Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho tshwarelana ho ka kokobetsa bohale bo tukang

BANYALANI

4: Ho Tshwarela

4: Ho Tshwarela

HO BOLELANG?

Ho tshwarela ho bolela hore o lebala ka ntho e o kgopisitseng ebile ha o tshware motho ya o kgopisitseng ka pelo. Ho tshwarela ha ho bolele hore o nyenyefatsa phoso kapa o iphapanyetsa yona.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi haeba le ha e le mang a ena le sesosa sa pelaelo kgahlanong le e mong.”—Bakolose 3:13.

“Ha o rata motho ha o amehe ka diphoso tsa hae, ho ena le hoo, o ameha ka dintho tse ntle tseo a lekang ho di etsa.”—Aaron.

KE HOBANENG HA SEE E LE SA BOHLOKWA?

Haeba o tshwara motho ka pelo o ka lemala mmeleng le maikutlong, o ka boela wa senya le lenyalo la hao.

“Ka nako e nngwe monna wa ka o ile a kopa tshwarelo ka mora hore a etse ntho e neng e nkutlwisitse bohloko haholo. Ho ne ho le thata ho re ke mo tshwarele. Ke ile ka qetella ke mo tshwaretse, le hoja ke itshola hore e be ke nkile nako pele ke etsa seo. Taba ena e ile ya baka dikgohlano ho sa hlokahale.”—Julia.

SEO O KA SE ETSANG

ITLHAHLOBE

Nakong e tlang ha o utlwisitswe bohloko ke ntho eo molekane wa hao a e buileng kapa a e entseng, ipotse:

  • ‘Na ke sefela pelwana?’

  • ‘Na o nkutlwisitse bohloko hoo ke hlokang hore a tlo kopa tshwarelo kapa ke ntho eo nka lebalang ka yona?’

BUISANA LE MOLEKANE WA HAO

  • Re nka nako e kae pele re tshwarelana?

  • Re ka etsang e le hore re tshwarelane kapele?

DINTHO TSE KA O THUSANG

  • O se ke wa nahanela molekane wa hao dintho tse mpe hobane feela a entse phoso.

  • Leka ho tshwarela molekane wa hao mme o hopole hore “kaofela re kgoptjwa hangata.”—Jakobo 3:2.

“Ho bonolo ho tshwarelana ha phoso e le ya lona le le babedi empa ha ho bonahala e le ya a le mong, ho thatanyana. Ho tshwarela ho hloka boikokobetso.”—Kimberly.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Lokisa ditaba kapele.”—Matheu 5:25.

Haeba o tshwara motho ka pelo o ka lemala mmeleng le maikutlong, o ka boela wa senya le lenyalo la hao