Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ke Lintho Life Tse Sieo Litšoantšong Tsee?

Balang Liproverbia 18:10 le 26:17. Joale shebang litšoantšo tsena. Ke lintho life tse sieo ho tsona? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase. Qetellang litšoantšo tsena ka ho kopanya matheba a ho tsona, ebe lea li taka.

1. ․․․․․

2. ․․․․․

[Diagrams]

(Sheba sengoliloeng)

SE KA TŠOHLOANG:

U ithuta’ng litemaneng tsee? Na ho tseba lebitso la Molimo ke hona feela ho hlokahalang e le hore a u amohele?

NTLHA E THUSANG: Balang Pesaleme ea 91:2; Liproverbia 3:5, 6.

Ke hobane’ng ha u sa lokela ho itšunya-tšunya litabeng tsa batho ba bang?

NTLHA E THUSANG: Balang Bagalata 6:5-7; 1 Bathesalonika 4:11; 1 Petrose 4:15.

Ka mor’a moo le bale Liproverbia 26:18, 19. Na ho bapala ka motho e mong ke boithabiso feela bo seng kotsi?

NTLHA E THUSANG: Balang Liproverbia 14:13; 15:21; Matheu 7:12.

SE KA ETSOANG KE LELAPA:

Balang Liproverbia 31:10-31 hammoho. Kōpang e mong ka lapeng hore a bontše lintho tse hlalositsoeng moo tseo mosali ea nang le bokhoni a li etsang, empa a sa bue. Ba bang ka lapeng ba leke ho bolela hore na o etsa’ng. Buisanang ka hore na le ka ithuta lintho life e le hore le be le bokhoni.

Li Bokelleng ’me le Ithute

E seheng, le e mene ’me le e boloke

KARETE EA BIBELE 10 SOLOMONE

LIPOTSO

A. Ho e-na le ho rapella maruo kapa ho phela lilemo tse ngata, Solomone o ile a rapella eng?

B. Tlatsa likheo tsena. Solomone o ne a khona ho bua maele a ․․․․․ ’me lipina tsa hae li le ․․․․․.

C. Lebitso le leng la Solomone e ne e le mang?

[Chate]

4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.

Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela

tsa bo-1000 B.C.E. ea Bibele ea ngoloa

[’Mapa]

Mofumahali oa Sheba o ile a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 2 400 ho ea mamela lipolelo tse bohlale tsa Solomone

SHEBA

Jerusalema

SOLOMONE

PALE EA HAE EA BOPHELO

Ke mora oa bobeli oa Davida le Bathe-sheba. Solomone o ile a busa Iseraele ka lilemo tse 40. O ile a hahela borapeli ba Jehova ntlo e khōlō. (1 Marena 5:2-5) Jehova o ile a sebelisa Solomone hore a ngole Liproverbia, Moeklesia le Sefela sa Lifela. Ho ba le litloaelano tse mpe le basali ba lichaba tse ling ho ile ha mo suthisetsa hōle le Jehova.—1 Marena 11:1-6.

LIKARABO

A. Pelo e mamelang.—1 Marena 3:5-14.

B. 3 000, 1 005.—1 Marena 4:29, 32.

C. Jedidia, e bolelang “Ea ratoang oa Jehova.”—2 Samuele 12:24, 25.

Batho ba Libakeng Tse Ling

3. Lebitso la ka ke Chloe. Ke lilemo li robong, ’me ke lula Canada. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Canada? Na li 55 000, 88 000, kapa li 110 000?

4. Ke letheba lefe le bontšang moo ke lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Canada.

A

B

C

D

Bana Batlang Litšoantšo

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

Le ka fumana lihlooho tse ling tsa “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.ps8318.com

● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 24

LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31

1. Tora e matla.

2. Ntja.

3. Tse 110 000.

4. A.