenyo eohle e bakiloeng ke ho bolaoa ha Bajuda ka sehlōhō. Molimo o tšepisa ho tsosa batho ba limilione ba shoeleng, ho akarelletsa le Bajuda ba ileng ba bolaoa ka sehlōhō. Hape o tla felisa bohloko boo batho ba phonyohileng polao e sehlōhō ea Bajuda ba bo utloang ha ba hopola ketsahalo eo e sehlōhō. (Esaia 65:17; Liketso 24:15) Lerato leo Molimo a ratang batho ka lōna le re tiisetsa hore o tla phethahatsa litšepiso tsena.—Johanne 3:16.

Batho ba bangata ba phonyohileng polao e sehlōhō ea Bajuda ba ile ba khona ho lula ba e-na le tumelo ’me ba fumana morero bophelong ka ho utloisisa lebaka leo Molimo a lumeletseng bokhopo le kamoo a rerang ho etsolla bohloko boo bo bo bakileng.