Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 1

Mantswe a Susumetsang

Mantswe a Susumetsang

Liketso 17:22

KAKARETSO: Mantswe a qalang puo ya hao a lokela ho susumetsa, a hlalose sehlooho sa hao a be a bontshe bamamedi bohlokwa ba puo ya hao.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Etsa hore batho ba batle ho o mamela. Kgetha potso, polelo, pale ya bophelo kapa ntho eo o e utlwileng ditabeng, e ka etsang hore bamamedi ba batle ho o mamela.

  • Hlalosa sehlooho sa hao. Etsa bonnete ba hore mantswe a qalang puo ya hao, a etsa hore bamamedi ba hlakelwe ke sehlooho le morero wa puo ya hao.

  • Bontsha bohlokwa ba puo ya hao. Etsa hore seo o se buang se dumellane le ditlhoko tsa bamamedi ba hao. Ba lokela ho utlwisisa hantle hore na puo eo e ka ba thusa jwang e le batho ka bo mong.