Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sepheo sa Motsoali ke Sefe?

Sepheo sa Motsoali ke Sefe?

Pono ea Bibele

Sepheo sa Motsoali ke Sefe?

LINTHONG tse thathamisitsoeng ka tlaase moo, u ka rata hore ngoana oa hao e be motho oa mofuta ofe ha a se a hōlile?

A. A tšoane le uena hantle.

B. E be lerabele leo morero oa lona e leng ho ba ea fapaneng le uena.

C. E be motho ea nang le boikarabelo, ea etsang liqeto tse bohlale ha a se a hōlile.

Batsoali ba bang ba khethang C ba ka ’na ba etsa lintho ka tsela e bontšang hore ba rata ho khetha A. Ba leka ho qobella bana ba bona ba lilemong tsa bocha hore ba phele ka tsela eo bona joaloka batsoali ba e batlang, mohlomong ka ho ba bolella hore na ba khethe mosebetsi ofe. Phello e ka ba efe? E ka ba hore hang feela ha a fumana tokoloho e itseng a iketsetse se fapaneng. Se makatsang ke hore batsoali ba bangata ba labalabelang ho khetha A ba qetella ba e-na le bana ba hlalosoang khethong ea B.

Lebaka Leo ho Leka ho Laola Bana ka ho Feletseng ho sa Atleheng

U batla hore ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha e be motho ea nang le boikarabelo le ea etsang liqeto tse bohlale ha a se a hōlile. Leha ho le joalo, u ka finyella sepheo seo joang? Kholiseha ka sena: Ho laola mocha ka ho feletseng hase tharollo. Nahana ka mabaka a mabeli.

1. Tsela ea ho mo laola ka ho feletseng ha e lumellane le Mangolo. Jehova Molimo o bōpile batho ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela. O lumella batho hore ba khethe tsela eo ba tla e nka bophelong, ebang ke e ntle kapa ke e mpe. Ka mohlala, ha Kaine a ne a koetletse moen’ae Abele lehloeo le neng le ka etsa hore a mo bolaee, Jehova o ile a re ho eena: “Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng? Empa haeba u sa fetohe hore u etse se molemo, sebe se laletse monyako, ebile sea u lakatsa, na u tla se laola?”—Genese 4:7.

Hlokomela hore le hoja Jehova a ile a fa Kaine temoso e hlakileng ha aa ka a mo qobella hore a e mamele. Kaine o ne a tlameha ho khetha hore na o tla laola bohale ba hae kapa che. Ke eng seo re ithutang sona tabeng ee? Haeba Jehova a sa leke ho laola libōpuoa tsa hae ka ho feletseng e le hore li mo mamele, le uena ha ua lokela ho leka ho etsa joalo ka bana ba hao. *

2. Hangata ho mo laola ka ho feletseng ha ho tlise katleho. Nahana u kopana le morekisi ea leqoophe. Ha a ntse a u phehella haholoanyane hore u reke, le uena u hana ka tieo le ho feta. Le haeba u hloka ntho eo a e rekisang, e ka ’na eaba u tenoa ke mokhoa oo a rekisang ka oona. U batla ho tloha ho eena.

Ho ka etsahala se tšoanang haeba u leka ho qobella ngoana oa hao hore a phele ka melao eo u phelang ka eona, a lumele seo u se lumelang le hore a finyelle lintho tseo u li batlang. Na o tla “reka”? Ha ho bonahale joalo! Ha e le hantle, u ka finyella se fapaneng haeba u etsa joalo ’me ngoana oa hao a ka hloea melao ea hao. Hangata, ha batsoali ba leka ho laola bana ba bona ka ho feletseng, baa hlōleha. Joale ke’ng seo u ka se etsang?

Ho e-na le hore u laole bophelo ba mocha ka ho feletseng ka ho mo qobella hore a phele ka melao eo u e batlang, joalokaha u ile ua etsa ha a ne a le monyenyane, mo thuse ho bona kamoo e leng bohlale kateng hore a etse se nepahetseng. Ka mohlala, haeba u Mokreste, mo bontše kamoo ho phela ka melao-motheo ea Molimo ho ka mo tlisetsang khotsofalo e khōlō bophelong ba hae.—Esaia 48:17, 18.

Beha mohlala ha u ntse u etsa seo. E-ba seo u batlang hore ngoana oa hao a be sona. (1 Bakorinthe 11:1) Hlakisa melao eo u khethang ho phela ka eona. (Liproverbia 4:11) Haeba mocha a hlaolela ho rata Molimo le melao ea hae, o tla etsa liqeto tse bohlale, esita leha u le sieo.—Pesaleme ea 119:97; Bafilipi 2:12.

Mo fe Tsebo ea Bohlokoa

Joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la bobeli la makasine ena, letsatsi le ea tla, ebile mohlomong u bona eka le tla ka potlako, leo ka lona ha ngoana oa hao a se a hōlile “a tla siea ntat’ae le ’m’ae.” (Genese 2:24) Joaloka motsoali u batla ho etsa bonnete ba hore o na le tsebo e hlokahalang e le hore a khone ho ikemela ha a se a hōlile. Nahana ka mesebetsi eo u ka mo thusang hore a e tsebe hona joale, ha a ntse a lula lapeng.

Ho Tseba Mesebetsi ea Lapeng. Na ngoana oa hao o tseba ho pheha? ho hlatsoa le ho aena liaparo tsa hae? ho boloka kamore ea hae e hloekile ebile e hlophisehile? ho hlokomela thepa le ho lokisa lintho tse nyenyane koloing? Ho tseba mesebetsi e joalo ho tla etsa hore ka le leng mora kapa morali oa hao a khone ho tsamaisa lelapa. Moapostola Pauluse o ile a re: “Maemong afe kapa afe ao ke leng ho ’ona, ke ithutile ho khotsofala.”—Bafilipi 4:11.

Ho Tseba ho Phelisana le ba Bang. (Jakobo 3:17) Ngoana oa hao o phelisana le ba bang joang? Na o khona ho rarolla liphapang ka khotso? Na u mo koetliselitse hore a tšoare batho ba bang ka tlhompho le ho rarolla likhohlano ka khotso? (Baefese 4:29, 31, 32) Bibele e re: “Hlomphang batho ba mefuta eohle.”—1 Petrose 2:17.

Ho Sebelisa Chelete. (Luka 14:28) Na u ka thusa ngoana oa hao ho ithutela mosebetsi o itseng, ho sebelisa chelete le ho qoba sekoloto? Na u se u mo koetliselitse ho boloka chelete e le hore a reke lintho tseo a li hlokang, a qobe ho reka lintho tseo a neng a sa ikemisetsa ho li reka le ho khotsofalla lintho tse hlokahalang? (Liproverbia 22:7) Pauluse o ile a ngola, a re: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”—1 Timothea 6:8.

Bacha ba ithutang ho phela ka melao e lokileng le ba ithutileng mesebetsi ea bohlokoa, ruri ba se ba loketse ho ba batho ba baholo. Batsoali ba bona ba finyeletse sepheo sa bona!—Liproverbia 23:24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba Molula-Qhooa oa February 1, 2011 leqepheng la 18-19.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Joaloka motsoali, sepheo sa hao ke sefe?—Baheberu 5:14.

● Boikarabelo ba ngoana oa hao e tla ba bofe ha a se a hōlile?—Joshua 24:15.

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

U ka rata hore ngoana oa hao e be motho oa mofuta ofe?

A tšoane le uena . . . 

E be lerabele . . . 

E be motho e moholo ea nang le boikarabelo