Fetela boitsebisong

Na Molimo ke Eena ea re Bakelang Mahlomola?

Na Molimo ke Eena ea re Bakelang Mahlomola?

Karabo ea Bibele

Bibele e latola seo bosehla! Jehova Molimo o ne a sa rera hore batho ba be mahlomoleng. Leha ho le joalo, batho ba babeli ba pele ba ile ba fetohela puso ea Molimo, ba khetha ho ipehela melao ea botle le bobe. Ba ile ba furalla Molimo ʼme ba kotula litholoana tsa teng.

Kajeno re utloa liphello tsa khetho ea bona e mpe. Empa ho hang Molimo ha aa ka a qapa mahlomola a batho.

Bibele e re: “Ha a le tlas’a teko, ho se ke ha e-ba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Mahlomola a ka hlahela motho leha e le ofe—esita le bao Molimo a ba ratang.