Ikemisetse ho Bala le ho Ruta

Bukana ena e etseditswe ho o thusa ho matlafatsa bokgoni ba hao ba ho bala le ho ruta.

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Re ruta molaetsa wa bohlokwa ka ho fetisisa o fuweng batho.

THUTO YA 1

Mantswe a Susumetsang

Mantswe a susumetsang a qalang puo ya hao a akarelletsa dintlha tsena tse tharo.

THUTO YA 2

Mokgwa wa ho Qoqa

Mokgwa wa ho qoqa o bolela hore o bua ka tsela e tlwaelehileng le e tla thusa bamamedi hore ba fumane molaetsa.

THUTO YA 3

Sebedisa Dipotso

Botsa dipotso tse tla etsa hore motho a nahane mme a batle ho tseba dikarabo, bontsha bohlokwa ba sehlooho hape o hatise dintlha tsa bohlokwa.

THUTO YA 4

Buella Mangolo Hantle

Pele o bala lengolo, hlalosetsa bamamedi hore na ke hobaneng ha o tlo bala lengolo leo.

THUTO YA 5

Bala Hantle

Ho bala hantle ke ntho e ka sehloohong e ka o thusang hore o tsebe Jehova.

THUTO YA 6

Hlakisa Mangolo

Thusa bamamedi ba hao hore ba bone hore na lengolo le tsamaisana jwang le ntlha eo o buang ka yona.

THUTO YA 7

Dintlha Tse Nepahetseng

Dintlha tse nepahetseng di thusa hore bamamedi ba hao ba sebedise seo ba ithutileng sona.

THUTO YA 8

Sebedisa Mehlala

Sebedisa mehlala e bonolo e le hore o rute bamamedi ba hao dintlha tsa bohlokwa.

THUTO YA 9

Sebedisa Ditshwantsho

Ditshwantsho di ka etsa hore batho ba tshwarelle seo o se rutang.

THUTO YA 10

Fetofetola Modumo wa Lentswe

fetofetola modumo wa lentswe, botebo le lebelo e le hore o fetise molaetsa ka tsela e tla ama bamamedi ba hao.

THUTO YA 11

Mafolofolo

Mofolofolo a bontsha batho hore na o ikutlwa jwang ka seo o se buang ebile a etsa hore batho ba batle ho o mamela.

THUTO YA 12

Kutlwelo Bohloko

Bua ka tsela e bontshang hore o rata bamamedi ba hao ebile o a ba kgathalla.

THUTO YA 13

Hlakisa Dintlha

Thusa bamamedi ba hao ho utlwisisa hore na sehlooho sa puo ya hao se ba ama jwang le hore na ba ka sebedisa seo ba ithutileng sona jwang.

THUTO YA 14

Hatisa Dintlha tsa Bohlokwa

Thusa bamamedi ba hao hore ba tsamaisane le wena ha o ntse o fana ka puo, ba hlakisetse hore na ntlha ka nngwe e amana jwang le sehlooho sa hao.

THUTO YA 15

Bontsha Kgodiseho

Bua ka kgodiseho. Bontsha hore o dumela seo o se buang.

THUTO YA 16

Eba ya Kgothatsang

Eba ya kgothatsang ho ena le hore o shebe diphoso tsa ba bang. Bontsha bamamedi ba hao nnete e thabisang e ka Lentsweng la Modimo.

THUTO YA 17

Dintlha di Hlakile

Thusa bamamedi hore ba utlwisise molaetsa wa hao. Hlakisa dintlha tsa bohlokwa.

THUTO YA 18

Puo e Rutang

Etsa hore bamamedi ba hao ba nahane ka taba eo o e buang le hore ba ithute dintlha tsa bohlokwa.

THUTO YA 19

Leka ho Ama Dipelo

Kgothalletsa bamamedi ho rata Modimo le Lentswe la hae, Bibele.

THUTO YA 20

Qetella ka se Tla Ama Maikutlo

Ho qetella ka se tla ama maikutlo ho thusa bamamedi ba amohele le ho sebedisa seo ba ithutang sona.

Tlaleho ya Hore o Sebeditse Jwang

Tlaleha hore o sebeditse jwang ha o ntse o ntlafatsa tsela eo o rutang le ho bala ka yona.

O ka Nna wa Rata le Tsena

LETOTO LA DIVIDEO

Ikemisetse ho Bala le ho Ruta—Divideo

Eba le bokgoni ba ho bala le ho ruta ha o le hara batho ba bangata.