Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O behela bana ba hao mohlala o jwang?

BATSWADI

8: Mohlala

8: Mohlala

SEO SE BOLELANG?

Batswadi ba behang mohlala ke ba phelelang seo ba se rutang bana ba bona. Ka mohlala, haeba ho na le motho ya tlileng ho wena mme o sa batle ho bua le yena, ebe o bolella ngwana wa hao hore a mo jwetse hore ha o yo empa o le teng, o ke ke wa lebella hore a ithute ho bua nnete haeba wena o bua leshano.

“Hangata batho ba tlwaetse ho re ‘Etsa seo ke o bolellang sona eseng seo ke se etsang.’ Empa seo ha se sebetse baneng. Feela jwalo ka ha sepontjhe se monya ntho e nngwe le e nngwe, bana le bona ba etsa sohle seo re se buang le seo re se etsang mme ba tla re bolella haeba re sa phelele seo re ba rutang sona.”—David.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Wena ya bolelang hore ‘O se ke wa utswa,’ na wa utswa?”—Baroma 2:21.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Hangata bana ba rata ho etsisa batswadi ba bona ho feta ho etsisa dithaka tsa bona. Seo se bolela hore o ka kgona ho tataisa ngwana wa hao, hafeela o etsa seo o se buang.

“O ka bua le bana ka makgetlo a mangata hoo o ka bang wa ipotsa hore na ba a utlwa, empa bana ba ithuta mohlaleng wa hao ho feta ho seo o se buang. Ba sheba ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang le haeba re nahana hore ha ba a re sheba.”—Nicole.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Bohlale bo tswang hodimo . . . ha bo na boikaketsi.”—Jakobo 3:17.

SEO O KA SE ETSANG

Hlahloba tsela eo o etsang dintho ka yona. O shebella dintho tse jwang? O tshwara molekane le bana ba hao jwang? O na le metswalle e jwang? Na o nahanela batho ba bang? Ka mantswe a mang, na o etsa seo o se rutang bana ba hao?

“Nna le monna wa ka ha re a lebella hore bana ba rona ba etse dintho tseo re sa di etseng.”—Christine.

Kopa tshwarelo ha o entse diphoso. Bana ba hao ba a tseba hore o etsa diphoso. Ha o kopa tshwarelo ho molekane le ho bana ba hao, o ba behela mohlala o motle wa ho tshepahala le ho ikokobetsa.

“Bana ba rona ba lokela ho utlwa ha re kopa tshwarelo. Haeba re sa etse jwalo, ba ke ke ba ithuta ho kopa tshwarelo ha ba entse diphoso.”—Robin.

“Jwalo ka batswadi re na le monyetla o motle wa ho ruta bana ba rona hobane ba bona seo re se etsang ka dinako tsohle. Re jwalo ka buka e dulang e butswe, eo ba ithutang yona kamehla.”—Wendell.