Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo Batsoali ba Bang ba se Buang

Seo Batsoali ba Bang ba se Buang

Seo Batsoali ba Bang ba se Buang

Haeba u motsoali ea nang le ngoana ea e-s’o kene sekolo, mohlomong u tobana le mathata. Ka mohlala, u ka etsa’ng ha ngoana a ithaburanya? U ka ruta ngoana se nepahetseng le se fosahetseng joang, le ho mo khalemela ka tsela e loketseng? Hlokomela kamoo batsoali ba bang ba rarolotseng mathata ao kateng.

HA NGOANA A ITHABURANYA

“Ha ngoana a le lilemo li peli, o lebella hore a fuoe seo a se batlang. Mora oa rōna o ne a e-na le bothata boo. Haeba a sa fuoe seo a se batlang, o ne a tjeba lintho. Re ne re qala ho ba le ngoana, kahoo re se na phihlelo ea hore na re lokela ho etsa’ng ha ngoana a ithaburanya. Re ne re sa ikutloe re imolohile leha batsoali ba bang ba re bolella hore ke ntho eo re lokelang ho e lebella baneng ba lilemong tseo.”—Susan oa Kenya.

“Ha morali oa rōna a le lilemo li peli, o ne a ipitika fatše a lle a hoelelitse a bile a ntse a raha-raha . . . Ho ne ho halefisa! Ho ne ho sa thuse ho leka ho buisana le eena ka nako eo. Kahoo, ’na le monna oa ka re ne re mo isa kamoreng ea hae ebe re mo bolella re khobile matšoafo hore ha a se a ikutloa a kokobetse bohale, o tla tla re tl’o buisana ka taba eo. Ha a se a kokobetse, a le mong oa rōna o ne a ea ho eena ’me a mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha re sa rate tsela eo a neng a itšoere ka eona. Mokhoa ona o ile oa atleha. Ka lekhetlo le leng re ile ra ba ra mo utloa a rapela hore Molimo a mo tšoarele. Ha nako e ntse e ea, o ile a fokotsa ho ithaburanya ’me a qetella a khaolitse.”—Yolanda oa Spain.

“Bana ba leka sena le sane e le hore ba bone hore na ke sefe se ka ba sebeletsang. Ha u lumella ngoana ho etsa ntho eo u neng u e hanetse qalong, ua mo ferekanya. Re eleletsoe hore ha re ema re tiile ho seo re se buileng, butle-butle bana ba rōna baa hlokomela hore ho lla ba hoelelitse hase eona tsela ea ho fumana seo ba se batlang.”—Neil oa Brithani.

HO MO KHALEMELA

“Ha ngoana a le ka tlaase ho lilemo tse hlano, ho thata ho tseba hore na oa mamela kapa che. Ke habohlokoa ho pheta-pheta. U lokela ho pheta-pheta seo u se buang ka makhetlo a mangata, u sebelise boitšisinyo ba ’mele ’me u bue u tiile.”—Serge oa Fora.

“Le hoja bana ba rōna ba bane ba hōlisitsoe ka tsela e tšoanang, ha ba tšoane. E mong o ne a ka lla hobane feela a tseba hore u re phoqile; e mong a leka sena le sane ho bona se ka mo sebeletsang. Maemong a mang ho ba sheba re tiisitse lifahleho kapa ho bua ka thata ho ne ho lekane, ha ka linako tse ling re ne re lokela ho fana ka kotlo e itseng.”—Nathan oa Canada.

“Ke habohlokoa hore batsoali ba se ke ba koenehela seo ba se buileng. Empa ka nako e tšoanang ha baa lokela ho ba ba tsitlellang maikutlong a bona kapa ba sa tenyetseheng. Ka linako tse ling, ha ngoana a soabile e le kannete, re nahana hore ke habohlokoa ho ba le kahlolo e molemo le ho bebofatsa khalemelo.”—Matthieu oa Fora.

“Ke leka hore ke se ke ka beha melao e mengata, empa e ’maloa eo ke e behileng ha e fetohe. Mora oa ka ea lilemo li tharo o tseba se tla mo etsahalla haeba a sa mamele, ’me seo se mo thusa hore a itšoare hantle. Ke ’nete hore ha ke khathetse ho ka ba bonolo hore ke iphapanyetse lintho tse fosahetseng tseo a li etsang. Empa ka lebaka la ho batla ho ema ke tiile ho seo ke se buileng, ke iqobella ho nka khato. Ke habohlokoa hore u se ke ua koenehela seo u se buileng!”—Natalie oa Canada.

HO EMA LENTSOENG LA HAO

“Likelello tsa bana ba banyenyane li hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motsoali a sa e etseng kamehla.”—Milton oa Bolivia.

“Ka linako tse ling mora oa rōna a ka re botsa ntho e le ’ngoe ka litsela tse fapaneng e le ha a leka ho bona hore na re tla mo araba ka tsela e tšoanang. Haeba ke bua ntho e itseng ebe ’mè oa hae o bua ntho e ’ngoe e fapaneng, o nka seo e le monyetla.”—Ángel oa Spain.

“Ka linako tse ling ha ke thabile ke ne ke iphapanya ha mora oa ka a etsa lintho tse fosahetseng empa ha ke koatile ke mo khalemela ka ho hloka kutloelo-bohloko. Ke ile ka elelloa hore sena se ne se mpefatsa boemo.”—Gyeong-ok oa Korea.

“Ke habohlokoa hore bana ba tsebe hore ha boitšoaro bo itseng bo fosahetse kajeno, bo tla lula bo fosahetse.”—Antonio oa Brazil.

“Haeba batsoali ba sa etse ntho e tšoanang kamehla, bana ba tla nka hore ha baa tsitsa le hore ba etsa liqeto ho ea ka hore na ba ikutloa joang. Empa ha batsoali ba khomarela melao eo ba e behileng, bana ba tla tseba hore se fosahetseng se tla lula se fosahetse. Ena ke tsela eo ka eona batsoali ba bontšang bana lerato le ho ba fa tšireletseho.”—Gilmar oa Brazil.

“Bana ba ka nka monyetla ka maemo ao ho ’ona batsoali ba bonahalang eka ba ka lumela habonolo seo ba se kōpang—a kang ha ho e-na le baeti. Haeba ke ile ka hanela mora oa ka ka ntho e itseng li sa tloha, ke etsa hore a hlakeloe hore nke ke ka mo mamela le ha a ka mphehella.”—Chang-seok oa Korea.

“Ho hlokahala hore batsoali ba lumellane. Ha ’na le mosali oa ka re sa lumellane ka ntho e itseng, re buisana ka eona moo re leng babeli. Bana ba khona ho lemoha ha batsoali ba sa lumellane tabeng e itseng, ’me ba tla leka ho nka monyetla ka boemo boo.”—Jesús oa Spain.

“Ngoana o ba le botsitso ha a tseba hore batsoali ba hae ba momahane le hore a ke ke a ba qhekella. O tseba se tla mo etsahalla ha a mamela kapa a sa mamele.”—Damaris oa Jeremane.

“’Na le mosali oa ka rea tseba hore ho emela seo re se buileng ho akarelletsa hore ha re tšepisitse morali oa rōna ho mo etsetsa ntho e itseng e ntle, re phethahatse tšepiso ea rōna. Ka tsela ena o ithuta hore a ka tšepa litšepiso tsa rōna.”—Hendrick oa Jeremane.

“Ke ne ke tla halefa haeba mohiri oa ka a ne a lula a fetola seo a lebeletseng hore ke se etse mosebetsing. Bana le bona ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Ba ikutloa ba sireletsehile ha ba tseba melao le ha ba tseba hore e ke ke ea fetoha. Ba boetse ba lokela ho tseba liphello tsa ho se mamele le hore li ke ke tsa fetoha.”—Glenn oa Canada.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

E ea lōna e ke e bolele E, ’me Che ea lōna, Che.”—Jakobo 5:12

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]

PALE EA LELAPA LE LENG

Ho Ima e se ka Morero—Kamoo re Ileng ra Sebetsana le Boemo Boo

Joalokaha ho boletse Tom le Yoonhee Han

Tom o re: Re ne re qetile likhoeli tse tšeletseng feela re nyalane ha mosali oa ka Yoonhee, a fumana hore o imme. Ka ntle ke ne ke bonahala ke khobile matšoafo, hobane ke ne ke batla hore Yoonhee a kholisehe hore a ka itšetleha ka ’na ha a hloka matšeliso le khothatso. Empa ka hare, ke ne ke tšohile!

Yoonhee o re: Ke ne ke ferekane—’me ke tšohile! Ke ne ke lula ke lla; ke nahana hore ha ke e-s’o lokele ho ba ’mè ebile nke ke ka khona ho ba eena.

Tom o re: Ke ne ke nka hore ha ke e-s’o lokele ho ba ntate! Empa ka mor’a hore re buisane le batsoali ba bang, re ile ra elelloa hore ho ima e se ka morero, ke ntho e tloaelehileng haholo ho feta kamoo re neng re nahana. Hape, ho ile ha re thusa hore re utloe seo batsoali ba bang ba se buang ka thabo e tlisoang ke ho ba ’mè kapa ntate. Butle-butle, ha rea ka ra hlola re tšoha le ho ferekana, ho e-na le hoo re ile re qala ho lebella ho ba batsoali.

Yoonhee o re: Ha Amanda a qeta ho hlaha, re ile ra tobana le mathata a mangata. O ne a lla a sa khaotse, ’me ke qeta libeke ke sa khone ho robala. Ke ne ke se na takatso ea lijo, ’me kahoo ke e-na le mokhathala o mongata. Qalong, ke ne ke sa batle ho ba har’a batho. Empa ka elelloa hore ho lula ke le mong lapeng ho ke ke ha nthusa ka letho. Kahoo ho qeta nako le batsoetse ba bang ho ne ho nthusa. Seo se ne se mpha monyetla oa hore ke buisane le bona ka boemo ba ka, ’me se nthusa le ho elelloa hore ha se ’na feela ea tobaneng le mathata.

Tom o re: Ke ne ke leka ka matla ho boloka kemiso ea lelapa la rōna e tsitsitse. Ka mohlala, joaloka Lipaki Tsa Jehova, ’na le Yoonhee re ne re ikemiselitse ho kopanela kamehla boboleling ba litaba tse molemo le libokeng tsa Bokreste. Hape, ho ba le ngoana ho baka litšenyehelo tse sa lebelloang. Re ne re netefatsa hore re phela ka seo re nang le sona e le hore re qobe ho kena likolotong, hobane li ne li tla re bakela khatello e eketsehileng.

Yoonhee o re: Qalong ke ne ke nahana hore ho tla ba thata hore ke ee mosebetsing oa boboleli, kaha bana baa sokolisa. Empa ha e le hantle, batho ba rata bana. Ho lemoha seo ho ile ha nthusa hore ke lule ke le mafolofolo boboleling le hore ke be le boikutlo bo nepahetseng ka ngoana oa ka.

Tom o re: Bibele e re bana “ke lefa le tsoang ho Jehova” le “moputso.” (Pesaleme ea 127:3) Mantsoe ana a mpontša hore ngoana ke mpho ea bohlokoa. Joaloka tabeng ea ha u e-na le lefa, u na le khetho: U ka le boloka ka bohlale, kapa oa le hafa. Kea hlokomela hore mohato ka mong oa khōlo ea ngoana oa ikhetha, kahoo ke lokela ho thusa morali oa ka mohatong ka mong, hobane haeba monyetla oo o ka mpheta, nkeke ka hlola ke o fumana.

Yoonhee o re: Ka linako tse ling, bophelo boa re makatsa, ’me ho ba le ngoana e se ka morero ke e ’ngoe ea limakatso tse thabisang. Hona joale Amanda o lilemo li tšeletseng, ’me ke sitoa ho nahana hore na bophelo bo ka be bo le joang kantle ho eena.

[Setšoantšo]

Tom le Yoonhee hammoho le morali oa bona, Amanda