Fetela boitsebisong

Linomoro li Bolela’ng ka Bibeleng? Na ho Hlalosa se Boleloang ke Linomoro Tse Itseng ho Thehiloe Bibeleng?

Linomoro li Bolela’ng ka Bibeleng? Na ho Hlalosa se Boleloang ke Linomoro Tse Itseng ho Thehiloe Bibeleng?

Karabo ea Bibele

Hangata ka Bibeleng linomoro li nkoa ka tsela ea sebele, empa ka linako tse ling li sebelisetsoa ho tšoantšetsa ntho e itseng. Moelelo oa taba e ngotsoeng o atisa ho bontša hore na nomoro e itseng e sebelisitsoe e le tšoantšetso kapa che. Nahana ka mehlala ena ea moo linomoro li sebelisitsoeng ka tsela ea tšoantšetso ka Bibeleng:

  • 1 Bonngoe. Ka mohlala, Jesu o ile a rapela Molimo ’me a kōpa hore balateli ba hae ‘ba be bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena.’​—Johanne 17:21; Matheu 19:6.

  • 2 Nyeoeng, lipaki tse peli li tiisa bonnete ba taba e itseng. (Deuteronoma 17:6) Ka ho tšoanang, ho pheta-phetoa ha taba ho tiisa hore e nepahetse ’me ke ’nete. Ka mohlala, ha Josefa a ne a hlalosetsa Faro oa Egepeta toro eo a bileng le eona, o ile a re: “Hore ebe toro e phetiloe habeli ho Faro ho bolela hore ntho ena e tiisitsoe ka thata ke Molimo oa ’nete.” (Genese 41:32) Boprofeteng, “linaka tse peli” li emela puso e kopanetsoeng, joalokaha moprofeta Daniele a ile a bolelloa ka ’Muso oa Medo-Persia.​—Daniele 8:​20, 21; Tšenolo 13:11.

  • 3 Feela joalokaha lipaki tse tharo li ne li tiisa bonnete ba taba, ha taba e phetoa ka makhetlo a mararo e tiisa bonnete ba eona kapa e ea e hatisa.​—Ezekiele 21:27; Liketso 10:9-16; Tšenolo 4:8; 8:13.

  • 4 Palo ena e ka emela ho phethahala tseleng eo ntho e entsoeng ka eona kapa e sebetsang ka eona, joaloka polelong e reng “likhutlong tse ’nè tsa lefatše.”​—Tšenolo 7:1; Esaia 11:12; Tšenolo 21:16.

  • Kaha e ka tlaase ho supa ka palo e le ’ngoe, eo hangata e emelang ntho e feletseng, palo ena e ka emela ntho e sa fellang kapa e sa phethahalang kapa ea amahanngoa le lira tsa Molimo.​—1 Likronike 20:6; Daniele 3:1; Tšenolo 13:18.

  • 7 Hangata palo ena e tšoantšetsa ntho e feletseng. Ka mohlala, Molimo o ile a laela Baiseraele hore ba pote marako a Jeriko ka matsatsi a supileng a latellanang ’me ka letsatsi la bosupa ba a pote ka makhetlo a supileng. (Joshua 6:​15) Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ea kamoo palo ea supa e ileng ea sebelisoa kateng. (Levitike 4:6; 25:8; 26:18; Pesaleme ea 119:164; Tšenolo 1:20; 13:1; 17:10) Ha Jesu a ne a re ho Petrose o lokela ho tšoarela mor’abo “eseng, Ho fihlela makhetlong a supileng, empa, Ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng,” ho pheta-pheta “supileng” ho ne ho fana ka maikutlo a “ho se khaotse.”​—Matheu 18:21, 22.

  • 10 Palo ena e ka emela ho fella ha ntho e itseng kapa kakaretso ea eona.​—Exoda 34:28; Luka 19:13; Tšenolo 2:10.

  • 12 Ho bonahala palo ena e emela tokisetso ea Molimo e phethahetseng. Ka mohlala, pono ea leholimo eo Johanne a ileng a e bontšoa, e ne e akarelletsa motse o nang le “majoe a motheo a leshome le metso e ’meli, ’me ho ’ona ho ne ho e-na le mabitso a leshome le metso e ’meli a baapostola.” (Tšenolo 21:14; Genese 49:28) Lipalo tse ling tse atisitsoeng ka 12 le tsona li ka bolela se tšoanang.​—Tšenolo 4:4; 7:4-8.

  • 40 Boholo ba likahlolo kapa likotlo tse itseng li ne li amahanngoa le palo ea 40.​—Genese 7:4; Ezekiele 29:11, 12.

Lipalo

Ho sebelisoa ha lipalo ka tsela ea tšoantšetso ka Bibeleng, ho fapane le tsela eo li sebelisoang ka eona ke linohe tse sebetsang ka lipalo. Ka mohlala, Liithuti tsa Bajuda li hlahlobile Mangolo a Seheberu li sebelisa mokhoa o bitsoang gematria, e leng mokhoa oa ho batla li-code tse patehileng litlhakung tse tsamaisanang le lipalo. Ho hlalosa se boleloang ke linomoro tse itseng ke mofuta oa bonohe oo Molimo a o nyatsang.​—Deuteronoma 18:10-12.