Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Etela Lirapa Tsa Liphoofolo Kajeno

Ho Etela Lirapa Tsa Liphoofolo Kajeno

LILEMONG tse likete tse tharo tse fetileng, moemphera oa Lechaena o ile a etsa serapa seo a ileng a se bitsa Serapa sa Bohlale. Serapa seo se ne se e-na le liphoofolo tse ngata tseo batho ba neng ba ka li bona, ’me se le boholo ba lihekthere tse 607. Ka nako eo, e tlameha ebe serapa sa mofuta oo se ne se fumaneha ngope se tšoha.

Leha ho le joalo, mehleng ena lirapa tsa liphoofolo li eteloa ke batho ba limilione lefatšeng ka bophara. Buka e bitsoang Zoos in the 21st Century e re: “Lefatšeng lena leo libaka tsa tlhaho li ntseng li fokotseha le moo batho ba bangata ba ntseng ba fallela metseng ea litoropo, lirapa tsa liphoofolo e se e le tsona tseo batho ba ka eang ho tsona ha ba batla ho bona liphoofolo tse hlaha.”

Lintho Tseo U ka li Bonang Serapeng sa Liphoofolo

Lirapa tsa liphoofolo li fa baeti monyetla oa hore ba bone tse ling tsa liphoofolo tse khahlang le tse thahasellisang ka ho fetisisa lefatšeng, li le sebakeng se batlang se tšoana le sa tlhaho. U ka bona lirurubele tse khanyang li ntse li fofa serapeng sa lipalesa kapa li-penguin li ntse li itšela ka lehloa li koaletsoe ka sebakeng se kang sa Antarctic e lehloa.

U ka tsamaea morung o monyenyane o kang oa sebaka se chesang sa equator, ’me ua bona tse ling tsa liphoofolo le linonyana tse lulang morung oo. Kapa mohlomong u ka kena ka phaposing e fifalitsoeng e le hore u bone liphoofolo tseo hangata li bang sehlahlo bosiu. Lirapeng tse ling tsa liphoofolo, u ka ba ua bona ha linonyana tse jang nama  li tsubella sebakeng kapa ua bona ha li-dolphin li etsa menyakoe. Ho e-na le hore liphoofolo tse kotsi li koalloe ka litšepeng, li se li haheloa libaka tse bulehileng ebe ho etsoa foro e etsang hore liphoofolo tseo tse hlaha li be hōle le batho.

Mahlakore a Mabeli a Phehisanang

Batho ba bang ba amehileng ka boiketlo ba liphoofolo, ba tšoaea phoso taba ea hore liphoofolo li nkuoe libakeng tseo li phelang ho tsona ebe li koalloa libakeng tseo e seng tsa tlhaho. Batho bao ba pheha khang ea ho re lirapa tsa liphoofolo li sitisa liphoofolo ho tsamaea li lokolohile le hore li ferekanya tsela ea tsona ea tlhaho.

Ha bahlokomeli ba lirapa tsa liphoofolo ba ikarabella qosong ena, ba ile ba re ba etsa mosebetsi oa bohlokoa oa ho boloka liphoofolo le oa ho ruta batho. Jaime Rull, oa Faunia e Madrid, Spain o ile a hlalosa a re: “Sepheo sa rōna ke ho etsa hore batho ba hlomphe liphoofolo. Re batla hore baeti ba rōna ba be le takatso ea ho thusa ho boloka libaka tseo liphoofolo li phelang ho tsona, kaha ha libaka tseo li senngoa, liphoofolo li ke ke tsa khona ho phela.” Liphuputso tse ling li bontša hore ho etsa lipontšo tsa liphoofolo ho etsa hore batho ba bone bohlokoa ba ho sireletsa mefuta ea liphoofolo e kotsing ea ho fela.

Ho bonahala batho ba bangata ba se ba rata mefuta ea liphoofolo e sa fumaneheng habonolo—e kang panda e khōlōhali. Noelia Benito oa  Serapa sa Liphoofolo sa Madrid o re: “Batho bohle ba etetseng mona ba batla ho bona li-panda tsa rōna tse peli. Mefuta ena ea liphoofolo e tummeng, ke letšoao la rōna la ho loanela ho boloka liphoofolo tse kotsing ea ho fela. Re na le tšepo ea hore li-panda li tla tsoala, le hoja liphoofolo tsena li ikhantša haholo ha ho tluoa tabeng ea hore na li tlōleloa ke life.”

Ho fapana le li-panda, liphoofolo tse ngata li tsoala ka bolokolohi lirapeng tsa liphoofolo, ’me e le ka lebaka la maemo a ntlafalitsoeng a lirapa tsena le tlhokomelo ea lingaka tsa liphoofolo. Mokhoa ona o atlehang oa ho tsoalisa liphoofolo, o thusitse ho araba liqoso tsa batho ba sa batleng hore liphoofolo tse kotsing ea ho fela li rekisetsoe lirapa tsa liphoofolo. Ho e-na le ho boloka liphoofolo hore feela batho ba khone ho li bona, lirapa tse ngata tsa liphoofolo li leka ho tsoalisa liphoofolo tse kotsing ea ho fela, ka tšepo ea hore qetellong li tla boela li khutlisetsoe naheng.

Ntho e ka sehloohong e etsang hore liphoofolo li fele naheng, ke ho senngoa ha libaka tseo li lulang ho tsona. Kahoo, lirapa tsa liphoofolo li tšehetsa ka lichelete matšolo a ho sireletsa tikoloho, le ho sebetsa ka ho toba le libaka tse sireletsang liphoofolo linaheng tse chesang tsa tropike. *

Ho Boha Lintho Tsa Tlhaho

Kaha ka tlhaho bana ba thahasella liphoofolo, ha lelapa lohle le etela serapeng sa liphoofolo nakong ea mafelo-beke kapa ha le le phomolong, batsoali ba ba le monyetla oa hore ba rute bana ba bona ka lintho tseo Molimo a li bōpileng. Ba ka boha lintho tsa tlhaho ba le hammoho.

Ho tloha tšimolohong, haesale batho ba rata liphoofolo haholo. Ke habohlokoa ho thusa bana ba rōna hore ba rate lintho tsa tlhaho, kaha ho li tseba ho etsa hore re tsebe botho ba ’Mōpi. Ho etela serapeng sa liphoofolo ho ka boela ha etsa hore re hlomphe le ho hlokomela libōpuoa tsena tse babatsehang tse lulang polaneteng ea rōna e senyehileng.

Ho tloha holimo ka letsohong le letšehali: serurubele sa tropike, nkoe ea Bengal, panda e khōlōhali, ntsu, sea lion ea California

^ ser. 12 Boiteko ba lirapa tsa liphoofolo ba ho sireletsa nkoe ea Asia, phoofolo e kang tšoene e nyenyane e bitsoang lemur ea Madagascar le litšoene tsa Afrika, bo bonahala bo atlehile.