Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Na o Entsoe?

Mokhoa oo Litlhapi li Sesang ka Oona ka Sehlopha

Mokhoa oo Litlhapi li Sesang ka Oona ka Sehlopha

Selemo le selemo batho ba fetang milione ba shoa likotsing tsa likoloi, ’me ba ka bang limilione tse 50 ba tsoa likotsi. Leha ho le joalo, litlhapi tse limilione li ka sesa e le sehlopha empa li sa thulane. Li etsa see joang, ’me re ka ithuta’ng ho tsona e ka re thusang ho fokotsa ho thulana ha likoloi?

Ak’u nahane: Litlhapi tse sesang ka sehlopha li sebelisa mahlo a tsona le setho sa kutlo se ikhethang se bitsoang lateral line, ho ithuta tikoloho ea tsona. Li sebelisa litho tsena tsa kutlo hore li lemohe moo litlhapi tse ling li leng teng libakeng tse li potolohileng, ebe li etsa se latelang:

  1. Li sesa li bapile. Li sesa ka lebelo le lekanang le la litlhapi tse haufi le tsona hape li siea sebaka se lekaneng lipakeng tsa tsona.
  2. Ho atamelana. Li atamela haufi le litlhapi tse hojana le tsona.
  3. Li qoba ho thulana. Lia thinya e le hore li qobe ho thulana le litlhapi tse ling.

K’hamphani ea Japane e etsang likoloi e ile ea etsa likoloi tsa liroboto tse ’maloa tse nyenyane tse khonang ho tsamaea ka sehlopha empa li sa thulane, e itšetlehile ka tsela eo litlhapi tse sesang ka sehlopha li itšoarang ka eona. Liroboto tsena li sebelisa theknoloji ea mecha ea puisano, ho e-na le mahlo; li sebelisa mahlaseli e le hore li lekanye bohōle bo pakeng tsa lintho tse itseng, ho e-na le ho sebelisa lateral line. K’hamphani ena e lumela hore theknoloji ena e tla e thusa hore e etse likoloi “tse ke keng tsa thulana,” le hore “ho be le tikoloho e sireletsehileng le e se nang sephethephethe.”

Toshiyuki Andou, e leng moenjiniere ea ka sehloohong oa likoloi tsa liroboto o re: “Re khonne ho etsisa mokhoa oo litlhapi li sesang ka oona ka sehlopha re sebelisa lisebelisoa tsa morao tjena tsa elektronike. Kaha re phela lefatšeng leo ho lona ho sebelisoang likoloi haholo, re lokela ho ithuta mokhoeng oo litlhapi li sesang ka oona ka sehlopha.”

U nahana’ng ka see? Na mokhoa oo litlhapi li sesang ka oona ka sehlopha o iketsahaletse feela ka tšohanyetso? Kapa na o entsoe?