Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Batla ho Tseba ka Bofelo ba Lefatše

Batho ba Batla ho Tseba ka Bofelo ba Lefatše

NA UA tšoha ha u nahana ka bokamoso? Haeba ho joalo, hase uena feela. Ho tloha mehleng ea khale batho ba ’nile ba bolela seo ba neng ba nahana hore se tla etsahala nakong e tlang, ’me ba bangata ba etsa qeto ea hore bokamoso bo lerootho. Taba ea hore lefatše le tla fela e ’nile ea hapa thahasello ea batho ba bangata ka lilemo tse likete.

Ka mohlala, nahana ka lipale tseo e seng tsa sebele tsa morao tjena. Metlae, TV, lifilimi tse makholo le libuka tse likete li bua ka lipale tsa bofelo ba lefatše bo atamelang ka potlako. Ho bonahala eka lintho tse sokelang lefatše li ngata ’me li ikemiselitse ho timetsa batho bohle—tse kang liroboto tse bolaeang, libōpuoa tse tšosang tsa mefuta-futa, libōpuoa tse tsoang lipolaneteng tse ling, lithotsela, lidrakone, litšoene, linonyana, likhoto le bobi bo boholohali. Ha ho bonahale eka ho na le motho ea nkang lipale tse kang tsena e le tsa sebele!

Ke ’nete hore lipale le likhopolo tse ling li tšosa batho ba bang. Beng ba tsona ba bolela hore li lumellana le lipatlisiso tsa bona tsa saense. E ’ngoe ea likhopolo tseo e bolela hore lefatše le tla ritsa ebe le etsa hore ho be le li-tsunami, litšisinyeho tsa lefatše le ho foqoha ha seretse se chesang. Khopolo e ’ngoe eona e bolela hore lipolanete li tla ema ka tatellano ’me seo se etse hore meea e bohale e tsoang letsatsing e be matla ’me e senye lefatše. Ho ntse ho le joalo, e ’ngoe eona e bolela hore ka tšohanyetso lintlha tsa lefatše tse nang le matla a khoheli li tla arohana e leng se ka bakang hore mahlaseli a tsoang letsatsing a re bolaee kaofela. U se ke ua tšoenyeha. Lintho tseo li ke ke tsa  etsahala. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba tsoela pele ho nahana ka tsona.

Ho thoe’ng ka libuka le liwebsaete tse ngata tse bolelang hore lefatše le tla fela ka la 21 December selemong see? Khopolo e ’ngoe eona e bolela hore polanete e inahaneloang e bitsoang Nibiru (kapa Planet X) e haufi le ho thulana le lefatše, ’me seo se tla etsahala ka December 2012. Khopolo ena le tse ling tse se nang bopaki bo li tšehetsang, li thehiloe litlhalosong tsa boholo-holo tse nkiloeng almanakeng ea Maya eo ho ea ka batho ba bang e felang ha letsatsi le kena tlung ka 2012.

Ka lebaka la likoluoa tsena tseo ho thoeng li tla etsahalla lefatše, batho ba bang ba hahile libaka tsa ho itšireletsa ka mor’a matlo a bona, kapa ba sentse lichelete tse ngata ba li haha ka tlas’a matlo a bona. Ba bang bona ba falletse lithabeng moo ba khonang ho iphelela ntle le thuso ea batho ba bang, le hoja ba sa fumane litšebeletso tsa ’muso tse kang metsi kapa motlakase.

Ke ’nete hore ho na le batho ba bang ba sa lumeleng likhopolo tsena. Ha ba lumele khopolo ea hore lefatše le haufi le ho fela. Ka mohlala, borasaense ba mokhatlo oa NASA, ba re: “Ha ho letho le tla etsahalla Lefatše ka 2012. Haesale ho se na letho le tšoenyang lefatše la rōna ka lilemo tse ka holimo ho tse libilione tse ’nè, ’me borasaense ba tšeptjoang lefatšeng ka bophara, ha ba tsebe ho e-na le tlokotsi e tlelang lefatše ka 2012.”

Leha ho le joalo, e tla be e le phoso ho etsa qeto ea hore batho ha baa tobana le tlokotsi kapa hore ke lithoto feela tse lumelang hore bofelo ba lefatše hase tšōmo. Na bofelo ba lefatše bo tla hle bo tle? Haeba ho joalo, bo tla tla joang hona neng?