Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho mamela batswadi ba hao ho tshwana le ha o patala sekoloto bankeng, ha o bontsha hore o a tshepahala le bona ba tla o tshepa

BATJHA

10: Botshepehi

10: Botshepehi

BO BOLELANG?

Haeba motho a tshepahala, ho ba bonolo hore batswadi, metswalle le batho ba mo hirileng ba mo tshepe, ka ha o mamela melao, o phethahatsa ditshepiso ebile o dula a bua nnete.

KE HOBANENG HA E LE BA BOHLOKWA?

Hangata motho ya tshepahalang o fumana menyetla e mengata ya ho etsa dintho.

“E le hore batswadi ba hao ba o tshepe, o lokela ho ba bontsha hore o hodile ebile o kgona ho jara boikarabelo, eseng ha o na le bona feela empa le ha ba le siyo.”—Sarahi.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Le nne le leke seo le leng sona.”—2 Bakorinthe 13:5.

SEO O KA SE ETSANG

Haeba o batla hore batho ba o tshepe haholwanyane kapa ba o tshepe hape, mehato e latelang e ka o thusa.

Bua nnete. Haeba o batla hore batho ba se ke ba o tshepa, bua leshano! Ka lehlakoreng le leng, haeba o bua nnete le ka dintho tse ka o hlabisang dihlong, batho ba tla o tshepa.

“Ho bonolo ho bua nnete haeba dintho di o tsamaela hantle. Empa haeba o bua nnete le ka dintho tse ka etsang hore ho bonahale e ka o motho ya mobe, batho ba tla o tshepa le ho feta.”—Caiman.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Re lakatsa ho itshwara ka botshepehi dinthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

Tshepahala. E nngwe ya dipatlisiso tse entsweng U.S. e bontsha hore botshepehi ke “e nngwe ya dintho tse tharo tsa bohlokwa tseo motho a lokelang ho ba le tsona pele a hirwa.” Ho ithuta ho tshepahala hona jwale ho tla o thusa le ha o se o hodile.

“Batswadi ba ka ba a hlokomela hore ke jara boikarabelo ha ke etsa mesebetsi ya lapeng ntle le hore ba nhopotse. Ba ntshepa le ho feta ha ke tswelapele ho etsa jwalo.”—Sarah.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ke tshepile hore o tla dumellana le sena, ke tseba hore o tla be o etse ho fetang dintho tseo ke di bolelang.”—Filemone 21.

Eba le mamello. Ho fapana le ho hola mmeleng hoo batho ba ho bonang, ho nka nako hore batho ba bone ha motho a se a hodile kelellong le maikutlong.

“O ke ke wa lebella hore batswadi le batho ba bang ba o tshepe, hobane feela o kile wa etsa ntho e le nngwe e bontshang hore o na le boikarabelo. Empa ba tla o tshepa haeba o tswelapela ho bontsha hore o na le boikarabelo.”—Brandon.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Le ikapese . . . tiisetso.”—Bakolose 3:12.